Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/15 leq. 29
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ipolela Molato oa Bona oa Mali
  • Ho Haelloa ke Baprista
  • Tharollo e Phethahetseng
  • Na Borapeli ba Mekha bo Amoheloa ke Molimo?
    Tsoha!—1988
  • Babilona e Moholo ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Siama le ho Thaba ha Babylona e Fela
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Babylona e Moholo—Ho Ahloleloa ha Hae Lefu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/15 leq. 29

Ho Nyarela ka Litabeng

Ba Ipolela Molato oa Bona oa Mali

Mongoli-kakaretso oa Ofisi ea Tempele ea Buddhist True Pure Land Otani Sect e Japane, Shingen Hosokawa o ile a lumela: “Re ile ra bitsa ntoa ena [Ntoa ea II ea Lefatše] ntoa e halalelang ra ba ra romela batho mabaleng a ntoa. Ha ho kamoo re ke keng ra apareloa ke lihlong ka pel’a Buddha ea halalelang.” Haufinyane “Tšebeletsong ea Sehopotso Bakeng sa Bohle ba Shoetseng Ntoeng,” lilemo tse 45 ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, sehlotšoana seo sa bokhelohi se nang le balumeli ba ka holimo ho limillione tse hlano, se ile sa lumela boikarabelo ba sona ka ho “ikemisetsa ho nka karolo [mosebetsing oa ntoa] Ntoeng ea II ea Lefatše.” Asahi Shimbun e ile ea hlokomela: “Ha ho mohlala oa ketsahalo ea pele ho ena eo ho eona sehlopha sa neano sa Mabuddha se kileng sa bolela ka ho hlaka boikarabelo boo se bileng le bona ntoeng tšebeletsong ea bolumeli.”

Leha ho le joalo, na malumeli a mangata haholoanyane ha aa lokela ho “apareloa ke lihlong” bakeng sa hore a ile a susumelletsa bahlankana ba bangata ho ea ntoeng? Ho latela Kodansha Encyclopedia of Japan, hoo e ka bang lihlopha tsohle tsa bolumeli tsa Mabuddha, “Bokreste,” le Shinto tse Japane li ile tsa thea Selekane sa Bolumeli ka 1941 “ho fana ka tšireletso ea moea sechabeng nakong ea ntoa.”

Hase ho makatsang hore e be ha Bibele e bua ka ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e le “Babylona e moholo” e re: “’Me ke ho oona ho fumanoeng mali . . . a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:2, 24) Na Jehova Molimo, Ea Faneng ka bophelo ba motho, o tla bitsa balumeli bao hore ba tl’o ikarabella bakeng sa molato oa bona oa mali? Khaolo eona eo ea Tšenolo e hlalosa ka tsela ea tšoantšetso se tlang ho etsahala ka Babylona e Moholo, ha e re: “Eaba lengeloi le matla le nka lejoe le ka ka leloala le leholo, la le akhela leoatleng, la re: Ho tla akheloa joalo ka matla Babylona, motse o moholo, ’me ha a sa tla hlola a fumanoa.”—Tšenolo 18:21.

Ho Haelloa ke Baprista

Lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Mabuddha tse Japane li atisa ho hlaheloa ke bothata ba litempele tse furalletsoeng. Batho ba ahileng pel’a litempele tse se nang baprista ba lulang ho tsona ba hanyetsa taba ea hore ho na le baleleri ba sollang tikolohong ea tempele esita le kotsi ea hore mollo o ka ’na oa qhoma moo. Sehlotšoana sa bokhelohi sa Zen Buddhist Myoshinji se ile sa etsa qeto ea ho sebetsana le bothata bona ka ho rekisa litempele kapa ho li kopanya le tse haufi le tsona. Karolo e ka holimo ho 20 lekholong ea litempele tsa sehlotšoana sa bokhelohi sa Myoshinji tse ka holimo ho 3 500 ho pholletsa le Japane ke tse se nang moprista ea lulang ho tsona kapa tse sebeletsoang ke baprista ba tsoang litempeleng tse haufi le tsona.

Lebaka la khathatso ee ke lefe? The Daily Yomiuri ea hlalosa: “Sehlotšoana sena sa bokhelohi se na le bothata ba ho fumana bahlahlami ba baprista ba ileng phomolong, ’me baprista ba bacha lilemong ba ile ba hana ho isoa litempeleng tse leng libakeng tse nang le palo e nyenyane ea baahi.” Sehlotšoana sena sa bokhelohi se ile sa leka ho koetlisa basebetsi ba seng ba le phomolong hore e be baprista empa se se se tlohetse morero oo. Le hoja ba-Myoshinji ba re ‘mehleng ena palo ea litempele tse teng ha e sa le bopaki ba matla,’ ho ke ke ha latoloa hore tšusumetso ea bona e-ea qepha.

Hoa thahasellisa hore e be buka ea Bibele ea Tšenolo e bolela esale pele hore metsi a Eufrate, ao tsamaiso ea lefatše lohle ea bolumeli—“Babylona e moholo”—e lutseng holim’a ’ona a tla ‘psha.’ (Tšenolo 16:12; 18:2, 9, 11) Metsi aa a emela’ng? “Metsi ao u a boneng . . . ke merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” (Tšenolo 17:15) Ho psha ha “metsi,” kapa batšehetsi, ho etsahala ka mokhoa o hlakileng linaheng tse ka Bochabela tse tlas’a taolo ea Babylona e Moholo.

Tharollo e Phethahetseng

Worldwatch Institute eo setsi sa eona se leng Washington, D.C., U.S.A. e re: “Litšoso tse hlahang li le ngata tseo joale re tobaneng le tsona . . . li na le tšusumetso e matla hoo haeba re sa nke bohato ba ho li loantša hona joale, joang kapa joang li tla lebisa liphellong tse tla baka litšenyehelo tse boima tsa moruo le ho oa ha mekhatlo ea sechaba le ea lipolotiki.” Selemong se fetileng tlaleho ea selemo ea mokhatlo ona e ile ea hlokomelisa hore mocheso o bolaeang, komello, le likhohola e ne e le feela selelekela sa litlokotsi tse tebileng haholoanyane tse sa ntsaneng li tla hlahela lefatše le seng le ntse le senyehile. Tlalehong ena likarolo tse bontšitsoeng e le tse hlokang ho eloa hloko hang-hang li akarelletsa ho laola keketseho ea sechaba, tšebeliso e ntle ea matla, ho nchafatsa meru, le ho thibela tlala. Leha ho le joalo, mokhatlo ona o re ho hlokahala ‘morero oa lefatše lohle bakeng sa ho nka bohato’ hang-hang le ‘liphetoho tse felletseng mokhoeng oa motho oa boitšoaro’ e le hore ho ka fumanoa liphello tse molemo.

Na re ka lebella ho bona morero oa lefatše lohle o tla tlisa liphetoho tse felletseng nakong ea rōna? E, empa eseng ka boiteko ba motho leha e le ofe kapa sehlopha sa batho. Ke hobane’ng ha ho se joalo? Hobane moprofeta Jeremia o ile a ngola tjena makholong a lilemo a fetileng: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Ho e-na le hoo, Bibele e tšepisa hore Jehova Molimo o tla “senya ba senyang lefatše” ’me o tla “lokisa litaba” molemong oa baahi ba lefatše.—Jeremia 10:23; Tšenolo 11:18; Mikea 4:3, 4, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela