Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 7/1 maq. 10-13
  • Tlhohonolofatso ea Jehova e Nthuisitse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhohonolofatso ea Jehova e Nthuisitse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Talimana le Phephetso ea Thibelo
  • Ho Finyella Pakane ea Rōna
  • Ho Bula Tšimo e Ncha
  • Joaloka Bophirimela bo Hlaha
  • Liphephetso—Empa ke Ntse ke Ruile
  • Ho Bea ‘Letsoho la ka Mohomeng ’me ke sa Hetle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lintja Tsa Ka li Fuoa Lintho Tse Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lebaka Leo ka Lona ke Thabelang ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 7/1 maq. 10-13

Tlhohonolofatso ea Jehova e Nthuisitse

Joalokaha ho boletse Elsie Meynberg

“TLHOHONOLOFATSO ea Jehova—hoo ke hona ho ruisang, ’me ha a eketse bohloko le eona.” (Liproverbia 10:22, NW) ’Na ka bonna ke latsoitse bonnete ba maele ana a Bibele. Ntumelle ke u bolelle hore na joang.

Ha ke le lilemo li tšeletseng feela, ke ile ka mamela lipuisano tsa ’Mè le tichere ea Bibele e neng e re etela, ’me ke ile ka hlokomela hore na ’Mè o ne a hapiloe hakaakang ke seo a ithutang sona. Bosiung bo bong bo batang ba mariha, ke ile ka theohela mokatong o ka tlaase ho ea noa metsi ’me ka fumana ’Mè a ntse a bala pel’a lemati la onto le butsoeng. Ho e-na le ho nkomanya joalokaha ke ne ke lebelletse, o ile a nkopa ka letsoho ’me a hlalosa hore lebitso la Molimo ke Jehova. Mofuthu oa lentsoe la hae o ile oa mpolella hore seo a neng a ithutile sona e ne e le sa bohlokoa haholo ho eena.

Ka mor’a ho ba le lipuisano tse seng kae tse eketsehileng le tichere eo ea Bibele, ’Mè o ile a kena tseleng ho ea arolelana litaba tse molemo tseo a ithutileng tsona le baahisani ba hae. Leha ho le joalo, o ne a sa amoheloe hantle ka mehla. Re ne re lula libakeng tsa mahae pel’a Beatty, Saskatchewan, Canada, ’me boholo ba baahisani ba rōna e ne e le beng ka rōna, Malutere kapa Maevangeli a manganga. Ho ntse ho le joalo, ’Mè o ile a tsoela pele ho ba etela.

Ke ne ke ee ke shebelle ka lifensetere tse lerootho ha ’Mè a tšoere bothata ho tlosa lipere setaleng, ke tseba hore o ne a sa tloaela ho li qhaneha. Ka linako tse ling o ne a ee a ee libokeng kapa tšebeletsong ea tšimo ho sa tsotellehe ho tletleba ha Ntate. O ne a sa lumellane le tumelo ea ’Mè e ncha, empa ’Mè o ne a tletse boikemisetso. Ka mehla o ne a ee a khutle a e-na le thabo ka pelong e neng e bonahala ho bohle. O ne a ee a re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—hoo ke hona ho ruisang.” Ke ne ke atisa ho ipotsa hore na o bolela eng ka hoo. Le hoja ke ne ke le lilemo li tšeletseng feela, le ’na ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova.

Ka letsatsi le leng ke ne ke le ka holim’a ntlo le Ntate, moo a neng a ntse a lokisa marulelo. ’Mè le ngoan’eso Eileen ba ile ba tloha lapeng ba tsamaea le sehlopha ka koloi ea Moetso oa T Ford ho ea kopanela “mokolokong oa boitsebiso.” Ba ne ba il’o tsamaea ka mokoloko ka toropong ba nkile mamatjana a boitsebiso a phatlalatsang puo ea Bibele.

Ntate o ile a mpotsa, “Le ka mohla ha u na ho ba booatla hakaalo, na ha ho joalo?” Empa esita le hoja ke ne ke le ngoanana ea neng a rata ho hloella holimo, ke ne ke lakatsa eka nka be ke le mokolokong oo oa boitsebiso ho e-na le ho ba ka holim’a ntlo. Leha ho le joalo, ba ile ba re ke ne ke le mokhutšoanyane haholo hore nka jara lematjana la boitsebiso.

Ho Talimana le Phephetso ea Thibelo

Qetellong, monyetla oa ka oa ho qala oa ho kopanela boboleling ba ’Muso o ile oa hlaha ka Pulungoana 1940. E ile ea e-ba thabo e kaakang! Kaha mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe Canada ka nako eo, re ne re e-tsoa har’a bosiu ’me re siea bukana End of Nazism monyakong oa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe.

Ha ke le lilemo li robong, ke ile ka etsa qeto ea ho nehela bophelo ba ka ho Jehova le ho kolobetsoa. Ka baka la mahloriso, ha rea ka ra bolelloa sebaka sa seboka, empa re ile ra isoa sebakeng se ka har’a moru moo sehlopha se seholo sa Lipaki se neng se thabela “pikiniki” teng. Moo ’na le moholoane oa ka oa mosetsana Eleanor re ile ra ba har’a ba bangata ba ileng ba kolobetsoa metsing a batang a letša le haufi le moo.

Sekolong mehleng eo ho ne ho qaloa ka ho lumelisoa ha folaga le ho bina pina ea sechaba lihlopheng. Ho sa tsotellehe ho talingoa ka tsela e nģosang ke ba ka lihlopheng tsa habo rōna, ka tlhompho re ne re ee re hane ho kenella ka baka la thuto ea Bibele ka borapeli ba melimo ea litšoantšo. (Daniele, khaolo 3) Motsoal’a ka Elaine Young, eo le eena e neng e le Paki, o ile a lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse tšeletseng ho ea sekolong, empa letsatsi le leng le le leng o ne a lelekoa ka baka la ho se lumelise folaga. Ka mor’a moo o ne a ee a tsamaee tsela eo eohle ho khutlela hae. O ile a etsa sena nako e etsang halofo ea selemo sa sekolo e le hore a se ke a tšoauoa a le sieo eaba oa feila.

Hoba ke tsoe sekolong, ke ile ka sebetsa bankeng. Empa teko e ile ea tla ha kōpo ea ka ea ho ea kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e le New York ka 1950 e hanoa. Ke ne ke e-na le chelete e itseng eo ke e bolokileng ’me ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi le ho qala tšebeletso ea nako e tletseng. Kahoo ’na le Elaine re ile ra fallela motseng oa Regina. Ba bang ba ne ba soma: “O tla be a se a khutletse hae e le mokopa-kopa ha nako ea selemo e fihla.” Leha ho le joalo, ke ile ka khona ho itlhokomela ka ho sebetsa mosebetsi oa nakoana ke le mohlokomeli oa ntlo. Leruo la mahlohonolo a Jehova le mpolokile tšebeletsong ea hae ea nako e tletseng haesale ho tloha ka nako eo.

Ho Finyella Pakane ea Rōna

Ka 1955 ’na le Elaine re ile ra thabela ho memeloa sehlopheng sa bo26 sa Gileade ’me hamorao ra amohela likabelo tsa ho ea Bolivia, Amerika Boroa. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 160 feela ka har’a naha kaofela ka nako eo. Qetellong, re ile ra leba Tarija ho ea kopana le baromuoa ba bang ba babeli kabelong ea rōna ea ho qala.

Tarija e ne e le motse o motle. Ho ne ho thahasellisa haholo ho bona basali ba apereng ka mokhoa oa hahabo bona ba roetse lintho hloohong. Batho ba ne ba le mosa ’me le ka mohla ba ne ba ke ke ba re bolella hore ha ba thahaselle. Ka ho hlakileng ba ne ba ikutloa hore ke ho nang le tlhompho haholoanyane ho re bolella hore re ba etele hape ka nako eo ba tsebang hore ba ne ba tla be ba le sieo hae. Ho ile ha nka nako ho tloaela hoo.

Ka letsatsi le leng re ne re ntse re buisana le monna e mong monyakong oa hae ha jipi e ema ’me ho e-tsoa moprista ea halefileng, ea retetseng. O ile a hoeletsa monna eo: “Haeba u sa khaotse ho bua le banana bao, u tla khaoloa kerekeng!” Ha a retelehela ho rōna, o ile a soka ka hore: “Ha le na tokelo ea ho bolela mona. Haeba le sa khaotse, ke tla nka mehato e tsoelang pele.” Nakong ena baahisani ba bangata ba ne ba se ba tsoetse ka ntle ho shebella. Kahoo re ile ra mpa ra tsoela pele ka mosebetsi oa rōna, ra siela bashebelli ba bangata ba tletseng cheseho ea ho tseba litaba libuka le Libibele tse ngata.

Ha re se re qetile lilemo tse peli phuleng ena e ntle moo liperekisi, makotomane, le morara li hōlang ka bongata, qalong re ne re sa thaba ha re amohela ho fetoloa ha kabelo ho ea Potosí, motse o batang habohloko o lutseng sebakeng se bophahamo ba limithara tse 4 000 ka holim’a leoatle. Re ne re tloaetse mariha a batang haholo a Canada, empa phapang e ne e le hore Potosí hangata matlo a ne a sa futhumatsoe. Leha ho le joalo, Potosí ho ne ho e-na le botsoalle bo mofuthu ba phutheho ea Bokreste, athe Tarija ho ne ho e-s’o theoe phutheho.

Ho Bula Tšimo e Ncha

Ka mor’a moo, ’na le Elaine re ile ra abeloa ho ea Villamontes ho ea bula mosebetsi oa boboleli moo. Teraka eo re ileng ra e palama e ne e laetse tsoekere e kenngoang ka sekhukhu ka har’a naha, kahoo ho qoba mathata a ka hlahisoang ke ho kopana le mapolesa libakeng tseo ho lefshoang ho tsona, mokhanni ha aa ka a tsamaea ho fihlela e e-ba shoalane. Re ile ra lakatsa eka re ka be re tlile le lebone le kang toche, hobane ka tšohanyetso ho hong ho ile ha soebehleha pel’a rōna ka tlas’a seili! E ne e le mothusi oa mokhanni oa teraka.

Ka hora ea bohlano hoseng, re ile ra emisa. Re kula ka baka la mosi o tsoang koloing ka morao re bile re koahetsoe ke lerōle, re ile ra khasa eaba re tsoela ka ntle. Tutulu e ne e thibile tsela ea rōna. Qetellong, ka mor’a lihora tse ’nè tsa mosebetsi o boima, mong’a teraka o ile a re mothusi oa hae a tšelise koloi borokhong bo patisaneng boo ba neng ba bo butse. Mong’a teraka o ne a sa rate le ho sheba feela ha teraka e ipetetsa ho tšela, mabili a ka thōko mabiling a eona a kentsoeng a le mabeli ka lehlakoreng ka leng a bilika sebakeng ka holim’a sekoti se neng se bonahala eka ha se na moo se fellang teng ka thōko ho tsela. ’Na le Elaine re ile ra tšela ka maoto. Ha re tsoela pele ho leba Villamontes ka teraka, methinya ea tšohanyetso e makhalong a thaba e ne e patisane hoo ka makhetlo mokhanni a ileng a tlameha ho checha le ho ’na a tjekisa koloi hangata hore a khone ho e feta. Qetellong, ka mor’a lihora tse 35 tse tepelletsang, re ile ra fihla.

E ile ea ba phihlelo e ncha bakeng sa ka hammoho le Elaine ho itjara ka ho felletseng. Ho hong ho neng ho le hocha ho rōna e ne e le likokoanyana tsa libaka tse chesang. Likokoanyana tse kang likhola-bolokoe tse mapheo a thata li ne li ee li re oele holimo ha li thula lebone le ka holim’a rōna. Lintsintsi tse nyenyane li ne li ee li re lome habohloko, e leng ho neng ho baka likuru tse hlohlonang tse neng li ntša lero le se nang ’mala. Bosiung ba pele re le lehaeng la rōna le lecha, ke ile ka tsoa ho ea sebelisa ntloana ea ka ntle. Empa ha ke khantša lebone la ka le kang toche, fuluru eohle e ne e bonahala e tletse maphele. Mekholutsoane e ne e feta e matha ka potlako, ’me lihoho tse khōlō li ne li ntonetse mahlo li le lihukung. Ke ile ka etsa qeto ea hore nka leta ho fihlela hoseng.

Hamorao, re ne re le pel’a nōka ’me re nahana hore re tla phomola holim’a sekoqo seo re ileng ra se bona moo. Leha ho le joalo, re ile ra etsa qeto ea hore pele re tla etsa leeto la ho boela haufinyane le moo. Ha re khutla, sekoqo se ne se se se ile. Batho ba fetang ka tsela ka cheseho ba ile ba re bolella hore noha e khōlō e ile ea ba teng moo. Ke motlotlo hore e be ha rea ka ra leka ho lula holim’a “sekoqo” seo!

Seo re ileng ra se thabela ka ho fetisisa Villamontes e ne e le ho etela batho mantsiboea. Re ne re ee re ba fumane ba lutse litulong tsa terata litselaneng tse ka thōko ho literata, ba ntse ba e-noa seno se entsoeng ka litlama se bitsoang maté. Re ne re qeta lihora tse ngata tse thabisang re ntse re hlalosa litšepiso tsa ’Muso tikolohong tse joalo. Empa linako tse thata haholoanyane li ile tsa tla ka mor’a hore Elaine a nyaloe ’me ke fuoe kabelo e ncha ea ho ea Vallegrande ke se ke e-na le ’mate e mocha.

Joaloka Bophirimela bo Hlaha

Ho fihla Vallegrande, ho ne ho hlokahala leeto le leng le tepelletsang la matsatsi a mararo, ’me lekhetlong lena ke ne ke le mong. Mebila e mebe e patisaneng e ne e shebahala e ntse e tsoela pele ho kenella lefeelleng e sa khaotse. Qetellong ke ile ka fihla ha letsatsi le likela. Bese e ile ea senya khutso ea motse oo ho oona lipere li neng li tloaelehile haholo ho feta likoloi. Batho ba ne ba ntjamela ba le tlas’a mathule, a neng a okametse litselana tse ka thōko ho literata ’me a tšehelitsoe ka lipalo. Banna ba bang ba neng ba itšetlehile ka lipalo ba ne ba iphasitse ka mabanta a likulo a nang le lirabolloro. E ne e batla e le e mong le e mong ea neng a bonahala a apere botšo! Ke ile ka re ka pelong: ‘Khele mona ho tšoana hantle feela le Bophirimela bo hlaha!’

’Me ha e le hantle, ho ne ho fela ho le joalo. Likhang li ne li rarolloa ka sethunya. Esita le hoja e ne e le motse oa batho ba likete li leshome feela, polao le pefo li ne li tloaelehile ka nako eo. Baahi ba ne ba busoa ke sehlopha sa marabele se ileng sa hapa sebaka seo ho lefshoang ho sona khorong ea motse. Litho tsa sehlopha seo sa marabele li ne li iphelisa ka ho emisa libese le ho utsoa lintho tse teng ho tsona. Balemi le bona ba ne ba utsoetsoa ha ba tlisa lijo tsa bona motseng. Banana ba banyenyane ba ne ba betoa ba supiloe ka lithunya hona ka pel’a mahlo a batsoali ba bona. Bo-mmè ba ne ba ke ke ba lumella barali ba bona esita le ho ea sebakeng se potelletseng ba le bang ho ea reka.

U ka inahanela hore na mehopolo ea rōna e ile ea e-ba efe ha moeta-pele oa sehlopha seo sa marabele a kena ka har’a Holo ea ’Muso ka letsatsi le leng. O ne a tahiloe. Molebeli oa potoloho, ea neng a ntse a fana ka puo, o ile a fetoha a ba mosoeu toaa! Moeta-pele eo oa sehlopha sa marabele o ile a hooa, “Ke na le tumelo!” ha a otla karolo e ka morao ea setulo ka matla a maholo hoo e ileng ea robeha. Eaba o shakarela molebeli oa potoloho. Empa hang-hang o ile a kokobela, eaba eo e neng e le motsoalle oa hae oa khale ha ba sa le sekolong ea neng a le har’a bamameli o khona ho mo nkela thōko.

Qetellong, molaoli oa lebotho o ile a phephetsa moeta-pele eo oa sehlopha sa marabele hore ba ee ntoeng ea tlhōlisano. Molaoli o ile a fanyeha ntja e shoeleng lebaleng la motse hammoho le letšoao le reng: “Tsoa motseng, kapa ho tla etsahala ho tšoanang ka uena.” Setho seo sa sehlopha sa marabele se ile sa tsamaea, ’me maemo a ile a ntlafala Vallegrande.

Ka linako tse ling re ne re tsamaea lihora tse 12 re palame lipere ho ea bolela metseng e ka thōko. Tichere ea sekolo ho o mong oa metse eo e ile ea re amohela ka mofuthu ’me hamorao ea fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka lekhetlo le leng ke ile ka alima ’moulo ho ea moo, empa nako le nako ha o ne o feta lehaeng la e mong eo e neng e le mong’a oona pele, o ne o leba moo, ’me ba ne ba tlameha ho o khanna hore o boele tseleng.

Liphephetso—Empa ke Ntse ke Ruile

Joalokaha e le ’nete ka baromuoa ba bang ba bangata, ke fumane hore phephetso e kholohali e ka ’na ea se be mocheso kapa likokoanyana, serame kapa bophahamo ba sebaka, kapa esita le ho kula le bofuma. Ho fapana le hoo, e ka ba likhohlano tsa botho. Ke ne ke ee ke ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ho hlaha mathata a joalo ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova?,’ ’me ke bile ka qala ho belaella hore Jehova o ne a nthuisa mahlohonolo. Joale ke ile ka hopola lengolo le buang ka tlhohonolofatso ea Jehova ho Liproverbia 10:22. (NW) Karolo ea bobeli ea temana eo e re, “’Me ha a eketse bohloko le eona.” Kahoo ha rea lokela ho beha Jehova molato bakeng sa mathata ana. Ke ile ka hlokomela hore ke karolo ea seo Adama a se fetiselitseng ho rōna ’me se akarelletsoa ho seo Pauluse a se hlalosang ho Ba-Roma 8:22: “Tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho.”

Ke ne ke ntse ke ngollana le Walter Meynberg oa Bethele ea Canada, ’me ha ke le nakong ea phomolo Canada ka 1966, re ile ra nyalana ’me ra abeloa ho ea La Paz, motse o moholo oa Bolivia. E bile tlhohonolofatso e kaakang ho bona liphutheho li ata mona ho tloha ho e le ’ngoe feela e neng e le teng ha ke fihla Bolivia ho ea ho tse 24, sekhutlong se seng le se seng sa motse. Boemo e bile bo tšoanang metseng e meng ea naha. Ka sebele, sehlopha sa bahoeletsi ba ka bang 160 ba neng ba bolela litaba tse molemo Bolivia ha ke qala ho fihla ka 1955 se hōlile ho ba ba ka bang 7 000!

Mohlala oa ’Mè oa ho etsa qeto e tiileng oo a o behileng nakong e telele hakana e fetileng o felletse ka hore e be ba fetang leshome lelapeng leso hantle ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke thabela ho bolela hore ntate oa ka o ile a fetoha Paki e inehetseng, ’me batho ba ka holimo ho 30 bao ke bileng le tokelo ea ho ithuta Bibele le bona ba kolobelitsoe. Na aa hase maruo? E, ke lumela hore ke ’ona. Ka sebele, ‘tlhohonolofatso ea Jehova—hoo ke hona ho nthuisitseng.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela