Bacha Baa Botsa . . .
Batsoali ba ka ba tla Ntumella Neng ho Tlotsa “Makeup”?
Tsoha!: Ngoanana o lokela ho ba le lilemo tse kae pele a lumelloa ho tlotsa makeup?
Juliea: “Ke nahana hore ke ha a le lilemo tse 13.
Tsoha!: Hobane’ng?
Julie: Ha ke tsebe.
Tsoha!: Na ha u le lilemo tse 12 u sa le monyenyane haholo?
Julie: E.
Tsoha!: Empa na ha u le lilemo tse 13 ha u moholo ka ho lekaneng?
Julie: E.
Sallie: Ke nahana hore haeba ngoanana a tseba ho e sebelisa ka ho nepahetseng e seng ka tsela ea hore a bonahale e ka o sehlopheng sa ’mino oa rock kapa leha e le eng, o lokela ho lumelloa ho e tlotsa.
John: Ke nahana hore ba e tlotse ha feela ba bonahala ba sa bohehe hantle ha ba sa e tlotsa.
Gloria: E, makeup e eketsa litšobotsi tsa botle ba hao ba tlhaho.
Larry: Empa ke hobane’ng ha e mong le e mong a batla ho ‘eketsa litšobotsi tsa hae’ ha a le lilemo li 13? Ke bolela hore ha ba e-s’o be boemong ba ho e sebelisa. Ke nahana hore banana ba lokela ho ba lilemo tse 18 pele ba qala ho tlotsa makeup.
UNITED STATES, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sebelisa chelete e fetang liranta tse limillione tse likete tse 13 ka selemo bakeng sa botle le litlolo. Ka ho utloahalang, le uena u ka ’na ua ikutloa hore u na le tokelo ea ho sebelisa lipstick, blush, kapa eyeshadow haeba u rata. Leha ho le joalo, batsoali ba hao ba ka talima litaba ka leihlo le fapaneng.
“Ke ile ka botsa ’mè hore na nka tlotsa makeup ha ke le lilemo tse 13,” ho hopola Nina ea lilemo tse 17. “O ile a re, ‘Nina, ha o e hloke hona joale.’” Shelly e monyenyane le eena o ile a fumana karabo e tšoanang ho batsoali ba hae. “Ke ile ka kōpa tumello ea ho e tlotsa ha ke le lilemo tse ka bang 13, ’me ba ile ba mpolella hore nke ke ka e tlotsa ho fihlela ke le lilemo li 15. Ke ile ka re, ‘Hobaneng?’”
Makeup—Ke Hobane’ng ha e le Bohlokoa ho Banana?
Joalokaha puisano ea selelekela e bontša, ho na le maikutlo a mangata a fapaneng ka taba eena har’a bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20. Leha ho le joalo, ha ho makatse hore uena le batsoali ba hao ha le lumellane! Ho sa le joalo, mohlomong ho hana ha batsoali ba hao ho ka bonahala e le thibelo e sa nahaneleng. “U bona banana ba bang sekolong, ’me kaofela ba e tlotsitse,” ho hopola ngoanana e mong ea bitsoang Monica. Ua ipotsa hore ke hobane’ng ha e loketse ’mè oa hao empa uena e sa u lokela! Ho feta moo, u ntse u hōla, ’me ponahalo ea hao ke ea bohlokoa haholo ho uena ho feta leha e le neng pele.
Lilemo tsa boroetsana li bakile liphetoho boleleleng ba hao, boimeng ba ’mele esita le sebōpehong sa hao. Joalokaha buka The Secret of a Good Life With Your Teenager e hlokomela, “liphetoho tsena li siea [bacha] ba tšoenyehile ka ponahalo ea bona ho feta leha e le neng pele . . . Ba boetse ba amehile ka hore bong ba bona bo bonahale. Ba batla hore ba bonahale e le basali kapa banna.” Kapa joalokaha mongoli e mong a hlalosa, u batla ho “qalisa mokhoa oa ponahalo oa hao . . . [o] hlalosang kamoo u ithatang kateng le o u loketseng.”—Changing Bodies, Changing Lives, e ngotsoeng ke Ruth Bell.
Ho banana ba bangata, ho tlotsa makeup ke tsela ea ho qalisa mokhoa oa ponahalo oa hae le ho ikutloa e le mosali ka ho eketsehileng kapa e le ea hohelang. “Ha ke tlotsitse makeup ke ikutloa ke itšepile haholoanyane,” ho hlalositse ngoanana e mong. Nina ea boletsoeng pelenyana, oa phaella: “Ho na le banana ba bangata ba batle, ’me ho tlotsa makeup ho nketsa hore ke ikutle hamolemo.”
Ho tlotsa makeup ho boetse ke tsela ea ho kena boroetsaneng. Ho joalokaha mocha e mong a hlalositse: “Ha u sa rata hore u nkoe u le ngoana.” Ba bang ba na le tšepo ea hore ho bonahala e ka u motho ea moholo ho tla etsa hore ba hlomphuoe ka ho eketsehileng—kapa hona ho hohela bashemane ba baholoanyane. Ho ba bang, ho tlotsa makeup ke feela tsela ea hore u se be mokhelo ho lithaka tsa hao. Diane o re: “Ha u bonahala u le moholo haholoanyane, bana ba bang ba nahana hore u motho ea imametseng haholo.”
Empa bacha ba bangata ba tlotsa makeup ka mabaka a utloahalang: ho phutholla masoebe, ho koahela ’mala o mobe oa letlalo kapa mongoapo, ho pepesa litšobotsi tse ntle, kapa ho hatella litšobotsi tse sa ipiletseng haholo. Esita le haeba ho joalo, kōpo ea ho lumelloa ho tlotsa makeup e sa ntse e ka baka ho se utloane lapeng. Ke hobane’ng ha hangata batsoali ba arabela ka tsela e sa lokelang?
Lebaka Leo ba Hanang ka Lona
Ke ’nete hore ka linako tse ling batsoali ba tobana le linako tse thata ho sebetsana le taba ea hore bana ba bona baa hōla. Ho bonahala ba bang ba tiisa marapo haholoanyane. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ba batlela bana ba bona lintho tse molemohali. Ke ka lebaka leo Bibele e phehellang: “Bana ba ka, mamelang thuto ea ntat’a lōna, le e nahane, le tle le fihlele kelello.” (Liproverbia 4:1) Mohlomong batsoali ba hao ha ba tsebe ho hlalosa maikutlo a bona ka molomo. (“Batsoali ba ka ba ne sa ntumelle ho tlotsa mascara, empa ba ne ba sa mphe lebaka,” ho hopola ngoanana e mong.) Mohlomong ba na le mabaka a utloahalang a ho ikutloa ba sa phutholoha ka taba eo.
U ka talima taba ea ho tlotsa makeup e le tokelo e itseng, e le ntho eo u e neoang ha u fihla “lilemong tsa mohlolo,” joaloka lilemo tse 13. Empa ho joalokaha moqolotsi oa litaba Elizabeth Winship a bolela: “Ha ho na molao o tiileng oa hore na ke neng motho a ka tlotsang makeup. Ho itšetlehile ka lelapa le meetlo ea sechaba.” Batsoali ba hao ba ka ikutloa hore ho tlotsa makeup u sa le monyenyane joalo ho ke ke ha ananeloa sechabeng kapa ke Bakreste-’moho. Batsoali ba hao ba tla ameha ka lintho tsena ka ho khethehileng haeba e le Lipaki tsa Jehova kaha ba ke ke ba rata hore moaparo oa hao le boitlhopho li sitise tšebeletsong ea hao ea Bokreste.—2 Ba-Korinthe 6:3.
Batsoali ba hao ba ka boela ba ikutloa hore ho tlotsa makeup ha ho hlokahale ebile ha hoa lokela lilemo tsa hao. Bocha bo na le botle ba bona e leng khanya e babatsehang. (Pesaleme ea 90:10; Liproverbia 20:29) Ba ka ’na ba bea lebaka lena, ‘Ke hobane’ng ha a lokela ho sebelisa ntho e tla pata ponahalo ea hae ea bocha kapa ho e fetola?’
Ho ka etsahala hore batsoali ba hao ba ka tseba ka phihlelo ea bona ea botho kamoo “litakatso tsa bocha” li ka thetsang kateng. (2 Timothea 2:22) Ba ka tšaba hore u ka etsa liphoso tseo ba ileng ba li etsa ha ba le bacha, ’me ba rata ho u sireletsa. Ngoanana e mong o sa hopola: “’Mè o ile a qala ho tlotsa makeup a sa le monyenyane haholo. O ile a ba hlaha haholo le ho apara mese e mekhutšoane haholo le ho tlotsa makeup haholo. O ne a sa rate hore ke be joalo.”
Sena ha se bolele hore u tla ba mosali ea itšoereng hampe hobane u sebelisa lipstick. Leha ho le joalo, mohlomong ka ho loketseng ba tšaba hore ho tlotsa makeup ho ka u pepesetsa khatello eo u e-song ho be boemong ba ho e mamella. Ruth Bell o qotsa ntate oa banana ba babeli a re: “Ke ntho e thabisang ho bona bana ba hōla ho ba batho ba baholo. . . . Empa ha ke ba talima ’me ke bona baralinyana ba ka, ke ipolella hore, ‘Bano ke bana ba ka ba ntseng ba hōla ho ba batho ba baholo ’me ba tla thulana le lefatše le kantle ho se hore nkaba sireletsa, ke nakong eo ha ke ameha haholo maikutlong. . . . Lefatše lena le mabifi ’me ba ka tsoa kotsi.”
Ho bonahala u le moholo ke ntho e ’ngoe. Empa ho sebetsa joalo ka motho e moholo le khatello ea lithaka e ka boela ea eba ntho e fapaneng. Na u se u loketse ho sebetsana le khatello e tsoang ho bashemane ba baholo—kapa mohlomong banna ba baholo—ba ka tsoheloang haeba makeup ea hao e etsa hore u bonahale u le moholo ho feta kamoo u leng kateng?—Bapisa Genese 34:1, 2.
Ho Sebelisa Boemo Hamolemo
Har’a lintho tsohle tseo u ka li nahanang, mohlomong u sa ntse u ikutloa hore u se u loketse ho tlotsa makeup, ’me mohlomong ho joalo. Ke eng seo u lokelang ho se etsa? Ngoanana e mong o ile a bolela: “Ke sa tsoa qala ho tlotsa makeup. Ke tlotsa eyeshadow hanyenyane ’me ’Mè o ile a nahana hore e ntle.” Leha ho le joalo, ho itlotsa ka makeup kantle ho tumello ke taba e kotsi! Liproverbia 13:10 ea hlokomelisa: “Boikhohomoso bo hlahisa phapang feela.” Ho joalokaha ngoanana e mong a ile a lumela: “Ke ne ke tseba hore batsoali ba ka ba tla halefa haholo ha ke fihla ke se ke itlotsitse makeup.” Kahoo, ke eng seo u ka se etsang? Temana eo ea Bibele e tsoela pele: “Empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.”
E, khetha “nako e nepahetseng” ho buisana ka taba ena le batsoali ba hao. (Liproverbia 25:11, NW) Ka boikokobetso ba hlalosetse maikutlo a hao tabeng ena. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha sena se le bohlokoa ho uena, ba hlalosetse seo u se nahanneng. Ba tiisetse hore ha u batle ho boheha u le mobe kapa ponahalo ea hao e se ntle le hore u ananela pono ea bona. Mohlomong ba tla fetola monahano oa bona kapa mohlomong ba lumellane le uena.
Ka lehlakoreng le leng, ba ka fihlela qeto e nepahetseng hore ha u e-s’o lokele ho tlotsa makeup. Empa sena ha se bofelo. Etsa seo u ka se etsang ho ntlafatsa ponahalo ea hao tlas’a maemo a joalo. Ka mohlala, tlhokomelo e nepahetseng ea letlalo e ka fokotsa mathata a letlalo. “Haeba letlalo la hao le petsohile, tlosa tlhokomelo ho lona ka . . . ho apara ntho e ’ngoe e etsang hore u bonahale u le motle haholo—ntho leha e le efe e tlosang maikutlo a mabe,” ho hlokomelisa moeletsi oa botle Jane Parks-McKay. Seemo se setle, linala tse hlokometsoeng hantle, moriri o hloekileng le o phatšimang—lintho tsena kaofela li ka u thusa hamolemo ebang u tlotsitse makeup kapa che!
Empa ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba u lumella ho tlotsa makeup? Sehlooho se latelang se tla bontša tšebeliso e nepahetseng ea makeup.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
“O tlotsitse makeup. ’Na nka e tlotsa neng?”