Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Mangeloi ke meea, ha a na ’mele e bonahalang, joale ke hobane’ng ha le a hlahisa a e-na le mapheo litšoantšong? Na hoo e mpa e le neano ea bolumeli feela?
Hangata re tšoantša mangeloi a e-na le mapheo ka lebaka la litlhaloso tsa tšoantšetso tse fumanoang ka Bibeleng.
U nepile ha u bolela hore libōpuoa tsa moea ha li na ’mele e bonahalang e nang le mapheo a sebele—kapa tsona lifahleho, matsoho, maoto, kapa litho tse ling tsa ’mele. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha mangeloi a ne a itlhahisa ho bahlanka ba Molimo, e tlameha e be a ne a tšoana le batho ba tloaelehileng, hobane ka phoso ba ne ba nahana hore ke batho.—Genese 18:2, 22; 19:1; Baahloli 6:11-22.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling batho ba ’nile ba ba le lipono tsa mangeloi ’me ba a hlalosa. Moprofeta Ezekiele o ile a bona “libōpuoa tse utloang tse ’ne,” ’me ponong eo a ileng a e bona hamorao, o ile a hlalosa libōpuoa tsena e le mangeloi a sehlopha sa likerubime. (Ezekiele 1:5; 9:3; 10:3) Lengeloi ka leng mangeloing ana le ne le e-na le mapheo a mane, e leng ho bontšang matla a ’ona a ho arabela ka potlako litaelong tsa Molimo ka ho ea kae kapa kae. “Ha li ne li tsamaea, li ne li toba pele feela, li sa retelehe . . . Li ne li e-ea hohle moo moea o neng o rata ho ea teng. Ha li tsamaea, li ne li sa retelehe.”—Ezekiele 1:6, 9, 12, BPN.
Empa hase ka mehla mangeloi a bonoang ponong a neng a tšoana. Libōpuoa tsa mangeloi tse bitsoang lirafime tseo Esaia a ileng a li bona li ne li e-na le mapheo a tšeletseng. (Esaia 6:1, 2) Ho ne ho bile ho e-na le phapang pakeng tsa lipono tsa Ezekiele. Ponong ea pele, mangeloi a ne a e-na le maoto, a e-na le matsoho ka tlas’a lepheo ka leng mapheong ao a mane, le lifahleho tse ’nè (tse kang sefahleho sa motho, sa tau, sa poho, le sa ntsu). Ponong ea hae e hlahlamang, sefahleho se seng se ne se tšoana le sa kerubime ho fapana le sa poho, mohlomong e le ho bontša matla a maholo a likerubime. Hamorao ponong e ’ngoe ea mekhabiso ea tempele ea tšoantšetso, Ezekiele o ile a bona likerubime tse neng li e-na le lifahleho tse peli feela, se seng e le sa motho ha se seng e ne e le sa tau. (Ezekiele 1:5-11; 10:7-17; 41:18, 19) Ka Sehalalelisisong sa tabernakele, haesita le ka tempeleng e ileng ea ahoa ke Salomone Jerusalema, ho ne ho e-na le likerubime tse nang le mapheo a mabeli. Likerubime tsena li ne li le holim’a sekoahelo sa gauda sa lebokose le bitsoang areka ea selekane. Likerubime tse peli tsa gauda li ne li shebane, ’me li ne li e-na le mapheo a mabeli a koahetseng Areka. (Exoda 25:10-22; 37:6-9) Ka holim’a Areka (le sekoahelo sa eona) e neng e le ka tempeleng ea Salomone ho ne ho eme likerubime tse peli tse khōloanyane tsa gauda, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le mapheo a mabeli a phukaletseng.—1 Marena 8:6-8; 1 Likronike 28:18; 2 Likronike 5:7, 8.
Josephus o ile a ngola: “Ha e le ka likerubime [tseo] ka botsona, ha ho motho ea ka bolelang kapa a inahanela hore na li ne shebahala joang.” Ka hona, liithuti tse ling le litsebi tsa ho etsa litšoantšo li thea litšoantšo tsa tsona tsa mangeloi (haholo-holo tsa likerubime) holim’a seo ho thoeng ke mehlala ea boholo-holo ea Bochabela bo Haufi ea melimo e nang le sebōpeho sa liphoofolo tse nang le mapheo. Empa tataiso e tšepahalang haholoanyane ke tlhaloso ea Ezekiele ea hore likerubime tseo a ileng a li bona “li ne li na le tšobotsi ea batho.” (Ezekiele 1:5) Kahoo ha re etsa litšoantšo tsa mangeloi a leholimo likhatisong tsa rōna, ka tloaelo re a tšoantša a le sebōpehong sa motho. Re a bontša a e-na le mapheo ka lebaka la litlhaloso tse ngata tsa Bibele tsa mangeloi a fapa-fapaneng a nang le mapheo le ka lebaka la litlhaloso tsa hore mangeloi aa “fofa.”—Tšenolo 14:6; Pesaleme ea 18:10.
Qetellong, leqephe la 288 la Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! le na le setšoantšo sa sebōpuoa sa leholimo se mapheo, se roetseng moqhaka hloohong ea sona se bile se tšoere senotlolo letsohong la sona. Sena ke setšoantšo se hlakileng sa Tšenolo 20:1: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona.” Re utloisisa hore lengeloi lena le tšoereng senotlolo ke Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng. Setšoantšo seo se mo hlahisa a e-na le mapheo tumellanong le ’nete ea hore hangata mangeloi a bonoeng ponong a ne a e-na le mapheo.