Thabela ho Loka ha Jehova
“Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.”—LIPROVERBIA 21:21.
1. Ke litsela life tsa batho tse bakang mahlomola kajeno?
“HO NA le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liproverbia 16:25) Maele aa a Bibele a hlalosa litsela tsa batho ba bangata ba kajeno ka nepo hakaakang! Batho ka kakaretso ba amehile feela ka ho etsa se nepahetseng mahlong a bona, ba hlokomoloha litlhoko tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa ba bang. (Liproverbia 21:2) Ka molomo ba bolela hore ba hlompha melao le litekanyetso tsa naha empa neng le neng ha monyetla o hlaha, ba batla ho li tsoa tlaase. Sena se baka karohano, pherekano le tsieleho ea moloko oa batho.—2 Timothea 3:1-5.
2. Ke eng e hlokahalang ka potlako molemong oa batho bohle?
2 Molemong oa rōna—le molemong oa khotso le tšireletseho bakeng sa batho bohle—re hloka ka potlako molao kapa molao-motheo o nang le toka le ho loka, oo batho bohle ba batlang ho o amohela le ho o mamela. Ho totobetse hore ha ho na molao kapa molao-motheo o entsoeng ke motho ofe kapa ofe, ho sa tsotellehe hore na o bohlale kapa o tšepahala hakae, o ka finyellang tlhokahalo ena. (Jeremia 10:23; Baroma 3:10, 23) Haeba ho e-na le molao-motheo o joalo, o ka fumanoa hokae hona e ka ba oa mofuta ofe? Mohlomong potso ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ena, Haeba molao-motheo o joalo o teng, na u ka o thabela le ho phela ka oona?
Ho Fumana Molao-motheo o Lokileng
3. Ke mang ea tšoanelehang ka ho fetisisa bakeng sa ho fana ka molao-motheo o amohelehang le o molemong oa batho bohle, hona ka lebaka lefe?
3 E le hore re fumane molao-motheo o amohelehang le o molemong oa bohle, re tlameha ho ea ho motho ea sa tšoaroang matsoho ke bomorabe, meetlo le lipolotiki le ea sa sitisoeng ke ho se bonele pele ha batho le bofokoli ba bona. Ha ho pelaelo hore motho feela ea tšoanelehang ke Jehova Molimo, ’Mōpi ea matla ’ohle, ea reng: “Joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.” (Esaia 55:9) Ho feta moo, Bibele e hlalosa Jehova ka ho re ke “Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Hohle ka Bibeleng, re fumana polelo ena: “Jehova o lokile.” (Exoda 9:27; 2 Likronike 12:6; Pesaleme ea 11:7; 129:4; Lillo Tsa Jeremia 1:18) Ha ho pelaelo hore re ka itšetleha ka Jehova bakeng sa molao-motheo o phahameng ka ho fetisisa hobane oa tšepahala, o na le toka, ’me o lokile.
4. Lentsoe “lokile” le bolela’ng?
4 Ha e le hantle, lentsoe “lokile” lea khesoa kajeno. Bonneteng, batho ba bangata ba na le maikutlo a mabe le a nyelisang ka lona, ba nka hore motho ea lokileng oa iphahamisa, kapa o iketsa “mohalaleli.” Leha ho le joalo, ka Bibeleng ho loka ho akarelletsa khopolo ea toka, bokhabane, bohloeki; ho hloka molato, ho hloka sebe; ho lumellana le litekanyetso tsa molao oa Molimo kapa melao-motheo e amohelehang ea boitšoaro; le ho etsa lintho ka nepo le ka toka. Na u ke ke ua thabela molao kapa molao-motheo o akarelletsang litšobotsi tse ntle joalo?
5. lalosa ho loka joalokaha ho boletsoe ka Bibeleng.
5 Mabapi le ho loka, Encyclopaedia Judaica, e re: “Ho loka hase khopolo feela empa ho e-na le hoo ho akarelletsa ho etsa lintho ka toka le ho loka likamanong tsohle.” Ka mohlala, ho loka ha Molimo, hase feela boleng ba hae kapa botho ba hae, joaloka ho halalela ha hae le ho hloeka ha hae. Ho e-na le hoo, ke pontšo ea seo a leng sona litseleng tse nepahetseng le tsa toka. Ho ka boleloa hore kaha Jehova oa halalela ebile o hloekile, sohle seo a se etsang le sohle se tsoang ho eena se lokile. Joalokaha Bibele e bolela, “Jehova o lokile litseleng tsohle tsa hae oa tšepahala mesebetsing eohle ea hae.”—Pesaleme ea 145:17.
6. Pauluse o ile a re’ng ka Bajuda ba bang ba neng ba sa lumela ba mehleng ea hae, hona hobane’ng?
6 Moapostola Pauluse o ile a hatisa ntlha ena lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma. O ile a ngola mabapi le Bajuda ba itseng ba sa lumelang: “Ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Molimo empa ba batla ho tiisa ha bona, ha baa ka ba ipeha tlas’a ho loka ha Molimo.” (Baroma 10:3) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re bao ‘ha ba tsebe ho loka ha Molimo’? Na ba ne ba sa rutoa Molao, melao-motheo e lokileng ea Molimo? Ba ne ba o rutiloe. Leha ho le joalo, boholo ba bona ba ne ba sa nke ho loka e le molao-motheo o ba tataisang litšebelisanong tsa bona le batho ba bang, ba ne ba nka hore ke botho bo botle ba motho, e le ntho e ka finyelloang ka ho boloka litaelo tsa bolumeli ka hloko le ka boikitlaetso. Joaloka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu, ba ne ba sa utloisise se hlileng se boleloang ka toka le ho loka.—Matheu 23:23-28.
7. Ho loka ha Jehova ho bontšoa joang?
7 Ho fapana le moo, ho loka ha Jehova ho bontšoa le ho bonoa ka ho hlaka litšebelisanong tsohle tseo a nang le tsona. Le hoja ho loka ha hae ho sa mo etse hore a hlokomolohe libe tsa bafosi ba ka boomo, sena ha se mo etse Molimo ea sa tsotelleng le ea thata, ea ka tšajoang le ea ke keng a atameloa. Ho fapana le moo, liketso tsa hae tsa ho loka li buletse moloko oa batho motheo oa ho mo atamela le oa ho bolokoa liphellong tse mpe tsa sebe. Kahoo, ho loketse ka ho feletseng hore Jehova a hlalosoe e le “Molimo ea lokileng le Mopholosi.”—Esaia 45:21.
Ho Loka le Poloko
8, 9. Molao o ile oa bontša ho loka ha Molimo ka litsela life?
8 Ho ananela kamano pakeng tsa ho loka ha Molimo le ketso ea hae e lerato ea poloko, nahana ka Molao oo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele ka Moshe. Ha ho pelaelo hore Molao oo o ne o lokile. Mantsoeng a hae a tumeliso, Moshe o ile a hopotsa Baiseraele: “Ke sechaba sefe se seholo se nang le melao ea tsamaiso e lokileng le liqeto tsa boahloli tse kang melao ee eohle eo ke e behang ka pel’a lōna kajeno?” (Deuteronoma 4:8) Makholo a lilemo hamorao, Morena Davida oa Iseraele o ile a re: “Liqeto tsa boahloli tsa Jehova ke tsa ’nete; li lokile ka ho feletseng.”—Pesaleme ea 19:9.
9 Jehova o ile a sebelisa Molao ho hlakisa melao-motheo ea hae e phethahetseng ea se lokileng le se fosahetseng. Molao o ne o qaqisa hantle hore na Baiseraele ba itšoare joang litabeng tsa bolumeli le litšebelisanong tsa khoebo, likamanong tsa lenyalo, mekhoeng ea ho ja le ea bohloeki hape le liqetong tsa boahloli. Molao o ne o boetse o e-na le lithibelo tse matla khahlanong le batlōli, o bile o ahlolela lefu maemong a mang.a Empa na litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo, joalokaha li boletsoe Molaong, li ne li le thata ebile e le moroalo o khathatsang batho, li ba hlokisa bolokolohi le thabo, joalokaha batho ba bangata ba bolela kajeno?
10. Ba neng ba rata Jehova ba ne ba ikutloa joang ka melao ea hae?
10 Ba neng ba rata Jehova ba ne ba thabela haholo melao le litaelo tsa hae tse lokileng. Joalokaha re bone, Morena Davida, o ile a lumela hore liqeto tsa boahloli tsa Jehova ke tsa ’nete ebile li lokile, ’me hape o ne a li rata le ho li ananela ka botebo. Mabapi le melao ea Jehova le liqeto tsa hae tsa boahloli, o ile a ngola, a re: “Li lakatseha ho feta khauta, e, ho feta khauta e ngata e hloekisitsoeng; li monate ho feta mahe a linotši le mahe a linotši a phallang a khekhe ea linotši. Hape, mohlanka oa hao o lemositsoe ke tsona; ho li boloka ho na le moputso o moholo.”—Pesaleme ea 19:7, 10, 11.
11. Molao o ile oa bontša joang hore ke ‘motataisi ea isang ho Kreste’?
11 Makholo a lilemo hamorao, Pauluse o ile a supa molemo o moholo oa Molao. Lengolong la hae le eang ho Bagalata, o ile a ngola, a re: “Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste, e le hore ho ka boleloa hore re lokile ka lebaka la tumelo.” (Bagalata 3:24) Mehleng ea Pauluse, motataisi e ne e le mohlanka kapa lekhoba lelapeng le leholo. Mosebetsi oa hae e ne e le ho sireletsa bana le ho ba felehetsa ha ba e-ea sekolong. Ka mokhoa o tšoanang, Molao o ne o sireletsa Baiseraele mekhoeng e hlephileng ea boitšoaro le ea bolumeli ea baahelani ba bona. (Deuteronoma 18:9-13; Bagalata 3:23) Ho phaella moo, Molao o ne o etsa hore Baiseraele ba elelloe hore ke baetsalibe le hore ba hloka tšoarelo le poloko. (Bagalata 3:19) Litokisetso tsa mahlabelo li ne li bontša hore sehlabelo sa topollo sea hlokahala ’me li fana ka mohlala oa boprofeta oo Mesia oa ’nete a neng a tla tsejoa ka oona. (Baheberu 10:1, 11, 12) Kahoo, leha Jehova a ile a bontša ho loka ha hae ka Molao, o entse joalo a nahanetse boiketlo ba batho le poloko ea bona ea ka ho sa feleng.
Bao Molimo a Nkang Hore ba Lokile
12. Baiseraele ba ka be ba ile ba fumana eng ka ho boloka Molao ka hloko?
12 Kaha Molao o fanoeng ke Jehova o ne o lokile ka litsela tsohle, ka ho o boloka, Baiseraele e ka be e ile ea e-ba batho ba lokileng ka pel’a Molimo. Moshe o ile a hopotsa Baiseraele ha ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng a re: “Ho tla bolela ho loka ho rōna, hore re ele hloko ho phetha litaelo tsena tsohle ka pel’a Jehova Molimo oa rōna, feela joalokaha a re laetse.” (Deuteronoma 6:25) Ho phaella moo, Jehova o ne a tšepisitse: “Le boloke litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng le liqeto tsa ka tsa boahloli, tseo haeba motho a li phetha, a tla boela a phele ka tsona. Ke ’na Jehova.”—Levitike 18:5; Baroma 10:5.
13. Na Jehova o ne a le leeme ha a batla hore batho ba hae ba boloke Molao o lokileng? Hlalosa.
13 Ka masoabi, e le sechaba, Baiseraele ba ile ba hlōleha “ho phetha litaelo tsena tsohle ka pel’a Jehova” ’me kahoo ba lahleheloa ke litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng. Ba ile ba hlōleha ho boloka litaelo tsohle tsa Molimo hobane Molao oa Molimo o ne o phethahetse bona ba sa phethahala. Na see se bolela hore Molimo o leeme kapa ha aa loka? Che. Pauluse o ile a ngola a re: “Joale, re tla re’ng? Na Molimo ha a na toka? Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo!” (Baroma 9:14) ’Nete ke hore pele ho fanoa ka Molao le ka mor’a moo, ho na le batho bao Molimo a ’nileng a nka hore ba lokile le hoja ba ne ba sa phethahala ebile e le baetsalibe. Lethathamo la batho bao ba tšabang Molimo le akarelletsa ba kang Noe, Abrahama, Jobo, Rahaba le Daniele. (Genese 7:1; 15:6; Jobo 1:1; Ezekiele 14:14; Jakobo 2:25) Joale, potso ke ena: Ke motheong ofe Molimo a ileng a nka batho baa ba lokile?
14. Bibele e bolela’ng ha e re motho o “lokile”?
14 Ha Bibele e re motho o “lokile,” ha e bolele hore ha a na sebe kapa hore o phethahetse. Ho e-na le hoo, e bolela ho phetha seo motho a tlamehileng ho se etsetsa Molimo le batho. Ka mohlala, Noe o ne a bitsoa “motho ea lokileng” hape a bitsoa ea ‘se nang molato har’a batho ba mehleng ea hae’ kahobane “o [ile a] etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Genese 6:9, 22; Malakia 3:18) Zakaria le Elizabetha, batsoali ba Johanne Mokolobetsi, “ba ne ba lokile ka pel’a Molimo ka lebaka la ho tsamaea ka mokhoa o sa tšoauoeng phoso tumellanong le litaelo le litlhokahalo tsohle tsa molao tsa Jehova.” (Luka 1:6) Molaoli oa lebotho oa Motaliana ea bitsoang Korneliase, eo e neng e se Moiseraele, o hlalositsoe e le “monna ea lokileng le ea tšabang Molimo.”—Liketso 10:22.
15. Ho loka ho amana haufi le eng?
15 Ho feta moo, ho loka ha motho ho amana haholo le se ka pelong ea hae—tumelo ea hae le kananelo le lerato ho Jehova le litšepiso tsa hae—eseng feela ho etsa ha hae seo Molimo a se hlokang. Mangolo a bolela hore Abrahama o ile “a beha tumelo ho Jehova; eaba o mo balla hoo e le ho loka.” (Genese 15:6) Abrahama o ne a sa lumele feela hore Molimo o teng empa hape o ne a lumela litšepiso tsa hae mabapi le “peō.” (Genese 3:15; 12:2; 15:5; 22:18) Motheong oa tumelo e joalo le mesebetsi e tumellanong le tumelo, Jehova o ne a ka sebelisana le Abrahama le ho mo hlohonolofatsa le ba bang ba tšepahalang le hoja ba ne ba sa phethahala.—Pesaleme ea 36:10; Baroma 4:20-22.
16. Ho lumela thekollong ho felletse ka’ng?
16 Qetellong, ho loka ha batho ho itšetlehile ka tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste. Pauluse o ile a ngola ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo a re: “Ho joaloka mpho e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa [Molimo] o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” (Baroma 3:24) Mona Pauluse o ne a bua ka ba neng ba khethetsoe hore e be majalefa le Kreste ’Musong oa leholimo. Empa sehlabelo sa thekollo sa Jesu se ile sa bulela ba bang hape ba limilione monyetla oa ho loka ka pel’a Molimo. Moapostola Johanne o ile a bona ka pono “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, . . . bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu.” Liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu li tšoantšetsa ho hloeka le ho loka ha bona ka pel’a Molimo kahobane “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.”—Tšenolo 7:9, 14.
Thabela ho Loka ha Jehova
17. Ho lokela hore ho nkoe mehato efe ha ho phehelloa ho loka?
17 Le hoja Jehova ka lerato a fane ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e le mokhoa oa hore batho ebe ba lokileng ka pel’a Hae, ha ho itlise. Motho o lokela ho lumela thekollong, a lumellanye bophelo ba hae le thato ea Molimo, a inehele ho Jehova, ’me a ho bontše ka ho kolobetsoa metsing. Joale, a ’ne a phehelle ho loka, hammoho le litšoaneleho tse ling tsa moea. Timothea, Mokreste ea kolobelitsoeng ea nang le tšepo ea ho phela leholimong, o ile a khothatsoa ke Pauluse, a re: “U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.” (1 Timothea 6:11; 2 Timothea 2:22) Jesu o ile a boela a hatisa tlhokahalo ea boiteko bo tsoelang pele ha a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae.” Re ka ’na ra sebetsa ka thata haholo ho batla litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo, empa na re sebetsa ka thata ka tsela e lekanang ho phehella litsela tse lokileng tsa Jehova?—Matheu 6:33.
18. (a) Ke hobane’ng ha ho se bonolo ho phehella ho loka? (b) Re ka ithuta eng ka mohlala oa Lota?
18 Ha e le hantle, ho phehella ho loka ha ho bonolo. Lebaka ke hobane bohle ha rea phethahala ’me ka tlhaho re sekametse ho se lokeng. (Esaia 64:6) Ho feta moo, re pota-potiloe ke batho ba sa tsotelleng litsela tse lokileng tsa Jehova. Maemo a rōna a tšoana haholo le a Lota, ea neng a phela motseng o tummeng ka bokhopo oa Sodoma. Moapostola Petrose o hlalositse hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a nka hore ho loketse ho lopolla Lota tšenyong e neng e le haufi. Petrose o itse: “Monna eo ea lokileng ka seo a neng a se bona le ho se utloa ha a ntse a lula har’a bona letsatsi le letsatsi o ne a hlokofatsa moea oa hae o lokileng ka lebaka la liketso tsa bona tse sa eeng ka molao.” (2 Petrose 2:7, 8) Kahoo, ke hantle hore e mong le e mong ho rōna a botse: ‘Na ka pelong ke thoholetsa mekhoa ea boitšoaro bo bobe eo re e bonang hohle? Na boithabiso bo mabifi kapa lipapali tse mabifi ke lintho feela tjee tse sa nkhahleng? Kapa na ke hlora joaloka Lota ka lebaka la liketso tse joalo tse sa lokang?’
19. Re ka fumana litlhohonolofatso life haeba re thabela ho loka ha Molimo?
19 Mehleng ena e kotsi le e sa tsitsang, ho thabela ho loka ha Jehova ke tšireletso. Potsong e reng: “Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea hao? Ke mang ea tla lula thabeng ea hao e halalelang?” Morena Davida o ile a araba, a re: “Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka.” (Pesaleme ea 15:1, 2) Ka ho phehella ho loka ha Molimo le ka ho ho thabela, re ka tsoela pele re e-na le kamano e ntle le eena ’me ra tsoela pele ho thabela mohau oa hae le tlhohonolofatso ea hae. Kahoo, re phela ka ho khotsofala, ho itlhompha le khotso ea kelello. Lentsoe la Molimo le re: “Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.” (Liproverbia 21:21) Ho feta moo, ha re ikitlaelletsa ho etsa ka toka le ho loka linthong tsohle, likamano tsa rōna e tla ba tsa thabo le bophelo ba rōna bo tla ntlafala—boitšoarong le moeeng. Mopesaleme o ile a re: “Ho thaba ba bolokang toka, ba etsang ho loka ka nako eohle.”—Pesaleme ea 106:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le hore na Molao oa Moshe o batsi hakae, bona sehlooho se reng “Some Features of the Law Covenant,” leqepheng la 214-20 moqolong oa 2 oa Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Ho loka ke eng?
• Poloko e amana joang le ho loka ha Molimo?
• Ke motheong ofe Molimo a nkang batho ba lokile?
• Re ka thabela ho loka ha Jehova joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Morena Davida o ile a bontša lerato le tebileng bakeng sa melao ea Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Molimo o ile a nka Noe, Abrahama, Zakaria le Elizabetha le Korneliase ba lokile. Na u tseba lebaka la seo?