Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 6/15 maq. 5-6
  • Tšireletseho Lefatšeng ka Bophara—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšireletseho Lefatšeng ka Bophara—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Tsoang Pusong ea Salomone
  • E Mong e Moholoanyane ho Salomone
  • Ho Thoe’ng ka Litlhokahalo Tsa Rōna Tsa Hona Joale?
  • Ke Mang ea ka Lopollang ba Hoeletsang ho Kōpa Thuso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Solomone ke Morena ea Bohlale
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Ananela Jesu e Leng Davida e Moholo le Solomone e Moholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 6/15 maq. 5-6

Tšireletseho Lefatšeng ka Bophara—Joang?

NAHANA u se u phela lefatšeng le lokolohileng kotsing le bofumeng. Ke sona se boleloang ke tšireletseho lefatšeng ka bophara. Na hoo e mpa e le toro feela?

Che. Nahana ka mehla ea Morena Salomone oa boholo-holo. Mabapi le puso ea hae e bohlale, Bibele e bolela tjena: “Ba-Juda le ba-Iseraele . . . ba ne ba lutse ba iketlile [“ka tšireletseho,” NW], e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feie ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:25.

Thuto e Tsoang Pusong ea Salomone

Batho ba belaellang melao-motheo ea bolumeli ba qhelela ka thōko litlaleho tsa Bibele tse sa tloaelehang, joaloka e ka holimo, e le ho fetelletsoa ha litaba. Ka hona, e mong a ka ’na a botsa: ‘Nka tiiseha joang hore puso ea Salomone e mpa e se tšōmo feela?’ Ho fanoe ka bopaki bo sa tobang ba ho epolloa ha lintho tsa khale ka morao ho sehlooho sena. Ha e le hantle, bopaki bo botle ba hore puso ea Salomone ke ea sebele ke hore e tlalehiloe ka Lentsoeng le sa foseng la Molimo o phelang, Jehova.—Johanne 17:17; 1 Petrose 1:24, 25.

Lekunutu la tšireletseho e neng e thabeloa tlas’a puso ea Salomone le ne le lutse ho sebeliseng melao e lokileng ea Jehova. Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Molimo o ne o itse: ‘Ekare ha le latela litaelo tsa ka, ’me le boloka melao ea ka, lefatše le tla hlahisa lijo tsa lona. ’Me le tla aha naheng ea lōna ka boiketlo [“tšireletseho,” NW]. Ke tla etsa khotso naheng ea lōna; le tla robala ho se motho ea le tšosang.’—Levitike 26:3-6.

Ka masoabi, ka mor’a lefu la Salomone Baiseraele ba ile ba khaotsa ho utloa Jehova; ba ile ba retelehela borapeling ba litšoantšo le borapeling bo litšila ba botona le botšehali. Ka baka leo, ba ile ba lahleheloa ke tšireletseho ea bona, ’me naha eo e ile ea futuheloa ke Faro Shishake oa Egepeta. (1 Marena 14:21-26) Jehova o ile a hlalosetsa babusi bao ba bokaneng tjena: “Le mphuraletse, le ’na ke le furaletse, ke bile ke le neetse matsohong a Shishake.”—2 Likronike 12:5.

E Mong e Moholoanyane ho Salomone

Jesu Kreste o ile a tiisa ’nete ea histori ka Salomone le ka ‘khanya eohle ea hae.’ (Mattheu 6:29) Empa mabapi le eena ka boeena, Jesu o ile a re: “Bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.” (Mattheu 12:42) O ne a bolela’ng? Tšireletseho e neng e thabeloa tlas’a puso ea Salomone e ne e lekanyelitsoe. Morena eo oa motho o ne a ke ke a lokolla bafo ba hae ho kuleng, sebeng, le lefung. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ruta batho ba baetsalibe hore na ke joang ba neng ba ka fumana bophelo bo sa feleng bo phethahetseng tšireletsehong e sa feleng.—Johanne 10:10; 13:34, 35; 17:3.

Motheo oa ho fumana tšireletseho e felletseng joalo o ile oa raloa ke lefu le tsoho ea Jesu. (Johanne 3:16; 1 Ba-Korinthe 15:20) A le ka letsohong le letona la Molimo leholimong, haufinyane o tla tlisa tšireletseho lefatšeng ka bophara ho bohle ba ikokobeletsang puso ea hae. Morena Davida oa boholo-holo o ile a bululeloa hore a ngole ka sena thothokisong ea Pesaleme ea bo72. Mantsoe ana a ile a phethahala ka karolo nakong ea puso ea mora oa Davida, ka hona e na le mongolo o ngotsoeng ka holimo, “Pesaleme ea Salomone.” Leha ho le joalo, phethahatso e ka sehloohong e amana le puso ea ’Muso ea Salomone e Moholoanyane, Jesu Kreste.

Ho latela Pesaleme ea 72:7, 8, tšireletseho e tla thabeloa tlas’a puso ea Kreste e tla akarelletsa qitikoe eohle ’me ebe ea ka ho sa feleng. “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Bapisa le Zakaria 9:9, 10.

Bafo ba puso ea Kreste ba tla boela ba thabela tokoloho bofumeng, kahobane Pesaleme ea 72:16 ea re tiisetsa: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” Joalokaha ho ka lebelloa, ho tla boela ho e-ba le tokoloho khethollong, khatellong, le pefong. “Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla ba loela bohoro-hosong le botubong [“khatellong le pefong,” NW], mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12, 14.

Joaloka nakong ea Morena Salomone, motheo oa tšireletseho e joalo lefatšeng ka bophara e tla ba tšebeliso e bohlale ea melao ea Jehova ea bokahohle. Hona e tla ba karabelo ea kōpo ea Davida ea boprofeta: “Oho Molimo, u nee morena likahlolo tsa hao . . . O tla ahlolela ba malimabe ba sechaba, a thuse bana ba ea lesitsi, ’me a hatakele batubi.”—Pesaleme ea 72:1, 4.

Ho Thoe’ng ka Litlhokahalo Tsa Rōna Tsa Hona Joale?

E mong a ka ’na a re: ‘Hoo kaofela ho utloahala ho le monate haholo, empa ke hloka tšireletseho nameng hona joale.’ Ke ’nete, Bakreste ba ntse ba le tlas’a maemo a sa sireletsehang a ntseng a khathatsa batho—tlōlo ea molao, boloetse, likoluoa tsa tlhaho, botsofali, le lefu. Leha ho le joalo, ho potoloha qitikoe eohle phihlelo e bontšitse hore ka tsebo ea Bibele, ba khona ho tsoela pele ka mamello. (Liproverbia 15:1; 22:3) Hape, ba na le khotsofalo ea ho ba le tšepo ea sebele. Seithuti se secha sa Bibele se tsoang motsaneng o mong o tletseng tlōlo ea molao oa Johannesburg, Afrika Boroa, se ile sa hlalosa tsela e ’ngoe eo ka eona Mangolo a ileng a se thusa: “Joale kea tseba hore tlōlo ea molao ha e tšoarelle nako e telele; e mpa e le ntho ea nakoana.”

Bonneteng, ebile ho na le tšepo bakeng sa ba shoeleng ka baka la pefo e amanang le tlōlo ea molao. Jesu o tšepisitse: “Ke ’na tsoho le bophelo,” ’me a ba a phaella: “Ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.”—Johanne 11:25.

E le hore u ka thabela boikutlo bo joalo ba tšireletseho, u hloka tumelo e matla, e tlisoang ke ho ithuta Lentsoe la Jehova. Ka hore letsatsi le letsatsi u behelle ka thōko nako ea ho ithuta Bibele, u ka latsoa phethahatso ea tšepiso ena e babatsehang: “Empa ha e le ea nkutloang, eena o tla ikahela ka khotso [“tšireletseho,” NW], a se na ho tšoha kotsi.”—Liproverbia 1:33; 2:21, 22.

[Lebokose le leqepheng la 6]

“Tlas’a Salomone, tsoelo-pele e ntlafetseng ea lintho tse bonahalang ea Iseraele e ile ea hatela pele ka ho eketsehileng ka mashome a mararo a lilemo ho feta kamoo e neng e hatetse pele ka teng nakong ea lilemo tse makholo a mabeli pejana. Moo ho ileng ha epolloa lintho tsa mehleng ea Salomone re fumana mesaletsa ea mehaho ea bohlokoa historing, metse e meholo e nang le marako a maholohali, libaka tsa bolulo tse hōlileng ka potlako tse nang le lihlopha tse atamelaneng tse nyenyane tse ahuoeng hantle tsa matlo a batho ba emeng hantle licheleteng, ho phahama ka sekhahla ha phetoho ea tšohanyetso tsebong ea mosebetsi ea motho ea bōpang lipitsa le mesebetsing ea hae ea ho hlahisa lintho ka bongata. Hape, re fumana mesaletsa ea lintho tse entsoeng ka matsoho tse emelang thepa e neng e entsoe libakeng tse hōle haholo, lipontšo tsa mesebetsi e matla ea khoebo le khoebo ea machaba.”—The House of David, ea Jerry M. Landay.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela