Hopola ’Mōpi oa Hao e Moholo Bocheng ba Hao
“BACHA ba sa Khotsofalang: ’Nete ea Bophelo Lichabeng.” Sehlooho sa taba e neng e hlahile ho The Star ea Johannesburg, Afrika Boroa, se ne se baleha joalo. Sehloohoana sa taba eo se ne se baleha tjena: “Kaha joale manane a maholohali a bacha a talimane le maemo a matle a lekanyelitsoeng a ntseng a fokotsoa le ho feta ke ho theoha ha moruo lefatšeng ka bophara, ho se khotsofale ha bacha metseng e hōlang ho se ho fetohile ’nete e pepenene ea bophelo lichabeng. Merusung ea Miami, San Salvador, Managua, Teheran le Cape Town ho ne ho e-na le tšobotsi e le ’ngoe e tšoanang—boemong ka bong ba ho qala ba ileng ba bolaea le ba ileng ba bolaoa e ne e le bacha.”
Hoo ho phatlalalitsoe lilemong tse ka bang leshome tse fetileng, ’me maemo a mpefetse ho tloha ka nako eo. Ke hobane’ng ha ho e-na le ho se khotsofale ho joalo har’a bacha lefatšeng ka bophara? Ho hloka botsitso ho ntseng ho hōla ha tsamaiso ena ea lintho ruri ke lebaka le leng. Ho hloka mosebetsi ho fihlile litekanyong tse sa tloaelehang. ’Me ha bophelo ba lelapa bo ntse bo senyeha ka potlako, ho na le tšireletseho efe bakeng sa bacha? Ha ho makatse hore ba bang ba bona ba iphetetsa lefatšeng leo ba ke keng ba le laola. Na lebaka la see hase hore ba hloka tšepo e tiileng eo ba ka theang bophelo ba bona holim’a eona?
Motho o ne a tla lebella malumeli a lefatše ho fana ka tšepo e joalo. Empa, mocha e mong o ngotse: “Ke ferekane haholo. . . . Ke na le metsoalle e mengata, eo e leng litho tsa malumeli a mangata a fapaneng, ’me e ntse e itšoanela le ’na. Kannete ke ferekane hoo ke sa tsebeng hore na nka hlola ke lumela eng. Ka kōpo, na le ka mpha keletso e itseng?” Ke keletso efe eo u neng u ka e fa mocha ea joalo?
Bacha ba khomarelang Lentsoe la Molimo le phutheho ea ’nete ea Bokreste ba bolokehile pherekanong le masisa-pelong a joalo. Le hoja bacha ba bangata ba se na tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso, bacha ba Bakreste ba tšepa Jehova Molimo le Lentsoe la hae la ’nete le tiileng. Kahoo, ba na le tebello ea ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ho fumana bophelo bo sa feleng. Ka mor’a moo, lefatšeng le hloekisitsoeng ho hloka toka le bokhopo, ba tla bōpa karolo ea motheo oa “lefatše le lecha” leo ‘ho loka ho tla ikahela ho lona.’ (2 Petrose 3:13; Johanne 17:3) Hore litebello tse khanyang joalo li phethahatsoe, bacha ba eletsoa hore ba ‘hopole ’Mōpi oa bona e Moholo.’ (Moeklesia 12:1, NW) ’Me keletso e molemohali e ka fanoang ke hore ba fetohe karolo ea bohlokoa ea phutheho ea Bokreste ’me ba lule boemong boo. Hobane’ng?
Boholo ba lōna bacha ba ka phuthehong ea Bokreste le na le batsoali ba lumetseng ba le ratang le ba le hlokomelang. Phutheho ka ’ngoe e na le baholo ba eona ba khethiloeng, ba thahasellang boiketlo ba lōna ba moea haholo. Thuso le tlhokomelo tse joalo ha lia lokela ho nyenyefatsoa. ’Nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, hammoho le tataiso ea puso ea Molimo, li tla le fa tšireletseho, tokoloho pherekanong, le tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso. Sena sohle se tla le thusa ho ‘boloka tumelo le letsoalo le letle’ le ho khomarela tšepo e tšoanang le ankora e thibelang sekepe ho robeha leoatleng le befileng.—1 Timothea 1:18, 19; bapisa le Ba-Heberu 6:19.
Suthela Hōle le Likeko Tsa Lefatše
Ho sa tsotellehe mahlohonolo a moea a imenneng hangata ao lōna bacha le ka a thabelang ka phuthehong ea Bokreste, tšekamelo ea ba bang ke ho phehella litsela tsa lefatše. Ho joalokaha eka ba ikutloa le haelloa ke ho hong hoa bohlokoa ho ka fumanoang feela lefatšeng ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Empa na kannete lefatše le na le letho la bohlokoa leo le ka le fang lona?
Ka mor’a ho qeta nako e fetang lilemo tse 40 tšebeletsong ea nako e tletseng, e mong oa bahlanka ba Molimo o ile a beha litaba ka tsela ena: “Karolo feela ea bophelo ba ka eo ke ikoahlaelang eona ke karolo eo ke e phetseng pele ke kena ’neteng. Ka nako eno ke ne ke le karolo ea lefatše. Ke ne ke phelela lefatše feela. Ha ke fihla lilemong tse 18 ’me ke hetla morao bophelong ba ka, ke ile ka hlokomela hore bo ne bo sa khotsofatse. Ho ne ho se na sepheo, ho se morero bophelong ba ka. Menyaka ea lefatše eo ke neng ke nahana hore kea e thabela ha e le hantle e ne e tlisitse pherekano le mesarelo feela. Ke ile ka qala ho batla ’nete. Ke ile ka e fumana ’me selemo hamorao ka qala ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ne ke se na chelete, feela ke ne ke e-na le phihlelo ea selemo ke le ’neteng hammoho le tumelo ea hore Jehova o tla ntšehetsa. Hona joale ha ke hetla morao bophelong ba ka, boo likarolo tsa bona tse peli ho tse tharo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke thabile haholo. Le ka mohla nke ke ka batla ho tela seo ke se ruileng ka ho sebeletsa Jehova bakeng sa eng kapa eng eo lefatše le ka fanang ka eona.” Ka sebele, sena se hlalosa maikutlo a Lipaki tsa Jehova tse likete-kete.
Kahoo ke hobane’ng ha le laba-labela lintho tseo Bakreste ba bang ba li furalletseng? Ke hobane’ng ha le lakatsa lintho tsa lefatše le lebileng timetsong? (1 Johanne 2:15-17) Joaloka mocha, mohlomong u ikutloa hore ho sebeletsa Jehova ho fana ka lithibelo tse ngata haholo ’me ho tla etsa hore u lahleheloe ke thabo eo lefatše le fanang ka eona. Empa na ho bohlale ho talima batsoali ba hao le baholo e le ba nang le lithibelo tse ngata haholo ha ba batla ho u thusa ho khahlisa Jehova le ho rua bophelo bo sa feleng?
Haeba ’mè ea romang ngoan’a hae lebenkeleng le haufinyane a mo hopotsa ho ema le ho talima ka mahlakoreng ka bobeli pele a tšela seterata, na u ne u tla mo talima e le ea nang le lithibelo tse ngata haholo? Ho fapana le hoo, na ka lerato ha a leke ho sireletsa ngoan’a hae? Ha re re ngoana o iphapanyetsa temoso eo ’me o thuloa ke koloi o bile oa shoa. Na u ne u ntse u tla ikutloa hore ’mè eo o ne a fana ka lithibelo tse ngata haholo? Mohlomong u ka ’na ua nahana hore o ne a lokela hore e be o nkile mehato e eketsehileng ho sireletsa bophelo ba ngoan’a hae! Ka ho tšoanang, likhopotso tse tsoang Lentsoeng la Molimo le mokhatlong oa oona o hlophisitsoeng li fanoa ka lerato, hase lithibelo empa li fanoe ho re sireletsa.
Ho hōlela lelapeng la Bokreste ha hoa lekana bakeng sa ho etsa hore u khone ho mamella likhatello tsa lefatše lena. U boetse u hloka ho kholiseha ka bouena ka ’nete ea Lentsoe la Molimo. Kholiseho e joalo ea botho le lerato ho ’Mōpi li bōpa motheo oa ho nehela bophelo ba hao ho Molimo. Kholiseho ena ea botho e boetse ea hlokahala e le hore u tle u khone ho sireletsa tumelo ea hao pel’a ba bang. (1 Petrose 3:15) Ho tataisoa ke Lentsoe la Molimo ke motheo oa bophelo bo atlehileng. (Joshua 1:8; Pesaleme ea 119:9) Empa ho fumana katleho bophelong, u boetse u hloka koetliso e ntle.
Ho Fana ka Koetliso e Tobileng
Ruri lōna batsoali ba Bakreste le ne le tla thabela ho bona bana ba lōna ba nka khato e tiileng ho emela ’nete ’me ba lula ba kopane le lōna borapeling ba ’nete. Ke boikarabelo ba sehlooho ba ntate ho hōlisa bana “ka taeo le mohopolo o laoloang ke Jehova.” (Ba-Efese 6:4, NW) Empa na u ka hlokomela libaka tseo ho tsona u hlokang ho ntlafatsa ha u ba koetlisa? Na u qeta nako e lekaneng le bana ba hao? Na le etsa lintho le le lelapa? ’Me na le thabela boikhathollo bo hahang hammoho?
U se lebale hore ho beha ha hao mohlala o nepahetseng ho na le tšusumetso e matla holim’a bana ba hao. Haeba u batla hore ba nke ’nete ka ho teba, joale eo ke eona tsela eo u lokelang ho e talima ka eona. (3 Johanne 2-4) Hape haeba u batla hore ba hlaolele tlhompho e tebileng bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le baholo, joale u lokela hore uena ka bouena u be le boikutlo bo molemo joalo ka mehla.
Le hoja koetliso ea ngoana e le boikarabelo ba sehlooho ba batsoali, baholo le bona ba na le boikarabelo mabapi le bacha ba ka phuthehong. Ha ba hlokomela mohlape oa Molimo, balebeli ba boetse ba hloka ho lisa likonyana. (1 Petrose 5:1-3) Jehova o behile mohlala o motle hakaakang ka ho hlokomela esita le tse nyenyane ka mosa! (Esaia 40:11) Ha ba arabela mohlaleng oa hae, balisa ba tlaasana ba Bakreste le bona ba tla batla ho bontša thahasello e mofuthu, e lerato ho bacha le ho etsa hore ba ikutloe e le karolo ea phutheho. Bacha ba bang ba bontšitse takatso ea hore baholo ba buisane le bona khafetsa haholoanyane le ho ba thusa tšebeletsong ea tšimo.
Ho koetlisa mocha ho bolela ho fetang ho mo fa tsebo ea ka hloohong feela ea Mangolo. Ho tsoa pelong, o tlameha ho hloea seo Molimo o se hloileng le ho rata seo Molimo o se ratang. (Amose 5:14, 15) Hore a tle a hopole ’Mōpi oa hae bocheng, o hloka ho lauoa ka Mangolo ho tsamaeeng tseleng ea Jehova ea ho loka. (Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:16) Batsoali ha baa lokela ho tsila-tsila ho fana ka taeo e hlokahalang. Batsoali ba bang ba batlang ho tela eng kapa eng hore ba boloke setsoalle sa bona le ngoan’a bona ba na le tšekamelo ea ho iphapanyetsa phoso, ho nyenyefatsa ho teba ha eona. Ba susumetsoa ke ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha lefatše. Empa motsoali ea lerato ke ea elang hloko litlaleho tsa hore ngoan’a hae o entse ho hong ho fosahetseng e be o fana ka taeo e hlokahalang. (Liproverbia 13:24) Ha e le hantle, ke motsoali ofe oa Mokreste ea batlang ho boloka setsoalle se theiloeng ho lumelleng ntho e ’ngoe le e ’ngoe empa a lahleheloe ke ngoan’a hae ka baka la ho hloka taeo e loketseng?—Liproverbia 22:15.
E-ba le Morero Bophelong
Jehova Molimo o re etselitse hore re fumane thabo ea rōna e khōlō ka ho fetisisa le khotsofalo ka ho mo sebeletsa. Nahana ka tšimo e khōlōhali eo lōna bacha le ka e lemang. Hoo e ka bang halofo ea baahi ba lefatše ke ba lilemo li 20 ho ea tlaase. Bacha bana ba tetebetse ka hare ho leoatle la setho. Le hoja ba se na tšepo, lōna bacha ba Bakreste le na le tšepo e tiileng le ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo le ka e arolelanang le bona. Ka boitšoaro ba lōna bo botle ba Bokreste le cheseho ea lōna bakeng sa tšebeletso ea Jehova, le ka hapa ba bangata ba bona hore ba tle ’neteng. Ka hona, le ka ba thusa ho kena tseleng e eang bophelong.
Ke pakane efe ea bohlokoa eo u ka bang le eona ho feta pakane ea ho nehela bophelo ba hao tšebeletsong ea Jehova Molimo? Na u se u nahanne ka ho kenela mosebetsi oa boboleli o pholosang bophelo ka nako e tletseng? Mohlomong u ka kopanela ho haseng litaba tse molemo u le pula-maliboho, kapa u ka sebeletsa ho e ’ngoe ea liofisi tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower moo libuka tsa Bibele li hlahisoang teng. Esita le haeba u ke ke ua etsa hoo, na ha ua lokela ho etsa hore borapeli ba Jehova e be karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea bophelo ba hao, ka ho etsa joalo u hopole ’Mōpi oa hao e Moholo? U na le mosebetsi oa bohlokoa oo u lokelang ho o etsa. Ka hona, ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho, ikemisetse ho ba le ‘ho hongata hoo u ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Ba-Korinthe 15:58, NW.
Kahoo tsoelang pele lōna bacha ba Bakreste. Hopolang ’Mōpi oa lōna e Moholo hona joale, ’me o tla le pholosa ha a felisa lefatše lena le se nang Molimo. E, Jehova o tla le sireletsa ka nako eo ’me a le hlohonolofatse ka bokamoso bo se nang ho fela, bo khanyang.