Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 1/15 leq. 7
  • U Tseba Bibele Hantle Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tseba Bibele Hantle Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka eo Bacha ba Bangata ba sa e Thahaselleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2014
  • Litaba Tsa TV—Ke Tse Kae Tsa Tsona Tseo e Hlileng e Leng Litaba?
    Tsoha!—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 1/15 leq. 7

U Tseba Bibele Hantle Hakae?

‘Ho thoe’ng ka buka ea Thomase? Ka sebele, e teng ka Bibeleng. Empa buka ea Jonase ha e-eo. Ho thoe’ng ka sebaka sa tsoalo ea Kreste? Sebaka seo ke Jerusalema—kapa na e ne e le Nazaretha? Ha ke tiisehe hantle hore na ebe buka ea Esaia e karolong ea pele kapa ea bobeli ea Bibele. Ho thoe’ng ka palo ea baapostola? Ruri ha ke tsebe.’

MAKASINE Christianity Today o re: “Likarabo tsena e ne e ke ke ea e-ba tse makatsang haeba boitsebiso bo ne bo bokelletsoe har’a bao e seng Bakreste. Ho makatsang—le ho tšoenyang—ke ho hloka tsebo ea Mangolo ho fumanoeng har’a Bakreste ba tsoetsoeng la bobeli.”

Ka mohlala, karolo ea 22 lekholong ea ba ipolelang hore ke Bakreste ba ileng ba hlahlobjoa ba ne ba nahana hore ho hlile ho na le buka ea Thomase ka Bibeleng, ha karolo ea 13 lekholong e ne e sa tiiseha. Ha e le ka Jonase, karolo ea 27 lekholong e ile ea bolela hore ha e eo ka Bibeleng, ’me karolo ea 12 lekholong e ne e sa tsebe. Karolo ea 6 lekholong e ne e sitoa le ho hakanya sebaka seo Kreste a tsoaletsoeng ho sona feela, ha karolo ea 16 lekholong e ile ea re ke Jerusalema, ’me karolo ea 8 lekholong e ile ea bolela hore ke Nazaretha. Karolo ea 13 lekholong kaofela e ne e sa tsebe moo buka ea Esaia e fumanehang teng ka Bibeleng, ha karolo ea 11 lekholong e ile ea bolela hore e ka Mangolong a Segerike a Bakreste (“Testamente e Ncha”). ’Me leha ba bangata ba ne ba tseba hore baapostola ba ne ba le 12, karolo ea 12 lekholong e ile ea fana ka palo e ’ngoe, ho tloha ho 2 ho fihlela ka holimo ho 20, ’me karolo ea 10 lekholong e ne e sa tsebe palo ea bona ho hang.

Potso e ileng ea fana ka bothata bo boholo e ne e le hore na polelo “Molimo o thusa ba ithusang” ea fumaneha ka Bibeleng kapa che. Ke karolo ea 38 lekholong feela ea “Bakreste” ba ileng ba hlahlobjoa ba neng ba tseba hore ha e fumanehe kae kapa kae ka Bibeleng, ha ba etsang palo e khōloanyane, karolo ea 42 lekholong, ba ne ba nahana hore ke temana e qotsitsoeng Bibeleng. Ba bang kaofela ba ne ba sa tsebe.

Christianity Today ea botsa: “Ke hobane’ng ha ho e-na le ho hloka tsebo ea Bibele ho hongata hakaale? Mohlomong, ho hlahisoa ke ho se bale Bibele. Halofo ea baahi bohle ba Amerika ha e bale Bibele. Boholo ba Bakreste bohle ba tsoetsoeng la bobeli ba bala Bibele hang kapa habeli ka beke, kapa ha ba e bale ho hang. Ha ho makatse ha Bakreste ba bangata hakana ba tseba ho fokolang hakana ka Mangolo!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela