Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 10/1 leq. 3
  • Na U Laba-labela Nako eo ka Eona . . .

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Laba-labela Nako eo ka Eona . . .
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšosi—Karabo ke Efe?
    Tsoha!—1987
  • Bokhukhuni—Bo Haufi le ho Fela!
    Tsoha!—2001
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
  • Ho Hloka Bolulo—Ho Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 10/1 leq. 3

Na U Laba-labela Nako eo ka Eona . . .

□ u tla ikutloa u bolokehile ’me u sireletsehile lehaeng la hao—ho sa tsotellehe hore na ke nako efe ea letsatsi?

□ ho ke keng ha hlokahala liloko, mekoallo, litšepe tse hlabang mokhosi, masobana a ho hloelisa ka ntle, literata tse kampelang majarete, balebeli, lintja tse lebelang, le mekhoa e meng ea tšireletso?

□ u tla tsamaea literateng u le mong u bolokehile ka ho phethahetseng, esita le bosiu?

□ lithethefatsi tse kotsi le mathata ’ohle a amanang le tsona li ke keng tsa hlola li hopoloa?

□ lintoa tsohle li tla fela, ’me lihlomo li se ke tsa hlola li etsoa kapa hona ho bokelloa?

□ u ke keng ua hlola u tšoenyeha ka lijo, moea, le metsi a silafetseng?

□ botšosi, ho koetela batho, le litšokelo tsa liqhomane li tla felisoa ka ho felletseng?

□ lihlahisoa tsa lefatše tsa tlhaho li tla sireletsoa, li bolokoe, ’me li sebelisoe ka bohlale molemong oa bohle?

□ meharo le boithati li ke keng tsa hlola li e-ba le tšusumetso e matla har’a batho?

□ bana ba tla lula ba hloka molato ba bile ba hlompha ba bang le thepa ea bona?

□ basali ba ke keng ba hatelloa le ho etsoa hampe?

□ melao le litaelo e tla ba tse nang le toka le tse sebelisoang ka ho hloka leeme molemong oa bohle?

□ ’muso o tla etsa liqeto tse theiloeng litlhokong tsa sebele eseng lipolotiking?

□ tokoloho le ho lekana ha batho li ke keng tsa rutoa feela empa li tla sebelisoa?

□ bofuma bo ke keng ba hlola bo e-ba teng, empa bohle ba tla ba le eng kapa eng eo ba e hlokang bakeng sa bophelo bo botle, boiketlo, le thabo tsa bona?

□ bana e tla ba ba laba-labeloang le ba hlokomeloang ho se mohla ba tšoaroang hampe kapa ba lahloang?

□ boloetse le lefu li tla fenngoa, ’me ho se hlole ho e-ba le mafu a seoa a tšabehang?

□ e mong le e mong eo u kopanang le eena e tla ba ea mosa, ea thusang, le ea ka tšeptjoang?

□ ka sebele bophelo ba e mong le e mong bo tla nkoa e le ba bohlokoa, ’me bohle ba fumane thabo e sa feleng?

□ bolumeli e ke keng ea hlola e e-ba tšusumetso e bakang karohano, e lebisang ho ngangelleng tumelo e itseng, lehloeong, le lintoeng?

□ bohle ba tla ba le libaka tse lekaneng le tse thabisang tseo ba phelang ho tsona, ’me ho hloka mahae e tla ba ntho ea nako e fetileng?

Haeba u ka arabela ka e ho efe kapa efe ea lipotso tse ka holimo, u tla thahasella ho bala lihlooho tse latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela