Se Boleloang ke Maele
Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Kōpa Likako Tsa ea u Hloileng?
MONNA ea bohlale ea bululetsoeng ke Molimo o ile a bolela tjena: “Maqeba a etsoang ke moratuoa aa tšepahala, empa likako tsa ea u hloileng ke lintho tse lokelang ho kōptjoa.” (Liproverbia 27:6, NW) Mantsoe aa a lokela ho utloisisoa joang?
Motho ea u ratang o tla u ntša leqeba la tšoantšetso ka tsela e tšepahalang. A ka ’na a u eletsa ka lerato le teng pelong ea hae le ka tšepo ea ho u etsetsa molemo. Ha ho hlokahale hore u kōpe motsoalle oa ’nete thuso e joalo kapa esita le eona khalemelo ha u e hloka. ’Me u tla be u le bohlale hakaakang haeba ka mosa u amohela keletso e hlokahalang, nyatso e hahang, kapa khalemelo e hlokahalang!
Leha ho le joalo, haeba u batla hore motho e mong ea u hloileng a u etsetse ntho e mosa, u tlameha ho mo kōpa. Hobane’ng? Hobane joalokaha ho ka lebelloa, lehloeo la hae le ke ke la mo susumelletsa ho u aka. Ho fapana le hoo, o ne a tla susumelletseha ho u tšoara ka tsela e sehlōhō. Mosa leha e le ofe oo a neng a ka u bontša oona, u ne u tla o fumana ho eena ka bothata bo boholo le ka hore uena u mo kōpe ka matla.
Se thahasellisang ntlheng ena ke se seng sa litšoantšo tsa Jesu Kreste. Ka lekhetlo le leng o ile a bua ka mohlolohali ea ileng a amohela kahlolo ho moahloli ea neng a sa tšabe Molimo ’me a sa re letho ka motho. Mohlolohali eo o ile a atleha joang? Moahloli o ile a nka khato ea ho bona hore mosali enoa o fumana thuso e mo loketseng feela kahobane a ile a lula a ntse a mo kōpa. Jesu o ile a sebelisa setšoantšo sena ho hatisa ho barutuoa ba hae “tlhokahalo ea hore ba rapele ka mehla ’me ba se ke ba tela.”—Luka 18:1-8, NW.
Ke Joang ba Lokileng ba Ngatafalang ha ba Babe ba Timela?
Liproverbia 28:28 e re: “Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.” Sena se ipaka e le ’nete joang?
Ba babe ba ka ’na ba “phahama” ka matla, mohlomong e le babusi ba khopo. Nakong eo, motho ea lokileng oa ipata. A ka ’na a etsa joalo ka baka la ho tšaba khatello ea bona. Hobane’ng? Ke ’nete hore ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’—Moeklesia 8:9.
Leha ho le joalo, ha ba babe ba timela, batho ba lokileng baa “ngatafala.” Joang? Ho bonahala eka ba ngatafala ka hore joale ba lokileng ba tsoa moo ba ipatileng teng ’me ba hlahella pontšeng. Kahoo baa atleha ’me ba bonahala ba eketseha ka lenane hobane ha ho sa hlokahala hore ba ipate. Haeba ba lokileng ba ne ba ka busa, ba ne ba tla otla bafosi ’me ba hōlise boitšoaro bo lokileng. Hoo le hona ho ne ho tla ba le phello ea ho fokotsa lenane la batho ba sa lokang le ho etsa hore ba lokileng ba ngatafale.—Bapisa le Liproverbia 28:12; 29:2.
Haufinyane ba lokileng ba tla bona ba babe ba timela lefatšeng ka “tsatsi la bohale ba Jehova” le atamelang ka potlako. Ka baka leo, batla ho loka le boikokobetso ho ea ka litekanyetso tsa Molimo, ’me u ka ’na ua pholosoa ho kena lefatšeng le lecha la Molimo, moo ka sebele ba lokileng ba tla ngatafala.—Sofonia 2:2, 3; 2 Petrose 3:11-13.