Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/1 maq. 4-7
  • Na Nako e se e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang ka Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Nako e se e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang ka Teng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lintho Tsohle li Tsoela Pele “Joaloka Qalehong ea Pōpo”?
  • Pontšo e Entsoeng ka Likarolo tse Ngata
    Tsoha!—1993
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/1 maq. 4-7

Na Nako e se e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang ka Teng?

MATSATSI a mararo pele ho lefu la hae, Jesu o ile a qeta letsatsi le maphatha-phathe haholo Jerusalema, letsatsi le ipakileng e le la bohlokoa bo boholo ka ho fetisisa ho Bakreste ba phelang hona joale. O ile a ruta ka tempeleng, a arabela lipotso tse ngata tse bolotsana tseo baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba neng ba leka ho mo tšoasa ka tsona. Qetellong, o ile a lebisa qoso e matla ka ho fetisisa ho bangoli le Bafarisi e neng e ba khetholla e le baikaketsi le linoha tse eang Gehenna.—Mattheu, likhaolo 22, 23, NW.

Ha a tloha tempeleng, e mong oa barutuoa ba hae o ile a re ho eena: “Moruti, bona, ke majoe a makakang, le mehaho e mekakang!” Jesu, ho se letho le mo khahlileng, a re ho eena: “Ua e bona mehaho e meholo eo? Ha ho ka ke ha lesoa mona lejoe holim’a lejoe le leng, le sa heletsoang.” (Mareka 13:1, 2) Joale Jesu o ile a tloha tempeleng ka lekhetlo la ho qetela, a theohela Khohlong ea Kedrone, a e tšela, ’me a hloa letsoapong la Thaba ea Mehloare.

Ha a ntse a lutse a orile letsatsi la motšehare oa mantsiboea moo thabeng, tempele e hlahelletse holim’a Thaba ea Moria ka ’nģane ho khohlo, Petrose, Jakobo, Johanne, le Andrease ba tla ho eena ba ’notši. Likelello tsa bona li ne li tšoentsoe ke mantsoe ao a neng a ile a a bua mabapi le ho heletsoa ha tempele. Ba ile ba botsa: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo ea ho ba teng ha hao le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW; Mareka 13:3, 4) Karabelo eo a ileng a fana ka eona potsong ea bona mantsiboeeng ao Thabeng ea Mehloare ke ea bohlokoa bo boholo ho rōna. E ka etsa hore re se ke ra leta nako e telele pele re nahana ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho.”

Potso ea bona e ne e le habeli. Karolo e ’ngoe e ne e le e botsang ka bofelo ba tempele le tsamaiso ea Sejode; e ’ngoe e ne e ama ho ba teng ha Jesu e le Morena nakong e tlang le bofelo ba tsamaiso ena ea hona joale ea lintho. Lipotso tsena ka bobeli li ile tsa akaretsoa ke karabelo ea Jesu, joalokaha e fanoe ho Mattheu 24 le 25, Mareka 13, le Luka 21. (Bona le Tšenolo 6:1-8.) Mabapi le bofelo ba lefatše lena, kapa tsamaiso ea lintho, Jesu o ile a hlalosa litšobotsi tse ’maloa tseo ha li kopanngoa hammoho, li neng li ka bōpa pontšo e entsoeng ka lipontšo tse ngata e tšoaeang mehla ea qetello. Na pontšo eo e entsoeng ka lipontšo tse ngata ea phethahala? Na e re beha mehleng ea qetello e boletsoeng ka Bibeleng? Na phethahatso ea eona e re lemosa hore e ka ’na eaba nako e se e ile ho feta kamoo re nahanang ka teng?

Tšobotsi e ’ngoe ea pontšo ea Jesu e entsoeng ka lipontšo tse ngata ke hore: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) Ka 1914, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qala. Hang-hang Lipaki tsa Jehova tsa lilemong tseo li ile tsa lula li falimehile. Hobane’ng? Ka December 1879, lilemo tse ka bang 35 pejana, makasine oa Watch Tower o itšetlehile ka ho bala lilemo ha Bibele, o ne o ile oa bolela hore 1914 e ne e tla ba selemo sa bohlokoahali historing ea motho. Na ntoa ena eo ka sebele e neng e le ntoa ea pele e akaretsang lefatše ka bophara, eo qetellong lichaba tse 28 li neng li kopanetse ho eona le eo ho ileng ha bolaoa batho ba limillione tse 14 ho eona, e ne e ka ba qalo ea liketsahalo tse phethahatsang pontšo ea Jesu e entsoeng ka lipontšo tse ngata ea bofelo? Na litšobotsi tse ling tsa pontšo li ne li tla latela?

Ho “tšenolo ea Jesu Kreste,” tšollo ena e khōlō ea mali e boletsoe esale pele. Mona pere e khunong le mopalami oa eona ba “felisa khotso lefatšeng.” (Tšenolo 1:1; 6:4) Ka sebele seo se ile sa etsahala ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918. ’Me Ntoa ea I ea Lefatše e ne e le qalo feela. Ka 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea latela. Lichaba tse 59 li ile tsa huleloa khohlanong eo, ’me ho ile ha bolaoa batho ba ka bang limillione tse 50. Nakong ea lilemo tse 45 ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho se ho loannoe lintoa tse fetang 125, tse bolaileng batho ba fetang limillione tse 20.

Tšobotsi e ’ngoe ea pontšo ke hore: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Mattheu 24:7, NW) Tlala e ile ea ata nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše le ka morao ho eona. Tlaleho e ’ngoe e thathamisa litlala tse khōlō tse fetang 60 ho tloha ka 1914, tse ileng tsa bolaea batho ba limillione. Ho feta moo, esita le hona joale bana ba 40 000 ba shoa letsatsi ka leng ka baka la ho se fepehe hantle le mafu a ka phekoloang.

“Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng.” (Luka 21:11) Li ile tsa sisinya lefatše ka mor’a ho qaleha ha Ntoa ea I ea Lefatše. Ka 1915 tšisinyeho ea lefatše e ile ea nka bophelo ba batho ba 32 610 Italy; ka 1920 e ’ngoe e ile ea bolaea ba 200 000 Chaena; ka 1923 Japane, ho ile ha shoa ba 99 300; ka 1935 ho seo e seng e le Pakistan hona joale, ho ile ha shoa ba 25-000; ka 1939 Turkey, ho ile ha shoa ba 32 700; ka 1970 Peru, ho ile ha shoa ba 66 800; ka 1976 Chaena, ho ile ha shoa ba 240 000 (ba bang ba re ba 800 000); ka 1988 Armenia, ho ile ha shoa ba 25 000. Ka sebele, ho bile le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše ho tloha ka 1914!

“Mafu a akaretsang.” (Luka 21:11) Lilemong tsa 1918 le 1919, batho ba ka bang 1 000 000 000 ba ile ba tšoaroa ke mokakallane oa Spain, ’me ho ile ha shoa ba fetang 20 000 000. Empa eo e ne e le qalo feela. Linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong, malaria, feberu ea likhofu, bofofu ba linōka, letšollo le matla, le mafu a mang a tsoela pele ho fokolisa le ho bolaea batho ba makholo a limillione. Ho phaella moo, lefu la pelo le kankere le bolaea batho ba eketsehileng ba limillione. Mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a ntse a hlasela moloko oa batho ka matla. Ho kenyang tšabo lipelong tsa batho kajeno ke seoa se bolaeang sa AIDS, eo ho hakanngoang hore e tšoara motho e mong e mocha motsotso o mong le o mong, ’me ho sa bonahale pheko.

“Ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Ho tloha ka 1914 ho hloka molao ho se ho tsoile taolong, ’me kajeno ho se ho tletse hohle. Lipolao, lipeto, bosholu, lintoa tsa lihlopha tsa linokoane—ke lihlooho tsa likoranta le litaba tse hasoang seea-le-moeeng le thelevisheneng. Pefo e etsoang ka ntle ho mabaka e tsoela pele e sa emisoe. United States, rasethunya o thunya letšoele la bana ba sekolo ka makhetlo a lekholo ka sethunya sa ntoa sa morathatha—ho shoa ba 5, ba 29 ba tsoa likotsi. Engelane monna ea fapaneng hlooho o bolaea batho ba 16 ka sethunya sa ntoa sa AK-47. Canada monna ea hloileng basali o ea Univesithing ea Montreal ’me o bolaea basali ba 14. Batho ba joalo ba tšoana le liphiri, litau, libatana, liphoofolo tse hlokang kelello tse tsoaletsoeng ho tšoaroa le ho bolaoa.—Bapisa le Ezekiele 22:27; Sofonia 3:3; 2 Petrose 2:12.

“Batho ba tla tepella ka baka la tšabo le tebello ea lintho tse tla tla lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona.” (Luka 21:26, NW) Nakoana ka mor’a ho phatloha ha bomo ea pele ea athomo, rasaense oa liathomo Harold C. Urey o ile a re ka bokamoso: “Re tla ja tšabo, re robale ka tšabo, re phele ka tšabo ’me re shoe ka tšabo.” Ho phaella tšabong ea ntoa ea nuclear, ho na le tšabo ea bonokoane, tlala, ho se tsitse ha moruo, ho hlepha ha boitšoaro, ho senyeha ha lelapa, tšilafatso ea lefatše. Ha e le hantle, linako tse seng monate tseo re li bontšoang letsatsi le letsatsi ke likoranta le litaba tsa thelevishene li kenya tšabo hohle.

Moapostola Pauluse o boetse a ngola ka maemo a neng a tla ja setsi mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho. Ho bala mantsoe a hae ho tšoana le ho bala litaba tsa letsatsi. O ngotse: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.

Na Lintho Tsohle li Tsoela Pele “Joaloka Qalehong ea Pōpo”?

Moapostola Petrose o ile a bolela esale pele tšobotsi e ’ngoe ea mehla ea qetello: “Mehleng ea qetello ho tla tla basomi ka litšomo tsa bona, ba tsoela pele ho latela litakatso tsa bona ’me ba re: ‘Ho ba teng hoo ha hae ho tšepisitsoeng ho kae? Ho tloha ha bo-ntat’a rōna moholo ba ithoballa lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka qalehong ea pōpo.’”—2 Petrose 3:3, 4, NW.

Kajeno, ha ho qoqoa ka taba ea mehla ea qetello, batho ba bangata ba phethahatsa mantsoe a Petrose a boprofeta ka ho soma le ho re: ‘Ao, lintho tseo kaofela li ’nile tsa etsahala pele. Ke feela histori e iphetang.’ Kahoo ha ba tsotelle litemoso ’me “ba tsoela pele ho latela litakatso tsa bona.” Ke ka “ho latela taba-tabelo ea bona” ba qhelelang ka thōko phethahatso ea boprofeta e tšoaeang mehla ea qetello ka ho hlakileng hakana.—2 Petrose 3:5, NW.

Ho sa tsotellehe hoo, litšobotsi tse sa tšoaneng tsa pontšo e entsoeng ka lipontšo tse ngata e boletsoeng esale pele ke Jesu ha li e-s’o ka li phethahatsoa kaofela ka matla hakana le ka liphello tse fihlang hōle hakana ka nakoana e khutšoanyane hakana. (Ka mohlala, bala hape, Mattheu 24:3-12; Mareka 13:3-8; Luka 21:10, 11, 25, 26.) Re rata ho u hlokomelisa haholo-holo ka tšobotsi e ’ngoe e boletsoeng esale pele ea mehla ea qetello, e hlalositsoeng ho Tšenolo.

A re phetleng Tšenolo 11:18. E bolela hore ha ’Muso oa Kreste o qala ho busa le lichaba li halefa ’me ho fihla nako ea kahlolo, joale Jehova o tla “senya ba senyang lefatše.” Na tšilafalo ha e senye tikoloho kajeno? Ke ’nete hore batho ba ’nile ba senya matlotlo a lefatše ho ithuisa. Empa ka ho etsa joalo, le ka mohla ba ne ba e-s’o ka ba e-ba boemong ba ho le senya hore e se hlole e e-ba polanete eo ho ka ahoang ho eona. Hona joale, ka lebaka la theknoloji ea saense e qapiloeng ho tloha ka 1914, batho ba na le matla ao, ’me ka ho lelekisa leruo ka meharo, ruri ba senya lefatše, ba silafatsa tikoloho le ho beha matla a lefatše a ho boloka bophelo kotsing.

Hona joale, mokhatlo oa batho o meharo le o ratang lintho tse bonahalang o etsa sena ka lebelo le tšosang. Tsena ke tse ling tsa lintho tse tšabehang tse bakoang ke hoo: pula ea acid, ho futhumala ha qitikoe ea rōna, masoba a teng moeeng oa ozone, lithole tse ngata ka ho fetisisa, lithotobolo tse chefu, meriana ea lehola le meriana ea likokoanyana e kotsi, litšila tsa nuclear, ho qhalana ha oli, ho qhaloa ha lithole tse sa senyeheng, ho behoa kotsing ha mefuta e itseng ea lintho tse phelang, matša a psheleng, metsi a ka tlas’a lefatše a silafetseng, meru e sentsoeng, mobu o silafetseng, ho lahleha ha mobu o ka holimo, le semoko se kotsi lifateng le lijalong haesitana le bophelong bo botle ba batho.

Moprofesa Barry Commoner o re: “Ke lumela hore ho tsoela pele ho silafatsa lefatše, haeba ho sa emisoe, qetellong ho tla senya ho tšoaneleha ha polanete ena e le sebaka seo batho ba ka phelang ho sona. . . . Bothata hase ho se tsebe ha saense, empa ke meharo ea ka boomo.” Buka State of the World 1987 e re leqepheng la 5: “Tekanyo ea mesebetsi ea batho e qalile ho beha monyetla oa bophelo holim’a lefatše ka bolona kotsing.” Lenaneo le leholo le ileng la hasoa moeeng United States ka 1990 bakeng sa thelevishene ea sechaba le ne le e-na le sehlooho se reng “Boiteko bo Potlakileng ba ho Pholosa Polanete.”

Le ka mohla motho a ke ke a emisa tšilafatso; Molimo o tla e felisa ha o senya ba senyang lefatše. Molimo le Molaoli oa oona ea Phahameng oa Mabotho oa leholimo, Kreste Jesu, o tla etsa sena ka ho ahlōla lichaba tse ratang lintho tse bonahalang ntoeng ea ho qetela ea Harmagedone.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21.

Qetellong, hlokomela tšobotsi ena e hlahelletseng ea boprofeta ba Jesu mabapi le mehla ea qetello: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mattheu 24:14, NW) Litaba tsena tse molemo li bolela hore hona joale ’Muso oa Molimo oa busa maholimong ’me haufinyane o tla nka khato ea ho felisa tsamaiso ena e khopo ’me o khutlisetse Paradeise lefatšeng. Kosepele eo e ’nile ea boleloa pele empa ha ho mohla e kileng ea akaretsa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1914, Lipaki tsa Jehova li entse hoo, ho sa tsotellehe tlhoriso eo Jesu a ileng a e bolela esale pele—lithibelo tse etsoang ke ’muso, pefo e bakoang ke lihlopha tsa mahoo-hoo, ho kenngoa literonkong, ho hlokofatsoa, le ho bolaoa ha ba bangata.

Ka 1919 ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 4 000 tse neng li bolela litaba tsena tse molemo. Palo ea tsona e ’nile ea eketseha, hoo selemong se fetileng tse ka holimo ho 4 000 000 li neng li bolela linaheng tse 212, ka lipuo tse ka bang 200, li aba limillione tse makholo-kholo tsa Libibele, libuka, le limakasine, li khanna lithuto tsa Bibele tse limillione mahaeng a batho, ’me li tšoara likopano mabaleng a maholo a lipapali likarolong tsohle tsa lefatše. Ho hang ho boleloa hona ha kosepele ho ne ho ke ke ha etsoa ka mokhoa o pharalletseng hakana pele ho 1914. Ho phethoa ha hona ka tekanyo e seng e finyelletsoe ho ne ho hloka mechine ea kajeno ea khatiso e lebelo, mekhoa ea ho tsamaea, li-computer, mechine ea fax, esita le mekhoa ea ho tsamaisa thepa le ea puisano eo ka ho ikhethang e fumanehang nakong ea rōna.

Jerusalema ea mehleng ea Jeremia e ile ea lemosoa ka timetso e neng e tla e tlela; baahi ba eona ba ile ba soma, empa nako e ne e ile ho feta kamoo ba neng ba nahana ka teng. Kajeno, ho phatlalatsoa temoso e khōloanyane ea timetso ea Harmagedone, ka bopaki bo hlollang bo e tšehetsang. (Tšenolo 14:6, 7, 17-20) Ba limillione baa iphapanya. Empa nako ha e sa le eo; nako e se e ile ho feta kamoo ba nahanang ka teng. Na nako e se e ile ho feta kamoo u nahanang ka teng?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Mehleng ea Jeremia nako e ne e se e ile ho feta kamoo ba neng ba nahana ka teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela