Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 10/15 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahala’ng Lefung la Lipaki Tsa Jehova?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Pono ea Bokreste ka Meetlo ea Lepato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mapato a Bakreste aa Hlompheha, a Itekanetse a Bile a Khahlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Tšelisang ba Shoetsoeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 10/15 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Ke hobane’ng ha New World Translation e fetolela lentsoe la Seheberu ʽa·rumʹ ho Genese 3:1 e le “cautious” (masene) ha liphetolelo tse ling tsa Bibele li le fetolela e le “mano” kapa “bohlale”?

Lengolo leo le baleha tjena: “Joale noha ea ipaka ho ba masene haholo ho feta liphoofolo tsohle tse hlaha tse serapeng tseo Jehova Molimo a neng a li entse. Eaba e re ho mosali: ‘A efela Molimo o itse le se ke la ja lifate tsohle tse serapeng na?’”

Ho Liproverbia 12:23 le libakeng tse ling, New World Translation e fetolela lentsoe la Seheberu ʽa·rumʹ e le “seli,” e leng moelelo o le mong oa motheo oa lentsoe lena ha le sebelisoa ho batho. Empa ʽa·rumʹ e na le meelelo e fapaneng, joalokaha ho le joalo ka mantsoe a mangata. Ka mohlala, Benjamin Davidson o hlalosa ʽa·rumʹ ka tsela ena: “I. maqiti a bolotsana, mano, bohlale haholo.—II. bohlale, masene.”—The Analytical Hebrew and Chaldee Lexicon.

Joale, ke hobane’ng ha New World Translation e khetha moelelo oa bobeli oa “masene” ho Genese 3:1? Khetho eo e lumellana le liphetolelo tse ling. Ka mohlala, ha Genese 3:1 e ne e fetoleloa Segerikeng ho Septuagint version ea lekholong la boraro la lilemo B.C.E., lentsoe phroʹni·mos le ne le sebelisitsoe—lona lentsoe leo hamorao le ile la sebelisoa ho Mattheu 10:16: “Le be masene joaloka linoha ’me le be bonolo joaloka maeba.”—Today’s English Version.

Setsebi sa Seheberu Ludwig Koehler o ile a bua sena khale ka 1945: “Noha e lihlong. Taba ena e ka hlalosoa ka mokhoa o utloahalang ka Segerike ka lentsoe phronimos, hobane ke ka lihlong tsena kapa masene noha e bontšang hore e na le phrenes ebile ea e sebelisa.” Phreʹnes mona e bolela bohlale ba tlhaho boo le liphoofolo tse ling li bo bontšang.—Bapisa le Liproverbia 30:24.

Leha ho le joalo, ho na le lebaka la bohlokoa haholoanyane la ho sebelisa lentsoe “masene” ho e-na le “seli” kapa “bohlale” ho Genese 3:1. Ho bolela hore noha e bohlale mona, le pele ho hlalosoa hore e khelosetsa Eva sebeng, ho ka ’na ha etsa hore babali ba bangata ba etse qeto ea hore Bibele e bua ka noha feela tjee e phethang morero ona ka baka la bohlajana ba eona bo sa tloaelehang. Tlhaloso e joalo e ne e tla theolela tlaleho ena boemong ba tšōmo—le hona e le tšōmo e sa utloahaleng.

Ka lehlakoreng le leng, Bibele e ruta hore ho ne ho na le ho fetang feela noha e bohlale mosebetsing serapeng sa Edene. Tšenolo 12:9 e bontša ka ho hlaka hore “noha ea khale” ke Satane Diabolose. E ne e le matla a sa bonahaleng, a phahametseng motho a neng a sebelisa noha joalokaha ho etsa sebapali se khonang ho etsa eka ho bua sona empa ha e le hantle ho bua mohloli o mong o sa bonoeng ke bashebelli. Masene ana a tlhaho a noha a entse hore e be khetho e loketseng bakeng sa ho sebelisetsoa leqheka. Eare ha e sa balehe ka masene joalokaha e ne e le tlhaho ea eona empa ho e-na le hoo e bula molomo oa eona ka sebete ’me e bua le Eva, e ile ea khona ho hula tlhokomelo ea Eva ka mokhoa o atlehileng haholoanyane.

Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ha le na litšōmo, ’me New World Translation e re thusa ho utloisisa ’nete ena, ka phetolelo e nepahetseng.—2 Timothea 3:16.

◼ Kaha Lipaki tsa Jehova lia tseba hore bafu ha ba ikutloe, ke hobane’ng ha li ntse li ikutloa hore ho bohlokoa ho ea mapatong a balumeli-’moho?

Tsebo e nepahetseng e tsoang Bibeleng ka boemo ba bafu e sireletsa Lipaki tsa Jehova boikutlong bo fosahetseng le boitšoarong bo seng bohlale bo hlahisoang ke hona mapatong. E boetse e li fa mabaka a ho ea mapatong a Bokreste.

Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlakileng hore ha motho a shoa, ha a tsoele pele a phela e le sephefumolohi se sa shoeng. (Moeklesia 9:5) Ka mor’a lefu, setopo se khutlela leroleng, ebang ke ka ho bola ka tlhaho kapa ke ka ho chesoa. Ea hlokahetseng ha a sa phela; o tla phela hape haeba feela Molimo o mo tsosa nakong e tlang.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

Ka baka leo, Lipaki tsa Jehova ha li latele mekhoa ea lepato e theiloeng tumelong ea hore motho ea shoeleng o ne a e-na le sephefumolohi se sa shoeng, se tsoelang pele se phela kae-kae. Ha li kopanele litebelong, ka lipina tse lerata kapa ka lillo tse etsetsoang ho tšosa “meea,” leha e le tebelong ea bosiu bohle kapa ho hlomoha ka ho fetelletseng ho etsetsoang ho khutsisa bafu.

Leha ho le joalo, sena hase bolele hore batho ba Molimo ha ba lle. Lefu la mong ka motho kapa motsoalle ea haufi ke phihlelo e utloisang bohloko, esita le ho barapeli ba ’nete ba nang le tsebo e nepahetseng ka bafu. Ka mohlala, ha Jakobo a ne a nahana hore phoofolo e hlaha e bolaile Josefa, mopatriareka o ile “a llela mora oa hae ka litšiu tse ngata.” Re bala hore “bara ba hae kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa.” (Genese 37:33-35) Ha Jakobo ea tšepahalang a e-shoa, Josefa o ile “a laela lingaka tse mo sebeletsang hore li noke Ntat’ae,” ’me “Ba-Egepeta ba mo llela matsatsi a mashome a supileng.” Le hoja lelapa la Jakobo le ne le sa lumele ponong e fosahetseng ea Baegepeta ka bafu, ka ho hlakileng le ile la angoa ke lefu la Jakobo. “Le ba ntlo ea Josefa kaofela, le banab’abo” ba ne ba batla hore Jakobo a patoe hantle, ’me esita le batho ba ka thōko ba ne ba hlokomela hore ba ne ba lla.—Genese 50:1-11.

Ho ka qotsoa mehlala e meng e mengata ea Bibele moo ho eona bahlanka ba Jehova ruri ba ileng ba angoa ke lefu la morapeli-’moho kapa mong ka bona ’me ba lla ka ho loketseng.a Ha Jesu a na le beng ka Lazaro ba hlomohileng, Jesu o ne a sa bontše ho se amehe ho se nang maikutlo a kutloelo-bohloko kapa ho thaba ka ho sa hlokahaleng. Le hoja Jesu a ne a e-na le tšepo matleng a tsoho, o ile a lla. (Johanne 11:33-35) Ka mor’a hore Jesu ka boeena a shoe, barutuoa ba hae ba ile ba lla, le hoja a ne a ba bolelletse hore o tla bolaoa ’me a boele a tsosetsoe bophelong.—Mattheu 16:21, 28; Johanne 16:17-20; 20:11.

Bahlanka ba Molimo kajeno ba utloa masoabi a tlisoang ke lefu. Leha ho le joalo, kutloisiso ea bona ea Bibele e ba thusa hore ba fokotse kapa ba leka-lekanye ho lla ha bona, tumellanong le 1 Ba-Thessalonika 4:13, 14: “Banab’eso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joalo ka ba bang ba se nang tšepo. Hobane ha re lumetse hoba Jesu o kile a shoa, a ba a tsoha, le hona re tšoanetse ho lumela hoba ba ithobaletseng, Molimo o tla ba tsosa ka Jesu, ’me o ba hlahise le eena.”

Ho thoe’ng, he, ka ho ea lepatong la Bokreste (kapa puong ea sehopotso e mabapi le molumeli)? Ho na le mabaka a Bibele a etsang hore Lipaki li ikutloe hore ho molemo ho tšoara le ho ea linthong tse joalo.

Hopola hore ha ho ne ho bonahala hore Jakobo o lahlehetsoe ke mor’a hae, “bara ba hae kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa.” (Genese 37:35) Linaheng tse ngata ho tloaelehile hore beng ka motho ba tle lepatong. Hona ho fana ka monyetla ho ba bang, bao e ka ’nang eaba ba ne ba se haufi-ufi ’me ba sa ameha haholo maikutlong, hore ba fane ka mantsoe a kutloelo-bohloko le matšeliso. Ka mor’a hore Lazaro a shoe ‘Bajode ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tšelisa bakeng sa ho shoa ha khaitseli ea bona.’ (Johanne 11:19) Sena se boetse se ama Bakreste ba batlang hore ba “khone ho tšelisa ba leng mahlomoleng leha e le afe.”—2 Ba-Korinthe 1:4, NW.

Balebeli ba Bakreste, le hoja e ka ’na eaba ba tšoarehile haholo, ba lokela ho etella pele ho faneng ka matšeliso ho mohlape. Baa hopola hore mohlala oa bona Jesu, Molisa e Molemo, o ile a laeloa ‘ho folisa ba robehileng lipelo, ho tšelisa ba llang kaofela.’ (Esaia 61:1, 2; Johanne 10:14) Jesu ha a ka a fana ka matšeliso a joalo feela ka nako e tšoanelang. O ne a ikemiselitse ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho ba le beng ka Lazaro ba shoetsoeng—e le ho kopanela masoabing a bona.—Johanne 11:11, 17, 33.

Esita le Bakreste ba ka ’nang ba hlōleha ho bua ho eketsehileng ho ba shoetsoeng ha ba le lepatong ba ka etsa molemo ka hore feela ba be teng. Litho tsa lelapa tse llang li ka fumana khothatso e khōlō ka boteng bo bontšang kutloelo-bohloko ba ba bangata—ba banyenyane le ba baholo—ba tsoang phuthehong ea Bokreste. Hopola boikutlo ba Bajode ba bang ha Jesu a ne a e-tla ho likhaitseli tsa Lazaro tse hlomohileng: “A le ke le boneng! o na a mo rata hakakang!” (Johanne 11:36) Beng ka motho ba sa lumelang, baahisani, kapa basebetsi-’moho ba tlileng lepatong la Mokreste ba ’nile ba susumetsoa ke palo e khōlō ea Lipaki tse teng ’me ka hona ba amohela habobebe linnete tsa Bibele tse fanoang.

Boitšoaro ba Lipaki tse ileng lepatong bo tlameha ho lokela maemo. Le hoja li tseba hore ea hlokahetseng ha a utloe bohloko, ’me li kholisehile hore tsoho e emetse bohle ba tšepehang, ba nka ka ho teba keletso ena: ‘Nako e teng ea ho lla, e teng nako le ea ho tšeha; nako e teng ea ho bokolla, e teng nako le ea ho hobela.’ (Moeklesia 3:4) Lepato kapa tšebeletso ea sehopotso hase nako ea moqoqo o lerata, le oa bosoasoi. Ke nako ea ho nahanela, tumellanong le keletso ena: “Thabang le ba thabileng, ’me le lle le ba llang.”—Ba-Roma 12:15.

Ho na le lebaka le leng le etsang hore Lipaki tsa Jehova li ee mapatong. Lentsoe la Molimo le re: “Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, ’me motho ea phelang o nahana teng. . . . Pelo ea ba hlalefileng e rata ho ba teng ka tlung ea bofifi, athe pelo ea maoatla e rata ka tlung ea thabo.”—Moeklesia 7:2-4.

Le hoja Lipaki tsa Jehova li e-na le lebaka la tšepo, mantsoe ao a ile a bululeloa ’me a ngoloa Bibeleng molemong oa rōna. Lepato le ka tšoantšoa le “ntlo ea bofifi.” Ha re le moo, mehopolo ea rōna e ka tloha linthong tse tloaelehileng tseo re amehang ka tsona kapa mesebetsing e tloaelehileng ’me ra e tsepamisa tabeng ea ho khutsufala ha bophelo. E-bang ke ka ho kula kapa ke ka “ketsahalo e sa lebelloang,” lefu le ka otla leha e le ofe oa rōna ’me ka potlako la etsa hore re be sieo, hobane “motho le eena ha a tsebe nako ea hae.” (Moeklesia 9:11, 12, NW) Batsoali ba eang le bana ba bona lepatong la Bokreste ba ka ’na ba fumana hore sena se lebisa puisanong ka ho ba teng ha lefu, ho hloka ha rōna topollo, le bohlale ba ho sebeletsa “Molimo o tsosang bafu.”—2 Ba-Korinthe 1:9; Moeklesia 12:1, 13.

Lipaki tsa Jehova ha li nke mapato e le mekete ea bolumeli, empa li hlokomela hore liketsahalo tsena tse utloisang bohloko li fana ka monyetla oa ho fana ka matšeliso. Ka ho kopanela ho tsona, Bakreste ba ka fana ka bopaki ba lerato le tlhompho eo ba neng ba e-na le eona ho Mokreste-’moho le bona. ’Me ba ka ’na ba susumetsoa hore ba nahane ka ho teba ka seo bophelo bo leng sona, le kamoo ba lokelang ho sebelisa bophelo ba bona ka teng pel’a Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Genese 23:2, 19; Numere 20:29; Deuteronoma 34:7, 8; 2 Samuele 1:11, 12; 3:31-34; 13:32-37; 18:33; 2 Likronike 35:24, 25; Jobo 1:18-20; Pesaleme ea 35:14; Jeremia 9:1; Luka 7:12, 13; 8:49-52; Liketso 8:2; 9:39.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela