Ba Boleloa ba Lokile “Bakeng sa Bophelo”
“Ka ketso e le ’ngoe ea tōkafatso . . . ba boleloa ba lokile bakeng sa bophelo.”—BA-ROMA 5:18, NW.
1. Ke bo-mang ba lapileng le ba nyoretsoeng ho lōka, ’me takatso ea bona e tla khorisoa joang?
“HO THABILE ba lapetseng le ho nyoreloa ho lōka, kahobane ba tla khorisoa.” (Mattheu 5:6, NW) Lenyora le joalo la ho loka le tla qetoa ka ho feletseng ho bao ‘’muso oa maholimo e leng oa bona” le ho “ba tla ja lefa la lefatše.” (Mattheu 5:10; Pesaleme ea 37:29) Lihlopha tsena tse peli tsa batho li kopanela tšepong e boletsoeng ke moapostola Petrose ha a ne a ngola: “Re lebeletse, ka pallo ea oona [Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) E, Jehova Molimo o tšepisitse ’muso o mocha o lokileng oa leholimo, “’muso oa maholimo,” le “lefatše le lecha” le lokileng, kapa mokhatlo oa batho holim’a lefatše la paradeise.
2. Ke kamano efe e teng pakeng tsa Jehova, ho lōka, le tšepo ea rōna ea Taolo e Ncha ea khotso?
2 Empa re lokela ho utloisisa maholimo a macha a lokileng le lefatše le lecha le lokileng joang? Ho bolela hore ’muso o mocha oa leholimo le batho ba lefatšeng ba busoang ke oona ba tlameha ho hlokomela ka hlompho tekanyetso ea Molimo ea se lokileng le se fosahetseng. Jehova ke “leaho la ho loka.” (Jeremia 50:7) Ho loka ke motheo oa borena ba hae, kapa sebaka sa terone ea hae bokahohleng. (Jobo 37:23, 24; Pesaleme ea 89:14) Libopuoa tsa Jehova li tlameha ho hlokomela ka hlompho tokelo ea hae ea ho emisa litekanyetso tsa se lokileng le se khopo hore ho be le khotso bokahohleng bohle. Ka lehlakoreng le leng, tšepo ea rōna bakeng sa Taolo e Ncha e lokileng e itšetlehile ka hore Jehova a boloke litekanyetso tsa hae.—Pesaleme ea 145:17.
3. Ka baka la ho lōka ha Jehova ho se nang moeli, ke potso efe e hlahang?
3 Joale potso e hlahang e mabapi le hore na Molimo Jehova ea halalelang le ea lokileng a ka sebelisana le baetsalibe ba sa lokang joang. (Bapisa Esaia 59:2; Habakuke 1:13.) Ho tla joang hore o khethe har’a baetsalibe batho ba tla kopanela ’musong o lokileng oa “maholimo a macha” le ho amohela metsoalle ea bao e tla ba karolo ea “lefatše le lecha” le lokileng, empa o ntse o tšepahala litekanyetsong tsa oona tse lokileng? Ho araba potso ena, re lokela ho utloisisa thuto ea Bibele ka tōkafatso, kapa ho boleloa ha batho ba lokile.
Tokisetso e Mosa ea ho Nea
4. Ke ka baka la’ng ha batho ba baetsalibe ba na le molato o moholo pel’a Molimo, ’me ke ka baka la’ng ha re ke ke ra itokolla molatong ona?
4 Ka Mangolong, sebe se tšoantšoa le molato oa chelete. (Bona Mattheu 6:12, 14; 18:21-35; Luka 11:4.) Batho bohle ke baetsalibe ’me ka baka leo, ba na le molato o moholo oa chelete pel’a Molimo. “Moputso oa sebe ke lefu.” (Ba-Roma 6:23) Kaha bana ba Adama ba “rekisitsoe sebeng” ke ntate-moholo oa bona, ha ho letho leo ba le etsang ho itokolla molatong oo o boima. (Ba-Roma 7:14, NW) Ho shoa ha motho ea nang le molato oa chelete ke hona feela ho felisang molato, “hobane ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” (Ba-Roma 6:7) Ha ho mesebetsi e molemo e etsoang nakong ea bophelo ba moetsalibe e tla lopolla se lahliloeng ke Adama, kapa leha e le hore mosebetsi o joalo o ka mo nea boemo bo lokileng pel’a Molimo.—Pesaleme ea 49:7, 9; Ba-Roma 3:20.
5. Jehova o fane ka topollo ea batho ba baetsalibe joang ha ka nako e tšoanang a hlompha toka ea hae e phethahetseng?
5 Ke joang Jehova a neng a ka fana ka topollo ea batho ba baetsalibe empa a sa sekisetse litekanyetso tsa hae tse lokileng? Karabo e totobatsa bohlale ba Jehova le mosa oa hae o sa tšoanelang. Moapostola Pauluse o hlalosa sena ka tsela e ntle lengolong la hae le eang ho Baroma. O ngotse: “[Baetsalibe] ba lōkafatsoa feela ka mohau oa hae, ka ho lopolloa ke Kreste Jesu. Ke eena eo Molimo a mo khethileng hore ka mali a hae a tšolohileng, libe tsa batho li lefelloe, ha ba e-na le tumelo. Molimo o bontšitse ho lōka ha hae ka ho iphapanyetsa libe tsa mehla e fetileng, nakong ea mamello ea hae. Le nakong ea joale o sa bontša ho lōka ha hae; o bontša hore eena o lōkile, ’me o lōkafatsa ea lumelang ho Jesu.”—Ba-Roma 3:24-26, TLP.
6. (a) Litekanyetso tsa Jehova tsa toka li ile tsa phethahatsoa joang sehlabelong sa Kreste, ’me Jehova o ithaopela ho etsa eng? (b) Ke joang Molimo o neang motho ea lumelang ho lōka?
6 Ka baka la mosa oa Jehova o sa tšoanelang, o amohetse sehlabelo sa Jesu lebitsong la bana ba Adama. (1 Petrose 2:24) E ne e le sehlabelo se loketseng, kapa se lekaneng, kahobane Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, o ntšitse tefello ea seo motho ea phethahetseng Adama a se lahlileng. (Bona Exoda 21:23; 1 Timothea 2:6.) Toka e phethahalitsoe, ka lerato Jehova a ithaopela ho ‘hlakola’ libe tsa “ea lumelang ho Jesu.” (Esaia 44:22; Liketso 3:19) Haeba motho ea joalo a lula a tšepahala, Jehova ha a ‘mo balle libe tsa hae’ e be ke phetho, empa hape O mo nea ho loka molatong oa hae. (2 Ba-Korinthe 5:19) Ka tokisetso ena e mosa, ‘ba bangata ba etsoa ba lokileng.’ (Ba-Roma 5:19) Ena ke karolo e ’ngoe ea tokafatso, bohato ba Molimo ba ho nka motho a se na molato. (Liketso 13:38, 39) Ke bo-mang ba lōkafatsoang, kapa ba boleloang ba lokile, nakong ena ea tsamaiso ea lintho?
“Bahalaleli” ba 144 000
7. Ke ka tsela efe Kreste a boletsoeng a lokile, ’me ke eng se khonehang?
7 Kreste o ne a sa hloke ho neoa ho loka, kaha o ne a lokile ka sebele. (1 Petrose 3:18) Kahobane Jesu a ipakile o tšepahala ho isa lefung e le motho ea phethahetseng (“Adama oa morao”) le kahobane a nehetse tokelo ea hae ea ho phela lefatšeng, a tsosoa ke Ntat’ae, Jehova. Jesu “a boleloa a lokile moeeng,” ke hore, a ipaka a tšoaneloa ke ho loka ’me a tsosoa e le “moea o phelisang.” (1 Ba-Korinthe 15:45, NW; 1 Timothea 3:16) Ka lefu la hae la sehlabelo, a fana ka motheo o nolofalelitseng Jehova ho nea banna le basali ba tumelo ho loka.—Ba-Roma 10:4.
8, 9. (a) Ke bo-mang ba pele ba mang molemo oa ho lōka, hona hobane’ng? (b) Ke bo-mang ba bōpang “maholimo a macha,” ’me ba tla busa holim’a bo-mang?
8 Ka ho utloahalang, bao Jehova a khethang ho ba etsa “maholimo a macha” a lokileng, kapa ’Muso matsohong a Morena Jesu Kreste, ke bona ba pele ba ruang molemo o feletseng tokisetsong ena e mosa tsamaisong ena ea lintho. Buka ea Daniele e hlalosa ketsahalo ena e khōlō maholimong ha Kreste, Mor’a motho, a neoa “’muso, le hlompho, le borena,” hore “ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle [mona lefatšeng], ba tle ba mo sebeletse.” Daniele o tsoela pele ho bontša hore “borena, le puso” li neoa le “bahalaleli ba Mookameli ea phahameng,” Jehova.—Daniele 7:13, 14, 18, 27; bapisa Tšenolo 5:8-10.
9 Palo ea “bahalaleli” bana ba khethetsoeng ho busa le Konyana Jesu Kreste Thabeng ea Sione oa leholimo e senotsoe e le ba 144 000, “ba rekiloeng har’a batho.” (Tšenolo 14:1-5, NW) Batho bana, hammoho le Kreste ba bōpa “maholimo a macha” a lokileng a tsamaiso e ncha ea lintho ea Jehova.
Ba Boleloa ba Lokile—Joang ’me Neng?
10. (a) Ke buka efe ea Bibele e fanang ka tlhaloso e qaqileng ea tōkafatso, ’me e ngoletsoe bo-mang? (b) Ke bo-mang ba amehang haholoholo tabeng ea Bibele ea ho beoa ba lokileng?
10 Buka ea Bibele e hlalosang haholo taba ena ea ho bolela ha Molimo batho ba lokile ke lengolo la Pauluse ho Baroma. Ntho e khahlisang ke hore, o le ngolletse “ba bitsitsoeng, ba halalelang.” (Ba-Roma 1:1, 7) Sena se hlalosa lebaka le etsang hore thuto ea “tōkafatso,” kapa ho boleloa ha batho ba lokile, e hlalosoang ke Pauluse, e sebelisoe kamanong le “bahalaleli” ba 144 000.
11. Ke kamano efe e teng pakeng tsa tumelo, mesebetsi, le ho lōkafatsoa?
11 Moko oa lebaka le fanoang ke Pauluse ke hore ho ne ho se mo-Jode kapa Molichaba ea neng a ka amohela boemo bo lokileng pel’a Molimo ka mesebetsi, e bang ke mesebetsi ea Molao oa Moshe kapa ho hlompha molao o lokileng oa boitšoaro. (Ba-Roma 2:14, 15; 3:9, 10, 19, 20) Mojode le Molichaba ba ne ba ka boleloa ba lokile motheong oa tumelo sehlabelong sa pheko sa Kreste feela. (Ba-Roma 3:22-24, 29, 30) Leha ho le joalo, keletso likhaolong tse phethang tsa Baroma (12-15) e bontša hore tumelo e joalo e lokela ho tšehetsoa ka mesebetsi e lokileng, joalokaha Jakobo a hlalosa. (Jakobo 2:14-17) Mesebetsi e joalo e bontša hore Mokreste ea lōkafalitsoeng o na le tumelo e hlokahalang pele Molimo o mo etsa ea lokileng.
12, 13. (a) Ke ka baka la’ng ha “bahalaleli” ba 144 000 ho hlokahala hore ba boleloe ba lokile? (b) Ba etsa eng ka litokelo tsa bona tsa bophelo tseo ba li amohelang?
12 Empa, ke lebaka lefe la bohlokoa le tlamang Bakreste “ba bitsitsoeng, ba halalelang” hore ba boleloe ba lokile? Mona ho kena karolo ea bobeli ea tokafatso, e leng, ho bolela ha Molimo hore motho o tšoanela bophelo e le mora oa Hae ea phethahetseng. Ka baka la karolo eo ba bitsetsoang bo e phethahatsa “maholimong a macha,” ba 144 000 ba lokela ho tela le ho bea e le sehlabelo tšepo leha e le efe ea bophelo bo sa feleng mona lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; 115:16) Ka khopolo ena ba shoa lefu la sehlabelo. Ba ‘ineela lefung le kang la Kreste.’—Ba-Filippi 3:8-11, NW.
13 Joale, ho lumellana le motheo o ngotsoeng Molaong oa Moshe, sehlabelo leha e le sefe se neoang Jehova ha sea lokela ho ba le sekoli. (Levitike 22:21; Deuteronoma 15:21) “Bahalaleli” ba 144 000 ba boleloa e le “ba lokile, ba entsoe ba phethehileng.”—Ba-Heberu 12:23, NW.
Ba Thotsoe e le Bara ba Moea
14, 15. (a) Ba 144 000 ba etsa phetoho efe kamanong le sebe? (b) Ke ka tsela efe ba tsosetsoang ‘bophelong bo bocha’?
14 “Ba lokileng” ba shoa ka tšoantšetso ba sa le nameng. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Ana rōna re shoeleng ka nģa ea sebe, re ka ’na ra phelela joang ho sona? Ana ha le tsebe hobane rōna bohle ba kolobelitsoeng ho Jesu Kreste, re kolobelitsoe lefung la bae na? Ka baka leo, re ile ra patoa le eena ka ho kolobetsoa lefung, hore, joale ka ha Kreste a tsositsoe bafung ke khanya ea Ntat’ae, ka mokhoa o joalo le rōna re tsamaee ka bophelo bo bocha . . . re ntse re tseba hobane motho oa rōna oa khale o thakhisitsoe le eena, hore ’mele oa sebe o tle o felisoe, re tle re se ke ra hlola re e-ba bahlanka ba sebe. Hobane ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.”—Ba-Roma 6:2-7.
15 Nakong ea bophelo ba bona ba botho, “batlotsuoa” ba 144 000, bao bo setseng palo e fokolang ea bona lefatšeng nakong ena ea bofelo, ‘ba shoa nģeng ea sebe.’ Kamor’a lefu la bona la tšoantšetso, “ba bitsitsoeng, ba halalelang” ba tsosetsoa ‘bophelong bo bocha.’ Kaha Jehova o ba bolela ba lokile, o ba tsoala ka moea oa hae hore e be “bana” ba hae ba moea. Ba ‘tsoetsoe hape’ le ho tholoa e le “bara ba Molimo.” (Johanne 3:3, NW; Ba-Roma 8:9-16, NW)a Ba fetoha Baiseraele ba moea ’me ba kengoa selekaneng se secha.—Jeremia 31:31-34; Luka 22:20; Ba-Roma 9:6.
Majalefa a Baprista le Marena
16. “Bahalaleli” ba 144 000 ba fetoha majalefa a eng?
16 “Bahalaleli” ba 144 000 ba thotsoeng e le “bara” ba Molimo ba moea, ba fetoha ‘majalefa.’ (Ba-Galata 4:5-7) Pauluse o ngoletse Bakreste hammoho le eena ba tsoetsoeng ka moea: “’Me ha re le bana, re majalefa: majalefa a Molimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utloa bohloko le eena, re tle re neoe khanya le eena.” (Ba-Roma 8:17) Lefa la Kreste ke lefe? Jehova o mo entse Morena le Moprista “ka ho sa feleng ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Ba-Heberu 6:19, 20; 7:1) Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba tlotsoa ke Jehova ho ba baprista ba moea, ho ba “majalefa hammoho” le Kreste. (2 Ba-Korinthe 1:21; 1 Petrose 2:9) Ho feta moo, lebaka le leng le ka sehloohong la ho lōkafatsoa ha bona pel’a Jehova ke hore hamorao ‘ba buse e le marena bophelong ka motho a le mong, Jesu Kreste.’—Ba-Roma 5:17, NW.
17. (a) Le hoja Bakreste ba tlotsitsoeng ba lōkafalitsoe, ba lokela ho etsa eng letsatsi ka leng? (b) Ba amohela moputso oa bona joang?
17 Ha Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba sa le lefatšeng, le hoja ba lōkafalitsoe, ba ntse ba tlameha ho loantšana le litšekamelo tsa boetsalibe. (Ba-Roma 7:15-20) Ba hloka mali a Kreste ho hloekisa libe tsa bona tsa letsatsi ka leng tsa ho se phethahale. (1 Johanne 1:7; 2:1, 2) Ha ba lula ba tšepahala ho isa qetellong ea bophelo ba bona ba lefatšeng, ba shoa ka sebele ’me ba tsosetsoa ‘lefeng le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona’ e le karolo ea “maholimo a macha” a lokileng.—1 Petrose 1:3, 4, TLP; 2 Petrose 3:13.
“Li Lebeletse Ponahalo ea Bana ba Molimo”
18, 19. (a) “Tse bōpiloeng” e leng batho ba lebeletse eng? (b) “Bara ba Molimo” ba tla ‘bonahatsoa’ joang, ’me ke ka baka la’ng ha “tse bōpiloeng” li hlolohela sena haholo?
18 Sena sohle se ama joang batho ba lapetsoeng le ho nyoreloa ho lōka empa tšepo ea bona e le ho rua lefatše—ba fetang hōle “bara ba Molimo” ba moea ba 144 000? Ka bao, moapostola Pauluse o ngotse: “Hobane tse bōpiloeng kaofela li lebeletse ponahalo ea bana ba Molimo ka hlolohelo e kholo. Hobane tse bōpiloeng li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana . . . tšepo e ntse e le teng ea hore le tsona tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:19-21.
19 “Tse bōpiloeng” e leng batho bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ba phela ka “hlolohelo e kholo” ea nako eo Morena Jesu Kreste le “bara ba Molimo” ba tsositsoeng ba tlang ka “ponahalo” ho felisa tsamaiso e khopo ea lintho ’me kamor’a moo ba buse e le marena le baprista “ka lilemo tse sekete”—nako eo e se e atametse haholo. (Tšenolo 20:4, 6) Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete “tse bōpiloeng [batho] li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho.”
20. Ho tla buisanoa ka eng sehloohong se latelang?
20 Ha e le tabeng ea hore na ho tla etsahala joang hore batho ba phelang ‘lefatšeng le lecha’ le lokileng ba qetelle ba le “tokollong ea khanya ea bana ba Molimo,” le kamoo thuto ea Bibele ea tōkafatso e ba amang kateng hona joale, ke taba eo ho tla buisanoa ka eona sehloohong se latelang.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano e tebileng ea “ho tsoaloa ha bocha,” re kōpa hore u bone Molula-Qhooa oa la 1 ’Mesa, 1982, maqephe 18-29.
Mabapi le ho bolela ha Molimo batho ba lokile—
◻ Bibele e bolela eng ka maholimo a macha a lokileng le lefatše le lecha le lokileng?
◻ Ke ka baka la’ng ha batho ba lokela ho etsoa ba lokileng pel’a Molimo?
◻ Litekanyetso tsa Jehova ka ho lōka li ile tsa phethahatsoa joang?
◻ Ke ka baka la’ng ha ba 144 000 e le bona ba pele ba boleloang ba lokile, ’me ba etsa eng ka litokelo tsa bophelo tseo ba li amohelang?
◻ Ba 144 000 ba fetoha majalefa le Kreste a eng?
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ho na le likarolo tse peli tsa ho lōkafatsoa, kapa ho boleloa ba lokile:
(1) Ho bolela ha Molimo hore motho ha a na molato
(2) Ho bolela ha Molimo hore motho o phethahetse ’me o tšoaneloa ke ho phela ka ho sa feleng lefatšeng
Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba boleloa ba lokile likarolong tseo ka bobeli. Ba bea litokelo tsa bona tsa ho phela e le batho sehlabelo ’me ba tsoaloa e le “bara ba moea” ba bitsetsoang ho ba marena le baprista le Kreste ‘maholimong a macha’