Bibele—Na e Tsoa ho Molimo?
JEHOVA, Molimo o nang le matla le borena bo sa lekanyetsoang, ka sebele o na le tokelo ea ho buisana le pōpo ea hae e batho ka tsela leha e le efe eo a ratang ka eona. Haeba a khethile ho buisana le bona ka lentsoe le ngotsoeng, hape o ne a tla lokela ho boloka molaetsa oa hae ho theosa le lilemo. Na ho bile joalo ka Bibele?
Hoo e ka bang lilemo tse 1 500 pele ho Kreste, ha Bibele e qala ho ngoloa, ho ne ho e-na le lingoliloeng tse ling tse ngata tsa bolumeli. Leha ho le joalo, kaofela ha tsona ha lia ka tsa hlola li sebelisoa ’me qetellong li ile tsa nyamela. Tse ling li ’nile tsa epolloa ke baepolli ba lintho tsa khale ’me joale e se e le lintho tsa boholo-holo tse bontšoang litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa. Ka lehlakoreng le leng, likarolo tsa Bibele tse ileng tsa ngoloa lilemong tse likete tse tharo tse fetileng ha ho mohla li kileng tsa lebaloa, ’me likopi tsa tsona li ’nile tsa lula li le teng ho fihlela mehleng ea rōna. Sena ke se babatsehang, haholo-holo ha re nahana ka lehloeo le ’nileng la fehloa khahlanong le Bibele ho theosa le histori. Ha ho buka e kileng ea hlaseloa ke khanyetso e mabifi hakana le lehloeo. Kahlolo ea ho bala kapa ho aba Bibele e ne e e-ba ho lefisoa, ho kenngoa teronkong, ho hlokofatsoa, ’me hangata e ne e e-ba lefu.
Ke joang buka feela tjee e neng e ka lula e le teng tlas’a maemo a joalo? Bibele ea re bolella: “Polelo ea Jehova e tšoarella ka ho sa feleng.” (1 Petrose 1:25, NW) Ho tšoarella le ho se fele ha Bibele ho re thusa ho hlokomela hore ke Lentsoe le halalelang la Molimo.
Ho phaella moo, ka ho utloahalang re ka lebella hore molaetsa oa Molimo o eang ho batho o fumanehe lefatšeng ka bophara. Na ho joalo ka Bibele? Ka sebele ho joalo! Ha ho buka e ’ngoe historing e lekanang le Bibele tabeng ena. Ho hakanngoa hore ho se ho rekisitsoe Libibele tse 3 000 000 000. Ho feta moo, ha ho buka e ’ngoe e kileng ea fetoleloa ka lipuo tse ngata hakana. Hona joale Bibele e ka baloa, e felletse kapa e sa fella, ka lipuo tse sa tšoaneng tse fetang 1 900. Mokhatlo oa Bibele oa Amerika o tlaleha hore hona joale e sebelisoa ke karolo ea 98 lekholong ea baahi ba lefatše. The New Encyclopædia Britannica e re Bibele “mohlomong ke pokello ea libuka e nang le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa historing ea motho.” Kahoo, ho e hlalosa e le buka e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, hase ho fetelletsa litaba.
Ho lumellana ha litaba tse ka har’a Bibele ho tloha qalong ho fihlela qetellong ke bopaki bo matla ba hore ruri e bululetsoe ke Molimo. Na e ka ba ho utloahalang ho lebella hore litaba tse ngotsoeng ke batho ba ka bang 40 ba sa tšoaneng ka lilemo tse 1 600 li ne li ka ipaka li lumellana kaofela li bile li na le sehlooho se le seng sa motheo? Sena se ne se ke ke sa etsahala haeba se tlohelletsoe hore se etsahale ka mohlolo kapa ka tataiso ea motho. Leha ho le joalo, ho joalo ka libuka tse 66 tse etsang Bibele. Ke feela ea nang le matla a phahametseng a motho, ea bileng le bohlale ka nako e telele ea neng a ka hlahisa buka e babatsehang hakaalo.
Hase Histori Feela Tjee
Litaba tsa histori tse ka Bibeleng lia babatseha. Empa molaetsa o tsoang ho Molimo oo ka ho khetheha o nang le boitsebiso ba histori feela o ne o ka ipaka o na le bohlokoa bo fokolang ho rōna. Re hloka tataiso le bohlale bo sebetsang, ’me le tsona lia fumaneha ka Bibeleng. Ka mohlala, Bibele e re khothalletsa ho hlaolela “lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro”—e leng litaba tseo ho ngoliloeng ho hongata ka tsona maqepheng a eona. (Ba-Galata 5:22, 23, NW; Ba-Kolosse 3:12-14) Bibele e khothalletsa mahlaha-hlaha, bohloeki, botšepehi, ho tšepahala lenyalong, tlhompho le lerato bakeng sa ba bang; e na le likeletso tse ngata haholo tse buang ka boitšoaro ba motho ka lapeng le sechabeng.
Ha e sebelisoa, keletso ea Bibele ea ikhetha ka ho ba le molemo oa ’nete. E re lokolla ho hlokeng tsebo le tumela-khoeleng. (Johanne 8:32) Bohlale ba eona bo sebetsang bo phahame ka ho fetisisa. Ruri, ntle ho pelaelo e na le bohlale ba Molimo.
Polelo e reng “lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla” e lumellana ka ho felletseng le tsela eo ka eona Bibele e hlileng e fetolang bophelo ba batho. (Ba-Heberu 4:12) Kajeno batho ba limillione ba hlōtse botho bo kotsi ’me ba fetotse tsela eo ba neng ba phela ka eona pele e senyang ’me ba fetohetse ho e molemo haholoanyane ka baka la ho nka litekanyetso tsa Bibele ka ho teba.—Ba-Efese 4:22.
Ho etsahala’ng ha litekanyetso tsa Bibele li hlokomolohuoa? Phello ke ho hloka thabo le mahlomola, lintoa, bofuma, maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, le malapa a qhalaneng. Lintho tse joalo li ka lebelloa hobane ho se natse Bibele e Halalelang ho bolela ho hana tataiso ea Molimo, o bōpileng motho ’me o tseba litlhoko tsa hae.
Bibele e boetse e bolela esale pele litaba tse tlang ho etsahala nakong e tlang, e leng ntho eo batho ba ke keng ba e etsa. Ho hlaha ha mebuso ea lefatše ho tloha ho Babylona ho theosa le makholo a lilemo ho fihlela mehleng ea rōna ho ile ha profetoa ka Bibeleng. (Daniele, likhaolo 2, 7, 8) Ho phaella moo, hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, Bibele e ile ea fana ka tlhaloso e nepahetseng ea maemo a lefatše a leng teng lekholong lena la bo20 la lilemo. (Mattheu, likhaolo 24, 25; Mareka, khaolo 13; Luka, khaolo 21; 2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3, 4; Tšenolo 6:1-8) Lethathamo le lelelele la boprofeta ba Bibele bo phethahetseng le re kholisa hore litebello tsa bokamoso bo thabisang joalokaha bo hlalositsoe ka har’a eona ke tsa sebele.
Boikarabelo ba Rōna
Sena sohle ke bopaki bo khaphatsehang ba hore ka sebele Molimo o ’nile oa buisana le batho. Ke ’nete hore Molimo o fetisitse molaetsa oa oona o sebelisa batho ba sa phethahalang. Empa lena hase lona lebaka la ho lumela hore Bibele e nepahetse ka ho fokolang ho feta ha e ne e ka ba molaetsa o tsoang ho Molimo o builoeng ka molomo, kapa o fetisitsoeng ka mangeloi, kapa o ngotsoeng ka mohlolo leholimong le o ngotsoeng ka letsoho o fetiselitsoeng ho batho lefatšeng.
Leha ho le joalo, ho hlokomela mohloli o halalelang, kapa oa bomolimo, oa Bibele ho re jarisa boikarabelo. Ka nepo Jehova o lebelletse hore re bale Lentsoe la hae ka mehla. (Pesaleme ea 1:1, 2) Ho bala Bibele ka tsela e behang litholoana ho hloka hore re be le boikutlo bo nepahetseng. Motho o tlameha ho hopola hore Bibele ha ea lokela ho baloa joalokaha eka ke buka feela tjee. Motho o tlameha ho e atamela, “eseng joalokaha eka ke lentsoe la batho, empa, joalokaha e le lona ka ’nete, joaloka lentsoe la Molimo.”—1 Ba-Thessalonika 2:13, NW.
Ho ka ’na ha ba thata ho utloisisa lintho tse ling tse ka Bibeleng. Empa ka ho e bala ka mehla, motho o hōla kutloisisong ’me o fumana tlhaloso e felletseng haholoanyane sa thato ea Molimo le merero ea oona. (Ba-Heberu 5:14) Mohlomong ha u e-s’o kholisehe ka ho felletseng hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le halalelang. Empa, ka tieo, ke joang u ka bontšang ho lumela kapa ho se lumele Bibeleng haeba u sa ka ua ithuta eona ka hloko?
Ho sa tsotellehe pelaelo e teng kajeno mabapi le hore e tsoa ho Molimo, tlhahlobo e hlokolosi ea Bibele e Halalelang e entse hore batho ba bangata ba nahanang ba hooe mantsoe a moapostola Pauluse: “’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano”!—Ba-Roma 3:4.
[Krafo e leqepheng la 4]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Hona joale Bibele e sebelisoa ke karolo ea 98 lekholong ea baahi ba lefatše
Ha ho buka e ’ngoe historing eo ho rekisoa ha eona ho kileng ha atamela ha Bibele eo ho hakanngoang hore ho se ho rekisitsoe tse 3 000 000 000. The New Encyclopædia Britannica e re “mohlomong ke pokello ea libuka e nang le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa historing ea motho”
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Bibele e ’nile ea lula e le teng, ha lingoliloeng tse ling tsa bolumeli li fetohile lintho tsa boholo-holo tse bontšoang litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa
Ka holimo: Tlaleho ea Assyria ea Moroallo
Ka letsohong le letona: Lithapelo tse isoang ho molimo oa Egepeta Ra
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bobeli ba tsona: Courtesy of the Trustees of The British Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Le hoja e ngotsoe ke batho ba sa tšoaneng ba 40 ka lilemo tse 1 600, Bibele e na le sehlooho se le seng sa motheo ho tloha qalong ho ea qetellong. Ke feela ea nang le matla a phahametseng a motho, ea bileng le bohlale ka nako e telele ea neng a ka hlahisa buka e babatsehang hakaalo
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho hlaha ha mebuso ea lefatše ho tloha ho Babylona ho theosa le makholo a lilemo ho fihlela mehleng ea rōna ho ile ha profetoa ka Bibeleng. (Daniele 2, 7, 8)
Ka letsohong le letona: Caesar Augustus
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museo della Civiltà Romana, Roma
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, Bibele e boletse ka nepo esale pele maemo a leng teng lefatšeng kajeno. (Mattheu 24, 25; Mareka 13; Luka 21; 2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3, 4; Tšenolo 6:1-8) Boprofeta bo sa foseng ba Bibele bo re kholisa hore tšepiso ea Molimo ea lefatše la paradeise e tla fela e phethahale
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Reuters/Bettmann Newsphotos