Emang le Tiile Tokolohong ea Bokreste!
Lintlha tse Khōlō tse ho Ba-Galata
JEHOVA ke Molimo oa tokoloho. (2 Ba-Korinthe 3:17) Mora oa hae, Jesu Kreste, o itse: “Le tla tseba, ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) ’Me ha moapostola Pauluse a etsisa Kreste, o ile a bolela litaba tse molemo tsa tokoloho.—Ba-Roma 6:18; 8:21.
Ka ho tsebahatsa molaetsa oo o fanang ka tokoloho, Pauluse o ile a thea liphutheho tsa Galatia (setereke sa Roma se Asia Minor) nakong ea leeto la hae la pele la boromuoa (47-48 C.E.). Bagalata ba ne ba tseba ka qeto ea sehlopha se busang ea hore lebollo ha le hlokahale ho Bakreste. (Liketso 15:22-29) Empa ba neng ba lumela Bojodeng ba ne ba batla ho ba kenya bohlankeng ka ho tsitlella hore ba bolle. Kahoo Pauluse o ile a hatisa tokoloho ea Bokreste lengolong leo a ileng a le ngolla Bagalata a le Korinthe kapa Antioke ea Syria hoo e ka bang ka 50-52 C.E. Ka mohlala, o itse: “Kreste o re lokolotse molemong oa tokoloho . . . . Ka hona emang le tiile, le se ke la itumella hore le kenngoe hape jokong ea bokhoba.”—Ba-Galata 5:1, NW.
Pauluse o Sireletsa Boapostola ba Hae
Pauluse o ile a bontša pele hore boapostola ba hae bo bile teng “ka Jesu Kreste, le ka Molimo.” (1:1–2:14) Ka baka la tšenolo, Pauluse (a e-na le Barnabase le Tite) o ile a ea Jerusalema mabapi le bothata ba lebollo. Mono Jakobo, Kefase (Petrose), le Johanne ba ile ba hlokomela hore o nehiloe matla a ho ba moapostola lichabeng. ’Me hamorao ha Petrose a ikarola ho balumeli ba Balichaba ba Antioke kahobane a ne a tšaba Bakreste ba Bajode ba tsoang Jerusalema, Pauluse o ile a mo khalemela.
Ke Joang Motho a Boleloang a Lokile?
Moapostola o bile a phahamisa ntlha e matla ea hore ke feela ka tumelo ho Jesu Kreste mang kapa mang a ka boleloang a lokile. (2:15–3:29) Bagalata ba ile ba fumana moea oa Molimo ka baka la ho amohela litaba tse molemo ka tumelo, eseng ka baka la mesebetsi ea molao. Bara ba ’nete ba Abrahama ba na le tumelo, empa batho ka bomong ba lekang ho ipaka ba lokile ka “mesebetsi ea molao, ba thohakong.” Hobane’ng? Hobane ba ke ke ba boloka Molao ka ho phethahetseng. Ha e le hantle, Molao o entse hore litlōlo li be pepeneneng ’me e ne e le “molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste.”
Emang le Tiile!
Ka lefu la hae, Kreste o ‘lokollotse ba leng ka tlas’a molao.’ Empa balateli ba hae ba tlameha ho ema ba tiile tokolohong ea Bokreste. (4:1–6:18) Kahoo ho ne ho hlokahala hore Bagalata ba hanele mang kapa mang ea lekang ho ba qobella ho amohela joko ea bokhoba. Ho feta moo, ba ne ba sa lokela ho sebelisa tokoloho ea bona hampe empa ba ne ba lokela ho qoba “mesebetsi ea nama” ’me ba bonahatse tholoana ea moea oa Molimo. Ba batlang ho ba kenya bohlankeng ba Molao ba ne ba batla ho “khahlisa ka nama,” ho qoba mahloriso, ’me ba be le seo ba ka ithorisang ka sona. Leha ho le joalo, Pauluse o bontšitse hore ho bolla le boqai hase letho. Ho fapana le hoo, “taba ke hore motho e be ’mōpuoa e mocha.” O rapelletse khotso le mohau hore li be ho Iseraele oa moea, bao e leng ba pōpo eo e ncha.
Lengolo la Pauluse le eang ho Bagalata le ile la ba thusa ho hanela ba ratang ho ba etsa makhoba moeeng. E se eka le ka boela la re thusa ho bontša tholoana ea moea le ho ema re tiile tokolohong ea Bokreste.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Likoapa: Pauluse o ngotse: “Ho se be ea nkhathatsang hobane ’meleng oa ka ke na le likoapa tsa lekhoba la Jesu.” (Ba-Galata 6:17, NW) Har’a bahedene ba bang ba boholo-holo, makhoba a ne a tšoauoa ho khetholla beng ba ’ona. Matšoao a sa tšoaneng a ne a chesoa kapa a ngoloa nameng ea bona. Ntle ho pelaelo, litlhekefetso tse ngata tse entsoeng ’meleng oa Pauluse ka baka la tšebeletso ea hae ea Bokreste li ile tsa siea metoa e itseng, e tiisang ho ipolela ha hae e le mohlanka ea tšepahalang oa Kreste, ea hlorisitsoeng ka baka la Hae. (2 Ba-Korinthe 11:23-27) Mohlomong “likoapa” tsena ke tseo Pauluse a neng a bua ka tsona, kapa mohlomong o ne a nahana ka bophelo boo a bo phetseng e le Mokreste, a bontša tholoana ea moea oa Molimo le ho phethahatsa tšebeletso ea hae.
[Setšoantšo]
Makhoba a Roma a ne a qobelloa ho sebeletsa benghali ba ’ona, empa Pauluse e ne e le lekhoba le ikemiselitseng le le thabileng la Jesu Kreste