Ho Tšoareha ka Matla ka Litaba tse Molemo
MOAPOSTOLA PAULUSE o ne a le bothateng bo tsejoang ke Lipaki tsa Jehova tseo e leng basebeletsi ba nako e tletseng—o ne a e-na le chelete e nyenyane. Kahoo ha a le Korinthe o ile a sebetsa mosebetsi o tlaase oa ho etsa litente oo a ileng a ithuta ’ona e sa le mocha. Mosebetsi oo o ne o le thata, ’me mohlomong ka linako tse ling matsoho a hae a ne a tsoa mali ka baka la ho sebetsa ka lesela la tente le mahoashe. Chelete eo a neng a e fumana e ne e lekane lijo le liaparo feela, empa o ne a khotsofetse, hobane letsatsi le leng le le leng ha a ne a qetile mosebetsi oa hae oa boipheliso, o ne a beha lithulusi tsa mosebetsi oa hae fatše ebe o etsa seo a hlileng a se tletseng Korinthe—o ne a bolela litaba tse molemo!—Ba-Filippi 4:11, 12.
Ka matsatsi a Sabbatha, Pauluse o ne a e-ea synagogeng. Ke ’nete, qalong Pauluse o ile a bua le bamameli ba Bakorinthe “ka mefokolo, le tšabo, le thothomelo e kholo.” (1 Ba-Korinthe 2:1, 3) Empa a susumelitsoe ke kamoo ba bang ba arabelang ka teng molaetseng oa hae, Pauluse o ile a tsoela pele “a bolela litaba synagogeng, a kholisa ba-Jode le ba-Gerike.”—Liketso 18:1-4.
Leha ho le joalo, ka nakoana, Pauluse o ne a khona ho bolela ka nakoana feela. Joale Silase le Timothea ba ile ba tla ba tsoa Macedonia ka monehelo o mongata o ‘ileng oa ’maballa ka seo a neng a se hloka.’ (2 Ba-Korinthe 11:9; Ba-Filippi 4:15) Hape, ho neng ho khothatsa ke litaba tse bolelang hore baena ba Thessalonika ba ne ba eme ba tiile ho sa tsotellehe mahloriso.—1 Ba-Thessalonika 3:6.
Seo se ile sa ba le phello efe ho Pauluse? Pauluse o ile a qala ho tšoareha ka matla ka lentsoe [“a sebelisa nako ea hae kaofela boboleling,” The Jerusalem Bible; Today’s English Version], a pakela Bajode ho tiisa hore Jesu ke Kreste.” (Liketso 18:5, NW) Ha Pauluse a ne a imolohile ka nakoana likhatellong tsa chelete, o ne a sa phomole ho fihlela a khutlela boboleling ba nako e tletseng. O ile a khutlela mosebetsing ona ka mafolo-folo, o ne a sa pakele Bajode feela empa o ile a ipha nako ea ho ngola epistole ea pele ea liepistole tsa hae tse bululetsoeng—e leng lengolo le eang ho Bathessalonika!
Mohlala Bakeng sa Rōna Kajeno
Tlaleho ea mosebetsi o matla oa Pauluse ha a le Korinthe e ’nile ea bolokoa hore e khothalletse Bakreste bohle ho tšoareha ka matla ka litaba tse molemo. Pauluse o ile a hlokomela hore Morena Jesu ka boeena o fetiselitse tlhompho e phahameng ho barutuoa ba hae ea ho ba “leseli la lefatše.” Ba ne ba sa lokela ho pata leseli lena. Jesu o ile a ba bolella: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14-16) Hona ho ne ho bolela ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli oo Jesu a o boletseng esale pele. (Mattheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 1:6-8) Ho boleloa ha litaba tsena tse molemo tsa ’Muso e ne e le lebaka la sehlooho la ho ba teng ha phutheho ea Bokreste.
Joaloka Pauluse, Bakreste ba pele ba ile ba nka mosebetsi ona oa ho bolela ka ho teba. Kahoo, ha lira tsa Molimo li ne li nahana hore li timme leseli la ’nete ka ho bolaea ka sehlōhō “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo,” balateli ba hae ba ile ba tsoela pele e le leseli la lefatše, ba bolela ka mafolo-folo. (Liketso 3:15, NW) Esita le mahloriso ha aa ka a sitisa boiteko ba bona. Tlaleho ea Bibele e re: “Letsatsi le leng le le leng ba ile ba tsoela pele ba sa phetse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo ka Kreste, Jesu, ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42, NW) Ha ho letho le neng le ka ba thibela!
Mehleng ea kajeno, ka ho tšoanang Bakreste ba ’nile ba tšoareha ka matla mosebetsing oa ho paka. Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, liithuti tse hlokolosi tsa Lentsoe la Molimo li ile tsa qala ho bona tlhokahalo ea ho arolelana linnete tsa Bibele le ba bang. Zion’s Watch Tower Tract Society—e leng mokhatlo o seng o atile lichabeng tse sa tšoaneng—e ile ea theoa ka molao ka 1884. Liithuti tsena tsa Bibele, tseo ho tloha ka 1931 li ileng tsa tsejoa e le Lipaki tsa Jehova, li tlatsitse lefatše ka tsebo ea Lentsoe la Molimo ka kutloisiso ea sebele. Mosebetsi oa tsona o matla o hlahisitse lebotho le leholo le le matla la ba fetang limillione tse ’nè! ’Me ha ho pelaelo hore palo ea tsona e tla tsoela pele ho hōla tlas’a tataiso ea Jehova.—Esaia 60:22.
Na U Phetha Karolo ea Hao?
Jesu o itse: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” (Mattheu 9:37, 38) Ka 1990 batho ba ka bang limillione tse leshome ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ho na le monyetla o tsotehang hakaakang oa hore ho be le keketseho kotulong e etsoang lefatšeng ka bophara! Empa ha re ntse re thabela keketseho ena e tsoelang pele, e mong le e mong o tlameha ho ipotsa, ‘Ke kopanela mosebetsing oo o moholo ho isa bohōleng bofe? Na ke etsa joalo ka mehla—beke e ’ngoe le e ’ngoe ha ho khoneha?’
Baholo ba tlameha ho etella pele mosebetsing ona e le “ho etsetsa mohlape mehlala.” (1 Petrose 5:3) Ke ’nete, baholo ba bangata ba etsa mesebetsi ea boipheliso. Moapostola Pauluse le eena o ne a o etsa ha a ntse a le Korinthe. Leha ho le joalo, o ile a behella nako ka thōko bakeng sa mosebetsi oa ho bolela oa ka mehla. Ka ho tšoanang, baholo ba bangata kajeno ba ’nile ba tšoareha ka matla ka mesebetsi ea moea bofelong ba beke. Sena se ka ba le phello e matla le e khothatsang ho bohle ba leng ka phuthehong. Likhoeling tse ling ha ho etsoa boiteko bo khethehileng, liphuthehong tse ’maloa bahoeletsi ba bangata ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Lebaka la see ke lefe? Baholo ba etella pele boboleling hammoho le ho hlophiseng litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo.
Ka ho tšoanang, bahlanka ba sebeletsang e ka ba tšusumetso e molemo phuthehong haeba ba kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mehla. Hopola, Mangolo a hloka hore e be “ba nkang litaba ka ho teba, . . . banna ba sebeletsang ka mokhoa o motle.” (1 Timothea 3:8, 13, NW) Ho hlokahala botšepehi tšebeletsong ea tšimo bakeng sa hore moena a tšoanelehe joaloka moholo kapa mohlanka ea sebeletsang.—Tite 1:8, 9.
Joaloka Pauluse, ba bang ba khona ho fokotsa mosebetsi oa boipheliso ’me ba bule maliboho. Palo ea bopula-maliboho ba ka mehla, ba thusang, le ba khethehileng e eketsehile ho tloha ho ba 137 861 lilemong tse leshome feela tse fetileng ho ea ho ba 536 508 ka 1990. Kannete, sena se etsahetse ka baka la tlhohonolofatso le tšehetso ea Jehova feela. Leha ho le joalo, bo-pula-maliboho ba tlameha ho falimehela ho sebelisa nako ka bohlale, ba se ke ba sebetsa lihora tse ngata feela bakeng sa tlaleho e ntle. Bo-pula-maliboho, na le itokiselitse hantle le ho ba ba atlehang tšebeletsong? Na le ikitlaetsa ho tsoela pele le ho ntlafatsa hore tšebeletso ea lōna e be e behang litholoana kannete?
Meputso ea Tšebeletso e Leka-lekaneng
Na u ananela boitsebiso bo bolokang bophelo bo fanoang khoeli ka ’ngoe ho Molula-Qhooa le motsoalle oa oona, Tsoha!? Ntle ho pelaelo oa bo ananela. Na kananelo ea hao e u susumellelitse ho kopanela ho abeng likoranta tsena? Khaitseli e mong Botswana o ile a etsa joalo. Pele o ne a hanyetsa ’nete, empa monna oa hae o ile a ’malla limakasine. Ha nako e ntse e tsamaea o ile a fetola pelo ea hae ’me ea e-ba Paki. Le hoja a sa tsebe ho bala, o atleha haholo ho tsamaiseng limakasine, o re, “Ha ke tsebe ho bala, empa monna oa ka o mpalla limakasine tsena. Kea li thabela, ’me ke kholisehile hore le uena u tla li thabela.”
Ke hobane’ng ha u sa kopanele mosebetsing ona o bolokang bophelo beke le beke? Hang-hang ha u finyelletse litšoaneleho tsa Bokreste, phutheho ea Bokreste e tla thabela ho u thusa hore u qalise. Leha ho le joalo, ho aba limakasine ke tšobotsi e ’ngoe feela ea tšebeletso. E mong le e mong ea tšoarehileng ka matla ka litaba tse molemo o ikitlaetsa ho ba le tšebeletso e leka-lekaneng. Ka mohlala, Mokhatlo oa Watch Tower o hatisa libuka tse limillione, ’me li nehoa batho joaloka mohloli oa ka mehla oa lijo tse molemo tsa moea. Na u hōlile tsebong ka ho lekaneng tšebeletsong ea hao ea ho aba libuka, tse kang U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng?
’Me ho thoe’ng ka batho ba bontšang thahasello? Na u boloka tlaleho e ntle hore u tle u etse maeto a ho boela ho bona? Maeto a joalo a ka lebisa tšobotsing ea tšebeletso e tlisang thabo e khōlō ka ho fetisisa—mosebetsi oa thuto ea lehae ea Bibele. Hopola, ho Mattheu 28:19, 20 Jesu o re laetse ‘ho etsa barutuoa, le ho ba kolobetsa.’ Hoo ho bolela ho ithuta Bibele le bona. Kannete, hangata ho qala thuto ho hloka phehello. Paki e ’ngoe e ile ea kopana le banyalani ba seng ba hōlile ba ileng ba amohela thuto ea lehae ea Bibele ka pelo eohle. Empa ba ile ba suthisetsa thuto morao ka libeke tse tharo tse latellanang. Qetellong thuto e ile ea qalisoa. Joale, ka nakoana, banyalani bao ba ile ba hlōleha ho ithuta hoo e ka bang beke e ’ngoe le e ’ngoe. Leha ho le joalo, qetellong, mosali o ile a tsoela pele ho fihlela a kolobetsoa. Moena oa hopola, “Ka mor’a ho kolobetsoa, mahlo a hae a ne a tletse meokho ea thabo, e ileng ea tlisa meokho ea thabo ho ’na hammoho le mosali oa ka.” E, ho tšoareha ka matla ka litaba tse molemo ho tlisa thabo e khaphatsehang!
Itlhahise Hore U Sebelisoe!
Jesu Kreste le moapostola Pauluse ba re behetse mehlala e metle ea boinehelo eo re ka e etsisang. ’Me re na le mehlala e mengata e hlollang har’a Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno. Ke nako e loketseng ea hore bohle ba tsebang litaba tse molemo ba be mafolo-folo ka ho felletseng ho li tsebiseng ba bang. Bibele e re kholisa hore mosebetsi oohle o joalo “e ke ke ea e-ba oa lefeela.”—1 Ba-Korinthe 15:58.
Joaloka Pauluse, ba bangata ba na le litlamo tsa chelete tseo ba lokelang ho li finyella. Ka lebaka la sena, ba bangata ba ka ’na ba hlōleha ho bula maliboho. Empa ka thuso ea Jehova, bohle ba ka latela keletso e ntle e fanoeng ho Ba-Roma 12:11: “Bakeng sa mafolo-folo, le se ke la ba botsoa; le be le cheseho moeeng; le sebeletse Morena.” ’Me haeba maemo a fetoha ’me a fana ka monyetla oa ho sebelisa nako e eketsehileng tšebeletsong ea Jehova, joaloka Pauluse, e mong le e mong ea ratang Jehova kannete o tla sebelisa monyetla oo hamolemo. Tšoarehang ka matla ka litaba tse molemo! Ho etsa joalo ho ke ke ha tlisa mahlohonolo hona joale feela empa nakong e tlang ho tla tlisa bophelo bo sa feleng hammoho le nyakallo e sa feleng le thabo!—Mattheu 19:28, 29.