Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 3/15 leq. 29
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang Mongoli oa Bibele?
    Tsoha!—2007
  • Molimo o Bululetse Bibele Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho na le Motho ea ka Tsebang Hore na ke Mang ea Ngotseng Bibele?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 3/15 leq. 29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Ke sengoli sefe sa Bibele seo e neng e le “molaoli oa lebotho la sesole,” joalokaha ho bontšitsoe bukeng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?a

Leqepheng la 10 buka ena e molemo e buang ka Lentsoe la Molimo e re: “Hape Bibele e-ea ikhetha ka baka la se boletsoeng ke lingoli tse ngata tsa eona. Batho ba ka bang 40, ba akarelletsang marena, balisa, batšoasi ba litlhapi, bahlanka ba ’muso, baprista, bonyane molaoli a le mong oa lebotho la sesole, le ngaka, ba kentse letsoho ha ho ngoloa likarolo tse fapaneng tsa Bibele. Empa nako le nako, lingoli li ne li bolela ntho e tšoanang: hore li ne li sa ngole mehopolo ea tsona empa li ne li ngola ea Molimo.”

Ba bang ba ile ba botsa hore na ke lingoli life tsa Bibele tse neng li na le mesebetsi kapa mahlale a fapa-fapaneng. Tabeng ena, ka kōpo hlokomela se latelang:

Marena: Lingoli tse ’maloa tsa Bibele e ne e le marena. Hang-hang re ka ’na ra be re se re hopola Davida le Salomone. (Sehlooho sa Pesaleme ea 3; Liproverbia 1:1; Moeklesia 1:1) Leha ho le joalo, pina e ho Esaia 38:10-20 e ngotsoe ke Ezekiase. (Temana ea 9) Litsebi tse ngata li lumela hore o ile a ngola le Pesaleme ea 119, mohlomong pele e e-ba morena. ’Me Ezekiase o ile a ba le karolo ho ngoloeng ha likhaolo tsa 25 ho ea ho 29 tsa Liproverbia. (Liproverbia 25:1) Khaolo ea ho qetela ea Liproverbia e ile ea ngoloa ke “Morena Lemuele.” Ba bang ba lumela hore Lemuele ke Morena Ezekiase, le hoja ba bang ba nahana hore e ne e le Morena Salomone.—Liproverbia 31:1.

Balisa: Davida le moprofeta Amose ba ne ba lisa. (1 Samuele 16:11-13; 17:15, 28, 34; Amose 1:1) Amose o ngotse buka ea Bibele e rehelletsoeng ka eena, ’me Davida o ngotse lipesaleme tse ngata. Pesaleme ea 23 e tummeng ka sebele e bontša hore Davida o ne a tloaetse ho lisa.

Batšoasi ba litlhapi: Har’a baapostola ba Jesu bao e neng e le batšoasi ba litlhapi, Johanne le Petrose hamorao ba ile ba susumetsoa hore ba ngole libuka tsa Bibele. (Mattheu 4:18-22) Tlas’a pululelo e tsoang ho Molimo Johanne o ile a ngola tlaleho ea Kosepele haesita le mangolo a mararo le buka ea Tšenolo. Petrose o ngotse mangolo a mabeli a bululetsoeng.

Bahlanka ba ’muso: Daniele le Nehemia e ne e le bahlanka mebusong ea balichaba e neng e busa batho ba Molimo. (Nehemia 1:1, 11; 2:1, 2; Daniele 1:19; 2:49; 6:1-3) Libuka tse peli tsa Bibele li rehelletsoe ka banna bana.

Baprista: Ba babeli ba baprofeta ba Molimo ba ileng ba sebelisoa ho ngola libuka tsa Bibele e ne e le baprista. E ne e le Jeremia le Ezekiele. (Jeremia 1:1; Ezekiele 1:1-3) Ho phaella moo, Esdrase e ne e le moprista lelokong la Aarone eo ‘e neng e le mongoli ea hloahloa molaong oa Moshe.’ O “na a sekehetse pelo ea hae ho batla molao oa Jehova le ho etsa ka oona, le ho ruta ba-Iseraele melao le likahlolo.”—Esdrase 7:1-6, 10, 11.

Molaoli oa lebotho la sesole: Karolo eo Joshua a ileng a e nka ho etelleng pele lebotho ha Ba-Iseraele ba ne ba kena Lefatšeng la Pallo a ba a loana le lichaba tse ngata tsa lira e mo etsa hore a tšoanelehe e le molaoli oa lebotho la sesole. (Joshua 1:1-3; 11:5, 6) O ile a ba le tokelo ea ho ngola buka ea Joshua. Joale, hape, babali ba bang ba Bibele ba ka ’na ba talima Davida e le ea ileng a sebetsa joaloka molaoli oa lebotho la sesole pele e e-ba morena.—1 Samuele 19:8; 23:1-5.

Ngaka: Qetellong, Ba-Kolosse 4:14 e bua ka “Luka, ngaka e ratoang.” Luka o ngotse Kosepele e rehelletsoeng ka eena, ’me ho hlakile hore o ngotse le Liketso tsa Baapostola.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ka 1989 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela