Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 131
  • Bibele e Re’ng ka ho Tlotsa Makeup le ho Kenya Jewelry?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka ho Tlotsa Makeup le ho Kenya Jewelry?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ho ikhabisa ha ho hanyetsoe
  • Seo ba bang ba se nahanang ka makeup le jewelry
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?
    Tsoha!—2005
  • Nka Sebelisa Makeup ka Nepo Joang?
    Tsoha!—1990
  • Batsoali ba ka ba tla Ntumella Neng ho Tlotsa “Makeup”?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 131
Mosali ea kentseng necklace

Bibele e Re’ng ka ho Tlotsa Makeup le ho Kenya Jewelry?

Karabo ea Bibele

Le hoja Bibele e sa bue ka taba ena haholo, ha e hanele batho hore ba sebelise makeup le jewelry kapa lintho tse ling tsa ho ikhabisa. Leha ho le joalo, ho e-na le ho beha tlhokomelo tseleng eo re shebahalang ka eona, Bibele e khothalletsa “seaparo se ke keng sa bola sa moea o thotseng le o bonolo.”​—1 Petrose 3:3, 4.

Ho ikhabisa ha ho hanyetsoe

  • Basali ba tšepahalang ba hlahang ka Bibeleng ba ne ba ikhabisa. Rebeka ea neng a nyetsoe ke Isaka mora oa Abrahama, o ne a roala lesale la nko la khauta, lipetja kapa bracelets tsa khauta, le mabenyane a mang a turang ao a ileng aa fuoa ke Abrahama. (Genese 24:22, 30, 53) Ka ho tšoanang, Estere o ile a amohela ho “sililoa ha basali” ho itokisetsa mosebetsi oa hae oa ho ba Khosatsana ea ’Muso oa Persia. (Esthere 2:7, 9, 12) Ho sililoa hona ha basali ho ne ho akarelletsa ho sebelisa linkhisa-monate le mefuta ea limakeup e fapaneng.​—New International Version; Easy-to-Read Version.

  • Lipapiso tse ka Bibeleng li sebelisa mekhabiso ka tsela e amohelehang. Ka mohlala, motho ea fanang ka keletso e molemo o bapisoa le “lesale la khauta tsebeng e utloang.” (Liproverbia 25:12) Ka ho tšoanang, Molimo o bapisa tsela eo a neng a sebelisana le sechaba sa Iseraele ka eona le ea monna ea roesang monyaluoa oa hae lipetja kapa bracelets, sefaha molaleng le masale. Mokhabiso ona o ne o etsa hore sechaba se be ‘setle haholo’​—Ezekiele 16:11-13.

Seo ba bang ba se nahanang ka makeup le jewelry

Seo ba bang ba se nahanang: Lengolong la 1 Petrose 3:3, Bibele e hanyetsa ‘ho lohuoa ha moriri le ho roala mekhabiso ea khauta.’

’Nete: Lengolo lena le phahamisa ntlha ea hore botle ba ka hare bo molemo ho feta ponahalo ea ka ntle. (1 Petrose 3:3-6) Ntlha ena e hlaha hape mangolong a mang a Bibele.​—1 Samuele 16:7; Liproverbia 11:22; 31:30; 1 Timothea 2:9, 10.

Seo ba bang ba se nahanang: Ho sebelisa setlolo se takang se setšo kapa eye shadow e neng e sebelisoa ke Mofumahali Jezebele ea khopo ho bontša hore makeup o fosahetse.​—2 Marena 9:30.

’Nete: Jezebele, ea neng a loea ebile e le ’molai, o ile a ahloloa ka lebaka la liketso tsa hae eseng ka lebaka la ponahalo ea hae.​—2 Marena 9:7, 22, 36, 37.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela