Litaba Tsa Puso ea Molimo
Marshall Islands: Ka kakaretso ho bile le bahoeletsi ba 203 ka February—keketseho ea karolo ea 4 lekholong ho feta khoeling e tšoanang selemong se fetileng!
Norway: Ka February 1999, palo ea bo-pula-maliboho ba thusang e ne e nyolohile ka karolo ea 72 lekholong ho feta ka February 1998; bo-pula-maliboho ba kamehla ka karolo ea 9 lekholong; maeto a ho boela ka karolo ea 4 lekholong; ’me lithuto tsa Bibele ka karolo ea 6 lekholong. Libuka le libukana tse ileng tsa tsamaisoa le tsona li ile tsa eketseha.
Romania: Ho bile le keketseho e ntle tšebeletsong ea bopula-maliboho le palong ea lithuto tsa Bibele tse khannoang, ka tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 37 502 tšimong ka February.
Afrika Boroa: Palo ea Liholo tsa ’Muso tse nehetsoeng selemong sena sa tšebeletso e eketsehile ho fihlela ho tse 11 ka ho neheloa ha liholo tse tharo tse latelang: ea Eersterivier (Kapa Bophirimela), ea Rookdale (Bergville), le ea Bloemfontein North. Holo ea Eersterivier, e leng ea bobeli sebakeng seo, ke ea mofuta o hahoang ka potlako. Rookdale ho na le bahoeletsi ba 12 feela, empa ba hahile holo e ntle eo ho eona ho ka lulang batho ba 80. Ka thuso ea barab’abo rōna ba tsoang Gauteng, ho ile ha hahuoa holo ea bobeli ea mofuta o hahoang ka potlako Bloemfontein.