Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/1 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Sebelisa Makeup ka Nepo Joang?
    Tsoha!—1990
  • Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?
    Tsoha!—2005
  • Moaparo le Boitlhopho ba Hao na Lia Tsotelleha ho Molimo?
    Tsoha!—1998
  • Batsoali ba ka ba tla Ntumella Neng ho Tlotsa “Makeup”?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/1 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na ho loketse hore mosali oa Mokreste a sebelise mabenyane kapa makeup, a fetole ’mala oa moriri oa hae, kapa hore a latele mekhoa e meng e tšoanang le eo?

Nakong e fetileng le mehleng ea rōna, ba bang ba bolelang hore ba latela Bibele ba bile le maikutlo a matla empa e le a fapaneng haholo tabeng ea boitlhopho.a

Likerekeng tse ling basali ba qoba makeup le mabenyane ka ho felletseng. Ka mohlala, buka The Amish People e tlaleha hore ba “lekanyetsa ponahalo ea bona ea ’mele hobane ba ikutloa hore setho leha e le sefe se nang le thahasello e matla ponahalong ea lefatše se kotsing, kaha thahasello [eo] e lokela ho lebisoa linthong tsa moea ho e-na le tsa nama. Ba bang . . . ba tla qotsa Mangolo.”

Lengolo le qotsitsoeng moo ke la 1 Samuele 16:7: “Jehova a re ho Samuele: U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae . . . Motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” Leha ho le joalo, lengolo leo le ne le bua ka bolelele ba moholoane oa Davida, Eliabe. Ho hlakile ho tloha tabeng e potolohileng temana hore mona Molimo o ne o sa bue ka ho itlhopha, joaloka hore na ebe Davida kapa baholoane ba hae ba ne ba hlopha meriri ea bona kapa ba sebelisa mekhabo liaparong tsa bona.—Genese 38:18; 2 Samuele 14:25, 26; Luka 15:22.

Sena se bontša hore ba bang ba nkang hore Bakreste ba lokela ho ba le ponahalo ea tlhaho feela, ba se sebelise makeup kapa mabenyane, ba batla tšehetso ka mangolo a sebelisoang hampe. Ha e le hantle Bibele ha e fane ka tlhaloso e batsi tabeng ea boitlhopho; leha e le hore e lumellana le mekhoa e meng ea litlolo ’me e hanana le e meng. Seo e fanang ka sona ke tataiso e utloahalang. A re hlahlobisiseng tataiso ena ’me re bone hore na re ka e sebelisa joang kajeno.

Moapostola Pauluse o ile a fana ka tataiso e bululetsoeng: “Ke lakatsa hore basali ba ikhabise ka moaparo o hlophiloeng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le gauda kapa liperela kapa liaparo tse theko e boima.” (1 Timothea 2:9, NW) Petrose o ile a ngola ka ho tšoanang: “’Me le se ke la etsa hore mokhabo oa lōna e be oa ho loha moriri ka ntle le oa ho ikhabisa ka mekhabiso ea gauda kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, e mpe e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se sa senyeheng sa moea o khutsitseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:3, 4, NW.

Mantsoe a Segerike a fetoletsoeng mona e le “ikhabisa,” “hlophiloeng hantle,” le “mokhabo” ke mefuta ea koʹsmos, eo e boetseng e leng motso oa lentsoe “litlolo,” le bolelang “ho etsa botle haholo-holo ba lebala.” Kahoo litemana tseo li re thusa ho arabela lipotso tse mabapi le tšebeliso ea litlolo kapa makeup, mabenyane, le litšobotsi tse ling tsa mokhabo oa basali.

Na Pauluse le Petrose ba ne ba bolela hore Bakreste ba lokela ho qoba ho loha moriri oa bona, ho ikhabisa ka mabenyane a liperela le a gauda, kapa ha ho se ho atolosoa taba, ho sebelisa litlolo? Che. Ho bolela hore seo ke sona seo ba neng ba se bolela ho ne ho tla hloka hore bo-khaitseli ba Bakreste ba boele ba qobe ‘ho apara liaparo tsa ka ntle.’ Leha ho le joalo, Dorkase, eo Petrose a ileng a mo tsosa, o ne a ratoa ka lebaka la hore o ne a etsetsa bo-khaitseli ba bang “liaparo tsa ka ntle.” (Liketso 9:39, NW) Kahoo, 1 Timothea 2:9 (NW) le 1 Petrose 3:3, 4 (NW) ha li bolele hore bo-khaitseli ba lokela ho qoba ho loha moriri, liperela, liaparo, joalo-joalo. Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a hatella tlhokahalo ea ho itlhompha le ho hlaphoheloa kelellong boitlhophong ba basali. Petrose o ile a bontša hore basali ba lokela ho lebisa tlhokomelo e khōlō ho bomoea ba bona bo ka hare e le hore ba ka hapa banna ba bona ba sa lumelang, empa o ne a sa hatelle ponahalo ea ka ntle kapa makeup.

Ka mantsoe a bonolo, Bibele ha e hanele boiteko bohle ba ho ntlafatsa kapa ba ho eketsa khahleho ponahalong ea motho. Bahlanka ba bang ba Molimo, banna le basali ka ho tšoanang, ba ne ba sebelisa mabenyane. (Genese 41:42; Exoda 32:2, 3; Daniele 5:29) Esthere ea tšepahalang o ile a lumela ho amohela tlhokomelo ea nako e telele e etsang hore a be motle eo ho eona ho neng ho sebelisoa lioli tsa litlolo, metsoako e nkhang hamonate, le metsoako e sebelisoang ho silila motho ’meleng. (Esthere 2:7, 12, 15; bapisa le Daniele 1:3-8.) Molimo o ile oa bolela hore ka tšoantšetso o ile oa khabisa Iseraele ka lipetja, sefaha, lesale la nko, le masale a litsebe. Sena se ile sa tlatsetsa ho etseng hore a be “motle ka ho fetisisa.”—Ezekiele 16:11-13.

Leha ho le joalo, tlaleho e ho Ezekiele e na le thuto e re lemosang hore re se amehe haholo ka ponahalo. Molimo o itse: “Empa ua ’na ua tšepa botle ba hao, ’me ka ho tšepa lebitso la hao ua ’na ua bōka, ua tšela bohle ba fetang ka bootsoa ba hao, ua re, ke joa bona.” (Ezekiele 16:15; Esaia 3:16, 19) Ka hona, Ezekiele 16:11-15 e phahamisa bohlale ba keletso ea Pauluse le Petrose hamorao ea ho se amehe haholo ka ponahalo ea ka ntle. Haeba mosali a ikhethela ho ikhabisa ka mabenyane, tekanyo le mofuta oa mabenyane ao e lokela ho ba tse hlomphehang, e se be a fetelletseng kapa a hlahelletseng, a bonahalang haholo.—Jakobo 2:2.

Ho thoe’ng ka ho sebelisa ha mosali oa Mokreste litlolo, tse kang lipstick, phoofshoana e tlotsoang marameng, kapa eye shadow le eyeliner? Baepolli ba lintho tsa khale Iseraele le libakeng tse haufinyane ba ile ba fumana lintho tse tšelang makeup, haesitana le lintho tsa ho o tlotsa le liipone. E, basali ba Bochabela ba boholo-holo ba ne ba sebelisa litlolo tse ileng tsa etella pele lihlahisoa tse ngata tsa kajeno. E ka ’na eaba lebitso la morali oa Jobo Keren-Appuke le ne le bolela “Lenaka la Setlolo se Setšo (sa Mahlo),” kapa ntho e tšelang makeup oa mahlo.—Jobo 42:13-15.

Litlolo tse ling li ne li sebelisoa Iseraele, leha ho le joalo mehlala ea Bibele e bontša kotsi ea ho li sebelisa ka ho fetelletseng. Lilemo tse ngata ka mor’a hore Jezebele e be mofumahali oa Iseraele, ‘o ile a itaka mahlo ka pilo, a ikhabisa hlooho.’ (2 Marena 9:30) Hamorao ha Molimo o hlalosa kamoo e ileng ea batla tlhokomelo e litšila ea lichaba tsa bahetene ka teng, o ile oa bolela hore Iseraele ‘e ile ea itlhophisa ka mekhabo ea gauda, ea itlotsa mahlo ka setlolo, ea iketsa e botle.’ (Jeremia 4:30; Ezekiele 23:40) Litemana tseo kapa leha e le life tse ling ha li bolele hore ho fosahetse ho sebelisa mekhoa ea maiketsetso ea ho eketsa khahleho ponahalong ea motho. Ho ntse ho le joalo, pale ea Jezebele e fana ka maikutlo a hore o ne a tlotsa mahlo a hae ka setlolo se setšo haholo hoo a neng a ka bonahala a le hōle, esita le ho bonoa ke Jehu ka ntle ho ntlo ea borena. Thuto ke efe? U se ke ua itlotsa ka makeup o mongata haholo, ka tsela e fetelletseng.b

Ha e le hantle, ke ka seoelo mosali ea sebelisang mabenyane kapa makeup a ka bolelang hore tekanyo le mekhoa eo a e sebelisang ka eona ke tse sa lokelang. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ka lebaka la ho ikutloa a sa sireletseha kapa a susumetsoa ke phatlalatso e senyang, mosali a ka ba le tloaelo ea ho sebelisa makeup o mongata haholo. A ka ’na a tloaela ponahalo e hlahisoang ke sena haholo hoo a hlōlehang ho hlokomela hore e khahlanong le “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong” ho bontšoang ke basali ba bangata ba Bakreste.—Bona Jakobo 1:23, 24.

Rea lumela hore khetho ea fapa-fapana; basali ba bang ba sebelisa makeup o monyenyane kapa ho hang ha ba o sebelise kapa ’ona mabenyane, ha ba bang ba sebelisa o mongata. Kahoo ho bohlale hore re se ke ra sekamela ho ahloleng ea sebelisang makeup kapa mabenyane a fapaneng le a rōna. Taba e ’ngoe ke mokhoa o tloaelehileng sebakeng sa heno. Ho bolela hore mekhoa e itseng ea amoheloa naheng e ’ngoe (kapa hore e ne e tloaelehile mehleng ea boholo-holo) ha ho bolele hore ho bohlale ho e sebelisa haeno kajeno.

Ka linako tsohle mosali ea bohlale oa Mokreste o tla leka-lekanyetsa boitlhopho ba hae, a ipotse ka botšepehi bohle: ‘Na hangata ke sebelisa mabenyane a mangata (kapa a khanyang haholo) kapa makeup o mongata ho feta Bakreste ba bangata ba sebakeng seo ke lulang ho sona? Na ke etsa hore boitlhopho ba ka bo tšoane le ba batho ba hlahelletseng ba baikhantši kapa likhalala tsa lifilimi, kapa na haholo-holo ke tataisoa ke keletso e ho 1 Timothea 2:9 le 1 Petrose 3:3, 4? E, na boitlhopho ba ka bo itekanetse, bo bontša tlhompho e tebileng bakeng sa pono le maikutlo a ba bang?’—Liproverbia 31:30.

Basali ba nang le banna ba Bakreste ba ka kōpa tlhaloso le keletso ho bona. Hape, ha e batloa ka tieo, keletso e thusang e ka fumanoa ho bo-khaitseli ba bang. Empa ho e-na le ho retelehela ho motsoalle ea ratang lintho tse tšoanang le tseo u li ratang, ho ka ba molemo ho bua le bo-khaitseli ba hōlileng bao re hlomphang ho leka-lekana le bohlale ba bona. (Bapisa le 1 Marena 12:6-8.) Bibele e bolela hore basali ba hōlileng ba hlomphehang “ba hlalefise ba bacha . . . ho phela ka kelello, le ho hloeka, . . . hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.” (Tite 2:2-5) Ha ho Mokreste ea hōlileng ea tla batla hore tšebeliso ea hae e sa hlompheheng ea mabenyane kapa makeup e etse hore Lentsoe la Molimo kapa batho ba oona ba ‘nyefoloe.’

Tlaleho ea Bibele ea Tamare e bontša hore boitlhopho ba mosali bo ka mo tsebahatsa e le oa sehlopha se itseng, ba fetisa molaetsa o matla. (Genese 38:14, 15) Mokhoa oa mosali oa Mokreste oa ho kama moriri le ’mala oa moriri oa hae (haeba a o fetotse ’mala) kapa tšebeliso ea mabenyane le litlolo li fetisa molaetsa ofe? Na ke o reng: Enoa ke mohlanka oa Molimo ea hloekileng, ea hlomphehang, le ea leka-lekaneng?

Motho ea bonang Bakreste tšebeletsong ea tšimo, kapa ea bang teng libokeng tsa rōna, o lokela ho khahloa. Hangata bashebelli baa khahloa. Basali ba bangata ba Bakreste ha ba fe motho ea ka ntle lebaka la ho etsa qeto ea hore ba bohlasoa, kapa ba itokisitse kapa ba itlhophile ka mokhoa o fetelletseng; ho e-na le hoo, ba itlhopha ka “liketso tse lokileng, tse tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.”—1 Timothea 2:10, BPN.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lekholong la boraro la lilemo C.E., Tertullian o ile a bolela hore basali “ba itlotsang ka litlolo lifahlehong, ba tlotsang marama a bona ka phoofshoana e etsang hore a be mafubelu, ba etsang hore mahlo a bona a be maholo ka ho a tlotsa ka antimony [e ntšo], baa Mo siteloa.” O ile a boela a tšoaea ba fetolang ’mala oa moriri oa bona phoso. Tertullian, a sebelisa mantsoe a Jesu a ho Mattheu 5:36 hampe, o ile a belaela: “Ba phehisa Morena khang! Ba re: ‘Bona! ho fapana le bosoeu kapa botšo, re etsa [moriri oa rōna] o be mosehla.’” O ile a eketsa: “U ka ba ua fumana batho ba soabisoang ke hore ba tsofetse, ’me ba leka ho fetola moriri oa bona o mosoeu hore o be motšo.” Ao e ne e le maikutlo a botho a Tertullian. Empa o ne a sotha litaba, hobane khang ea hae eohle e ne e theiloe ponong ea hae ea hore basali ke bona bao e leng sesosa sa thohako ea batho, kahoo ba lokela ho ‘tsamaea joaloka Eva, ba lla ’me ba bontša pako’ ka baka la ‘sekhobo sa sebe sa pele.’ Bibele ha e bue ntho e joalo; Molimo o ile oa nka Adama a ikarabella bakeng sa boetsalibe ba moloko oa motho.—Ba-Roma 5:12-14; 1 Timothea 2:13, 14.

b Haufinyane mocha oa phatlalatso ea litaba United States o ile oa pepesa ho tlotlolleha ha moevangeli oa thelevishene, ha mosali oa hae oa khalala le eena a ile a hapa tlhokomelo e tšoanang le ea hae. Ho ea ka litlaleho tsa litaba, mosali eo o ile a hōla a lumela hore “makeup le libaesekopo” ke sebe, leha ho le joalo, hamorao o ile a fetola maikutlo a hae ’me a tsebahala ka “makeup o mongata hoo e neng eka o tlotsitsoe setšoantšong.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Litšibollo tsa baepolli ba lintho tsa khale tse tsoang Bochabela bo Hare: Lebokose la litlolo le entsoeng ka lenaka la tlou, seipone, le lifaha tsa gauda le “carnelian”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Boraro ba tsona: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela