Baroma ba Fumana Litaba Tse Molemohali
KE JOANG motho oa moetsalibe e ka bang ea lokileng mahlong a Molimo ’me kahoo a fumana bophelo bo sa feleng? Potso ena e ile ea baka lipuisano tse matla lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Na u tseba karabo? Ho sa tsotellehe hore na ua tseba kapa che, ho molemong oa hao hore u bale tlhaloso e matla ea moapostola Pauluse ea bothata bona bukeng ea Bibele ea Ba-Roma. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u utloisise kamano ea bohlokoa e teng pakeng tsa tumelo, mesebetsi, ho loka, le bophelo.
PAULUSE LE BAROMA
Buka ea Ba-Roma ke lengolo le ngotsoeng ke Pauluse hoo e ka bang ka 56 C.E. a le ngolla Bakreste Roma. Ke hobane’ng ha a ile a ngola lengolo lee? Le hoja ka 56 C.E. Pauluse a ne a e-s’o ka a etela Roma, ho bonahala hore o ne a tseba Bakreste ba bangata moo, kaha lengolong la hae o ile a bitsa ba bangata ba bona ka mabitso. Ho phaella moo, Pauluse o ne a lakatsa haholo ho ea Roma e le hore a tle a fane ka khothatso ho baena ba hae ba Bakreste moo, hape ho bonahala hore o ne a rerile ho etsa Roma sebaka seo a neng a tla beha thoto ea hae ho sona ho itokisetsa leeto la hae la boromuoa la ho ea Spain leo a neng a le rerile.—Ba-Roma 1:11, 12; 15:22-24.
Leha ho le joalo, morero o moholo oa Pauluse oa ho ngola lengolo lena e ne e le ho arabela potso: Batho ba ka fumana ho loka ho isang bophelong joang? Karabelo e ipaka e le litaba tse molemohali. Ho loka ho lekanngoa motheong oa tumelo. Pauluse o hatisa ntlha ena ’me o bontša sehlooho sa lengolo la hae ha a ngola: “Ha ke na lihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang, mo-Jode pele, le eena mo-Gerike. Hobane ho loka ha Molimo ho koaholotsoe ka ho eona, ho tsoang tumelong ho isang tumelong, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ea lokileng o tla phela ke tumelo.”—Ba-Roma 1:16, 17.
TUMELO LE MOLAO
Lekholong la pele la lilemo, hase e mong le e mong ea neng a lumela hore ho loka ho ne ho lekanngoa motheong oa tumelo. Sehlopha sa batho ba itlhalosang maikutlo ka bolokolohi se ile sa tsitlella hore ho ne ho hlokahala ho eketsehileng. Na Jehova o ne a sa fana ka Molao oa Moshe? Ke joang motho ofe kapa ofe ea neng a sa ikokobeletse tokisetso eo e bululetsoeng e neng e ka ba ea lokileng? (Bona Ba-Galata 4:9-11, 21; 5:2.) Selemong sa 49 C.E., sehlopha se busang se Jerusalema se ile sa buisana ka potso ea ho khomarela Molao, ’me se ile sa etsa qeto ea hore Balichaba ba amohetseng litaba tse molemo ha ba hloke ho bolotsoa le ho ikokobeletsa litaelo tsa Molao oa Bajode.—Liketso 15:1, 2, 28, 29.
Hoo e ka bang lilemo tse supileng hamorao, Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Baroma a tšehetsa qeto eo ea bohlokoa. Ha e le hantle, o ile a tsoela pele. Hase feela hore Molao o ne o sa hlokahale bakeng sa Bakreste ba Balichaba empa esita le Bajode ba neng ba itšetlehile ka ho o utloa ba ne ba ke ke ba boleloa e le ba lokileng bakeng sa bophelo.
HO LOKA HO TLA KA TUMELO
Ha u bala buka eohle ea Ba-Roma, u tla hlokomela kamoo Pauluse a hahang khang ea hae ka bohlale ka teng, a tšehetsa lipolelo tsa hae ka ho qotsa litemana tse ngata tse tsoang Mangolong a Seheberu. Ha a bua le Bajode, ba neng ba ka ’na ba thatafalloa ke ho amohela thuto ea hae e bululetsoeng, o bontša lerato le mofuthu le kameho. (Ba-Roma 3:1, 2; 9:1-3) Leha ho le joalo, o hlahisa khang ea hae ka ho hlaka ho makatsang le ka mabaka a ke keng a hanyetsoa.
Ho Ba-Roma khaolo ea 1 ho ea ho khaolo ea 4, Pauluse o qala ka ’nete ea hore e mong le e mong o na le molato oa sebe. Kahoo, tsela feela eo ka eona batho ba ka boleloang ba lokile ke motheong oa tumelo. Ke ’nete hore Bajode ba ile ba leka ho ba ba lokileng ka ho boloka Molao oa Moshe. Empa ba ile ba hlōleha. Kahoo, ka sebete Pauluse o re: “Bajode hammoho le Bagerike kaofela ba tlas’a sebe.” O paka ’nete ena e sa rateheng ka litemana tse ’maloa tse qotsitsoeng Mangolong.—Ba-Roma 3:9, NW.
Kaha “ha ho nama e tla boleloa e lokile ka mesebetsi ea molao,” ke tšepo efe e teng ho see? Molimo o tla bolela batho ba lokile e le mpho e sa lefelloeng motheong oa sehlabelo sa topollo sa Jesu. (Ba-Roma 3:20, 24, NW) Ho ithuela molemo ho sena, ba tlameha ho ba le tumelo sehlabelong seo. Na thuto ee ea hore batho ba boleloa ba lokile motheong oa tumelo ke ho hong ho hocha? Le hanyenyane. Abrahama ka boeena o ile a boleloa a lokile ka baka la tumelo ea hae le pele Molao o qaleha.—Ba-Roma 4:3.
Ha a se a hatisitse bohlokoa ba tumelo, khaolong ea 5 Pauluse o bua ka motheo oa tumelo ea Bokreste. Motheo ona ke Jesu, eo tsela ea hae ea ho loka e felisang liphello tse mpe tsa sebe sa Adama ho ba lumelang ho Eena. Ka hona, “ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso,” eseng ka ho utloa Molao oa Moshe, “phello ho batho ba mefuta eohle ke ho boleloa ha bona ba lokile bakeng sa bophelo.”—Ba-Roma 5:18, NW.
HO ARABELA LIKHANYETSO
Leha ho le joalo, haeba Bakreste ha ba tlas’a Molao, ke’ng se tla ba thibela ho tsoela pele ba etsa libe e be ba lebella hore ba tla boleloa ba lokile, ka thuso ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo? Pauluse o arabela khanyetso ena ho Ba-Roma khaolo ea 6. Bakreste ba shoetse tsela ea bona ea boetsalibe ea nakong e fetileng. Bophelo ba bona bo bocha ho Jesu bo ba tlama ho loantša mefokolo ea bona ea nama. Oa phehella: “Sebe se se ke sa busa ’meleng ea lōna e shoang.”—Ba-Roma 6:12.
Empa na bonyane Bajode ba ntse ba sa lokela ho khomarela Molao oa Moshe? Khaolong ea 7, ka hloko Pauluse o hlalosa hore ha ho joalo. Feela joalokaha mosali ea nyetsoeng a lokoloha molaong oa monna oa hae ha monna a e-shoa, kahoo lefu la Jesu le ile la lokolla Bajode ba lumelang tlas’a Molao. Pauluse o re: “Le shoele ka nģa ea molao ka ’mele oa Kreste.”—Ba-Roma 7:4.
Na sena se bolela hore ho ne ho e-na le ho hong ho phoso ka Molao? Le hanyenyane. Molao o ne o phethahetse. Bothata e ne e le hore batho ba sa phethahalang ba ne ba ke ke ba khona ho utloa Molao. Pauluse o ngotse: “Rea tseba hore Molao ke oa moea, athe ’na ke oa nama, ke lekhoba la sebe.” Motho ea sa phethahalang a ke ke a boloka Molao o phethahetseng oa Molimo, kahoo oa mo tsoa. Kahoo e ne e le ho hlollang hakaakang hore “ha ho sa le tsuo joale leha e le ’ngoe ho ba leng ho Jesu Kreste”! Bakreste ba tlotsitsoeng ba khethiloe ka moea ho ba bara ba Molimo. Moea oa Jehova o ba thusa ho loana le mefokolo ea nama ea ho se phethahale. “Bao Molimo o ikhethetseng bona, ke mang ea tla ba bea molato na? Molimo ke oona o ba beang ba lokileng!” (Ba-Roma 7:14, TLP; 8:1, 33) Ha ho letho le ka ba arohanyang le lerato la Molimo.
HO LOKA LE BAJODE BA NAMA
Haeba Molao ha o sa hlokahala, sena se siea sechaba sa Iseraele hokae? Hona ho thoe’ng ka mangolo ’ohle a tšepisang ho tsosolosoa ha Iseraele? Lipotso tsena li tšohloa ho Ba-Roma likhaolo 9 ho ea ho 11. Mangolo a Seheberu a ile a bolela esale pele hore ke feela sehlotšoana sa Baiseraele se neng se tla bolokeha le hore Molimo o ne o tla lebisa tlhokomelo ea oona ho lichaba. Tumellanong le sena, boprofeta bo mabapi le ho bolokoa ha Iseraele ha bo phethahatsoe ke Iseraele ea nama empa bo phethahatsoa ke phutheho ea Bokreste, e entsoeng ka sehlopha se bokelletsoeng pele sa Bajode ba nama ba lumetseng ’me se tlatsellelitsoe ka Balichaba ba pelo li lokileng.—Ba-Roma 10:19-21; 11:1, 5, 17-24.
MELAO-MOTHEO EA HO LOKA
Likhaolong tsa 12 ho ea ho 15 tsa Ba-Roma, Pauluse o tsoela pele ho hlalosa litsela tse ling tse sebetsang tseo ka tsona Bakreste ba tlotsitsoeng ba ka phelang tumellanong le ho boleloa ha bona e le ba lokileng. Ka mohlala, o re: “Le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng. Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna.” (Ba-Roma 12:1, 2) Re lokela ho tšepa matla a botle ’me re se loantše bobe ka bobe. Moapostola o ngotse: “U se ke ua hlōloa ke bobe, u mpe u hlōle bobe ka botle.”—Ba-Roma 12:21.
Roma e ne e le setsi sa matla a bopolotiki mehleng ea Pauluse. Kahoo, ka bohlale Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena, hobane ha ho borena bo sa tsoeng ho Molimo.” (Ba-Roma 13:1) Ho sebelisana ha Mokreste ka mong le e mong le hona ke karolo ea ho phela tumellanong le ho loka. Pauluse o re: “Le se ke la ba le molato ho motho, ha e se oa ho ratana; hobane ea ratang ba bang ke eena ea phethileng molao.”—Ba-Roma 13:8.
Ho feta moo, Bakreste ba lokela ho nahanela matsoalo a ba bang ’me ba se ke ba iketsa baahlōli. Pauluse oa phehella: “A re ke re batleng ke hona litaba tse hlahisang khotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.” (Ba-Roma 14:19) Ke keletso e ntle hakaakang e ka sebelisoang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Mokreste! Joale, khaolong ea 16, Pauluse o qetella ka litumeliso tsa botho le mantsoe a qetellang a khothatso le keletso.
BAKENG SA BATLOTSUOA LE LINKU TSE LING
Taba eo ho buuoeng ka eona ho Ba-Roma e ne e le ea bohlokoa lekholong la pele la lilemo ’me e sa ntsane e le ea bohlokoa kajeno. Ho loka le bophelo bo sa feleng li tlameha ho thahaselloa ke bahlanka bohle ba Jehova. Ke ’nete hore Ba-Roma e ne e ngolletsoe phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, athe kajeno ba bangata ho Lipaki tsa Jehova ke ba “bongata bo boholo ba batho” ’me ba na le tšepo ea lefatšeng. (Tšenolo 7:9) Leha ho le joalo, lengolo lena le na le molaetsa oa bohlokoa bakeng sa bana ka ho tšoanang. Ke ofe?
Buka ea Ba-Roma e paka hore Bakreste ba boleloa ba lokile ka tumelo. Bakeng sa batlotsuoa, lebaka la sena ke hore ba tle ba fetohe babusi-’moho le Jesu ’Musong oa leholimo. Leha ho le joalo, litho tsa bongata bo boholo le tsona li boleloa li lokile, empa e le ‘metsoalle ea Molimo,’ joaloka mopatriareka Abrahama. (Jakobo 2:21-23) Lebaka la ho loka ha tsona ke hore li na le tebello ea ho pholoha mahlomola a maholo, ’me ho loka hoo ho theiloe ho lumeleng maling a Jesu, feela joalokaha ho le joalo le ka batlotsuoa. (Pesaleme ea 37:11; Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 14) Kahoo, ho beha mabaka ha Pauluse ho Ba-Roma ke habohlokoa haholo ho linku tse ling hammoho le batlotsuoa. Hape keletso e ntle ea buka ena bakeng sa ho phela tumellanong le ho boleloa ha rōna re lokile ke ea bohlokoa bakeng sa Bakreste bohle.
The Book of Life, e hlophisitsoeng ke Lingaka Newton Marshall Hall le Irving Francis Wood, ea bolela: “Lehlakoreng la khang le la thuto [Ba-Roma] e fihla sehlohlolong sa thuto e bululetsoeng ea Pauluse. E beha litaba ka tsela e nahanelang, e masene, empa leha ho le joalo e na le matla. . . . Ho ithuta lengolo lena ho tlisa moputso oa hona o enneng le o khaphatsehang.” Ke hobane’ng ha u sa ipalle buka ena ka bouena ’me u thabele “litaba tse molemo” tseo e li fupereng, e leng “matla a Molimo a poloko”?—Ba-Roma 1:16, NW.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Ha ho borena [ba lefatše] bo sa tsoeng ho Molimo.” Sena hase bolele hore Molimo o beha morena e mong le e mong setulong. Ho e-na le hoo, babusi ba lefatše ba teng feela ka tumello ea Molimo. Mabakeng a mangata, babusi ba batho ba ’nile ba bonoa le ho boleloa esale pele ke Molimo ’me ka baka leo ba ile ba ‘beoa moo ba leng teng ke Molimo.’—Ba-Roma 13:1.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museo della Civiltá Romana, Roma
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
Bakreste baa bolelloa: “Le ikapese ka Morena Jesu Kreste.” Sena se bolela hore ba lokela ho latela mehlala ea Jesu haufi-ufi, ba mo etsise ka ho beha lithahasello tsa moea ho e-na le lithahasello tsa nama ka pele bophelong ba bona, kahoo, ‘ba se baballe nama ho e khorisa litakatsong tsa eona.’—Ba-Roma 13:14.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
Pauluse o ile a bolella Baroma hore ba ‘lumelisane ka kako e halalelang.’ Leha ho le joalo, mona o ne a sa hlome moetlo o mocha oa Bokreste kapa tšebeletso ea bolumeli. Mehleng ea Pauluse, ho aka motho phatleng, molomong, kapa letsohong hangata ho ne ho etsoa e le pontšo ea tumeliso, lerato, kapa tlhompho. Kahoo, Pauluse o ne a bua feela ka mokhoa o neng o tloaelehile mehleng ea hae.—Ba-Roma 16:16.