Tšelisang ba Shoetsoeng
1. Ke hobane’ng ha batho ba shoetsoeng ba hloka matšeliso?
1 Ho shoeloa ke motho eo u mo ratang ke ntho e bohloko ka ho fetisisa, haholo-holo ho ba se nang tšepo ea ’Muso. (1 Bathes. 4:13) Ba bangata ba atisa ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Ho etsahala’ng ka bona? Na ke sa tla bona moratuoa oa ka hape?’ Lirapeng tse latelang re tla fana ka litlhahiso bakeng sa ho tšelisa bao re kopanang le bona tšimong ba shoetsoeng ke mong ka bona kapa motsoalle.—Esa. 61:2.
2. Haeba mong’a ntlo a re bolella hore o hlahetsoe ke lefu, na kamehla re lokela ho qeta nako e telele?
2 Ka Ntlo le Ntlo: Mong’a ntlo a ka ’na a re bolella hore ba sa tsoa hlaheloa ke lefu. Na o utloile bohloko? Na ntlo e tletse beng ka eena ba siameng? Haeba ho le joalo, ho ka ba molemo ho se qete nako e telele. (Moek. 3:1, 7) Mohlomong re ka mo bolella hore re mo utloela bohloko ka se mo hlahetseng, ra mo fa pampitšana e loketseng, makasine kapa bukana, re ntan’o tsamaea. Ebe re khutla ka nako e loketseng ho tla mo tšelisa ka ho eketsehileng ka Bibele.
3. Haeba maemo a lumela, ke mangolo afe ao re ka a ballang mong’a ntlo ea shoetsoeng?
3 Ka linako tse ling re ka ’na ra lemoha hore re ka khona ho bua ho eketsehileng ketelong ea pele. Le hoja ena e se nako ea ho hanyetsa maikutlo a fosahetseng, re ka ’na ra khona ho ba balla litšepiso tsa Bibele mabapi le tsoho. (Joh. 5:28, 29) Kapa re ka ba bolella seo Bibele e se buang ka boemo ba bafu. (Moek. 9:5, 10) Ho bala tlaleho ea Bibele e buang ka tsoho ho ka ’na ha ba tšelisa. (Joh. 11:39-44) Kapa re ka tšohla mantsoe a Jobo ea tšepahalang ea ileng a bontša hore o tšepile Jehova. (Jobo 14:14, 15) Pele re tsamaea, re ka ’na ra siea bukana ea Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, kapa e ’ngoe e loketseng kapa pampitšana. Kapa re ka ’na ra siea buka ea Seo Bibele e se Rutang, eaba re bua ka lintlha tse khaolong ea 6, ebe re tšohla sehlooho seo ka ho eketsehileng ha re khutlela moo.
4. Ke maemo afe a mang ao ho ’ona re ka fanang ka matšeliso?
4 Maemo a Mang: Haeba ho tla tšoaroa tšebeletso ea lepato kapa ea sehopotso sa bophelo ba mofu Holong ea ’Muso, na batho bao e seng Lipaki ba tla ba teng? Ba ka fuoa lingoliloeng tse fanang ka matšeliso. Limmoshara tse ling li ’nile tsa thabela ho fuoa lingoliloeng tse loketseng tse ka fuoang malapa a shoetsoeng. Ka linako tse ling, litsebiso tsa mapato tse hlahang likoranteng li fane ka monyetla oa hore ho ngolloe litho tsa malapa tse shoetsoeng lengolo le lekhutšoanyane le tšelisang. Ka lekhetlo le leng, eitse ha monna e mong ea shoetsoeng ke mosali a qeta ho fumana lengolo le neng le kenyelelitse lipampitšana, o ile a ea lapeng la mohoeletsi a e-na le morali oa hae eaba o re: “Na ke lōna ba ’ngoletseng lengolo lee? Ke batla ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng!” Monna eo le morali oa hae ba ile ba lumela hore ba khanneloe thuto ea Bibele ’me ba qala ho ea libokeng tsa phutheho.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho lemoha menyetla ea ho tšelisa ba shoetsoeng?
5 Moeklesia 7:2 e re: “Ho molemo ho ea ntlong ea ho siama ho feta ho ea ntlong ea mokete.” Hangata ho bonolo hore motho ea shoetsoeng a mamele Lentsoe la Molimo ho feta motho ea ratang menyaka. Kaofela ha rōna re lokela ho lemoha menyetla e loketseng ea ho tšelisa ba shoetsoeng.