Na Tšebeletso e U Loketse?
JEHOVA o bontšitse mosa oa hae ka ho fana ka ho phethahetseng ka lintho lefatšeng bakeng sa hore re thabele bophelo. Ka mosa o tlohelletse lintho tsena hore li lule li le teng esita le ka mor’a hore Adama le Eva ba rabele. Ho feta moo, o bontšitse lerato la hae le fetisisang ka ho romela Mora oa hae ho boloka batho ba lumelang tlokotsing ea sebe.—Mattheu 5:45; Johanne 3:16.
Re ka arabela joang leratong le joalo? Jesu o itse re lokela ho rata Jehova Molimo oa rōna ka pelo ea rōna eohle, sephefumolohi, kelello, le matla. Sena se bontša hore re mo kolota borapeli ba rōna le botšepehi le hore re lokela ho phela bophelo ba rōna tumellanong le thato ea hae.—Mareka 12:30; 1 Petrose 4:2.
Empa ho etsa thato ea Molimo ho akarelletsa eng? Na ho na le mosebetsi oo re ka o etsetsang ’ona—tšebeletso eo re lokelang ho kopanela ho eona?
Tlhokahalo ea Basebeletsi
Likereke li ferekantse batho ka hore na ba lokela ho rapela le ho sebeletsa Molimo joang. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete, “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe. Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle.” Jesu o itse: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” Ka hona baa eletsoa: “Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna.”—Ba-Efese 4:3-6; Johanne 4:23; 1 Ba-Korinthe 1:10.
Pherekano ea hore bolumeli ba ’nete ke bofe e qalehile Edene ha Satane a ne a phephetsa ho loka ha bobusi ba Jehova ka ho belaela tsela eo Molimo o busang ka eona. (Genese 3:1-6, 13) Joale Satane o tšehetsa khanyetso ena ho Molimo ka lithuto tsa bohata tse hasoang ke baruti ba bolumeli ba thetsang ‘ba ntseng ba ikhakanya ka sebōpeho se kang sa lengeloi la leseli.’ Kahoo Bibele e re: “Baratuoa, le se ke la lumela lipolelo tsohle tse bululetsoeng . . . hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba hlahile lefatšeng.”—2 Ba-Korinthe 11:14, 15; 1 Johanne 4:1, NW.
Ka thabo, Molimo o nkile mehato ea ho lokisa tseko ena ea bobusi. Kaha o rometse Mora oa oona ho lopolla batho, joale o entse Jesu Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, a e-na le matla a ho felisa Satane le baprofeta ba hae, kapa basebeletsi. Sena se tla tiisa hore thato ea Molimo ea etsoa lefatšeng, tlhohonolofatsong ea ka ho sa feleng ea batho ba ikokobelitseng.—Daniele 7:13, 14; Ba-Heberu 2:9.
Satane o sirile linnete tsena. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka hona, ho hlokahala hore re sebeletse re le basebeletsi ba Molimo, re pepese leshano la Satane le ho paka ’nete. Jehova ha a re qobelle tšebeletsong ea hae. O batla hore rōna, joaloka Jesu, re itlhahise ka ho rata ka baka la ho mo ananela le ka baka la seo a re etselitseng sona.—Pesaleme ea 110:3; Ba-Heberu 12:1-3.
Tšebeletso ea Bokreste
Jesu “a ’na a ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) Hape o ile a koetlisa barutuoa ba hae hore e be basebeletsi joaloka eena ’me a ba roma hore ba e’o bolela. (Mattheu 10:1-14, 27) Hamorao, o ile a ba rōma ho ntšetsa pele tšebeletso lipheletsong tsa lefatše.—Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8.
Thōmo ena e filoe Bakreste ba ’nete, ’me moea oa Molimo o ba susumelletsa ho bolela. Joalokaha ho etsahetse ka Pentekonta ea 33 C.E., bohle ba amohelang litaba tse molemo ba nka boikarabelo ba ho bolela tumelo ea bona phatlalatsa.—Liketso 2:1-4, 16-21; Ba-Roma 10:9, 13-15.
Leha ho le joalo, batho ba bangata, ha ba inahane hore e ka ba basebeletsi. Peter, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o re: “Banna ba Jeremane ba atisa ho nahana hore ke ho itlosa seriti ho bua ka bolumeli. Ba re, ‘hoo ho lokela ho etsoa ke baruti.’” Ho latela Tony, eo e bileng moromuoa ka lilemo tse ngata-ngata, batho ba Engelane ba ile ba re: “Seo u se buang se molemo, ’me ke nahana hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba lokileng. Empa ho ea ka ntlo le ntlo ke bolela—nke ke ka ho etsa hoo.” Ben o ile a ithuta Bibele ka nakoana le monna oa Nigeria ea ileng a ’molella hore: “Ha ke khone ho inahana ke bolela phatlalatsa ka ntlo le ntlo; empa nka neha phutheho ea lōna chelete ho thusa ba ratang ho etsa hoo.” E, batho ba bangata ba haelloa ke tumelo le kholiseho e hlokahalang bakeng sa tšebeletso ea Bokreste.
Leha ho le joalo, boboleli ba phatlalatsa ke boikarabelo ba bohle ba ka har’a phutheho ea Bokreste, ho sa tsotellehe lilemo kapa bong. Hase ea baholo kapa bahlanka ba sebeletsang feela, ba ‘etellang pele,’ empa e boetse ke ea Bakreste ka kakaretso. Bohle baa khothatsoa: “Re hlahiseng ka eena sehlabelo sa thoriso ho Molimo, ke hore, tholoana ea melomo e etsang polelo ea phatlalatsa ka lebitso la hae. . . . Utloang ba etelletseng pele har’a lōna.”—Ba-Heberu 13:15, 17, NW.
Ha Jesu a bua le letšoele le tsoakaneng Thutong ea hae ea Thabeng, o ile a re: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” Ka nako e ’ngoe o ile a bontša hore ho etsa thato ea Molimo ho akarelletsa ho bolela ho ba sa lumelang. Barutuoa ba hae ba ne ba mo phehella hore a lese ho bolela ho Basamaria ba bang e le hore a je, empa o ile a re: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.”—Mattheu 7:21; Johanne 4:27-38.
Na e Lokela ho ba Mosebetsi oa Hao?
Hangata batho ba rata ho phehella lijo tsa nama le leruo. Empa pejana Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a eletsa bamameli ba hae khahlanong le ho phehella lintho tse joalo ka cheseho. O ile a re, “Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, . . . Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.”—Mattheu 6:20, 33.
Ho batla ’Muso pele ho bolela ho se lumelle lithahasello tse ling ho fifatsa tšebeletso ea rōna. Leha ho le joalo, ho etsa sena ha ho bolele ho qhelela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka thōko. Ka mohlala, Bibele e re khothalletsa ho se hlokomolohe litlamo tsa sebele tsa lelapa. Rōna hammoho le batho ba bang kaofela re na le litlamo tsena. Ho li hlokomoloha ke ho etsa ka tsela e hanyetsanang le tumelo ea Bokreste. (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, re lokela ho etsa sohle seo re ka khonang ho se etsa tšebeletsong ha re ntse re phetha boikarabelo bo bong ka tsela e leka-lekaneng.
Jesu o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa . . . e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Boitsebiso bo potolohileng taba ea boprofeta bona bo supa ho phethahala ha bona mehleng ea rōna. Ho tloha ka 1914 litaba tse molemo e bile hore ’Muso o ’nile oa matlafatsoa ho etsa lintho molemong oa bobusi ba Jehova ’me e le khahlanong le Satane le lefatše la hae. (Tšenolo 11:15-18) Re lokela ho nahana ka ho teba ka se boleloang ke lintho tsena. Bofelo bo tla tla, ’me re lokela ho etsa mosebetsi oa ho bolela pele bo e-tla. Bophelo ba batho bo kotsing; re ka thusa ho boloka ba bangata.
Hahamalla Tšebeletso e Felletseng
Boholo ba Lipaki tsa Jehova bo nehela lihora tse leshome kapa ho feta khoeli ka ’ngoe bo abelana litaba tse molemo le ba bang. Ba likete-kete ba sebelisa lihora tse peli kapa ho feta ka letsatsi ba bolela e le bo-pula-maliboho ba thusang, ’me ba bang ba sebeletsa ka ho tsoelang pele e le bo-pula-maliboho ba ka mehla kapa ba khethehileng. Ba utloisisa ho potlaka ha mosebetsi ona ’me ba batla ho ba le karolo e felletseng kamoo ho ka khonehang ho o etsa pele bofelo ba lefatše lena le sa thabang bo fihla.
Na u se u le Paki ea Jehova e mafolo-folo? Joale hahamalla ho ba le karolo e felletseng tšebeletsong. Ntlafatsa tsebo ea hao boboleling le ho ruteng, u ntse u leka ho phetha ho hoholoanyane tšebeletsong. Haeba u le boemong ba ho ba pula-maliboho, etsa joalo. Haeba maemo a hao ka sebele ha aa u lumelle ho etsa joalo, khothalletsa ba ka khonang ho hahamalla tšebeletso ena.
Haeba ha u Paki e inehetseng ea Jehova, u se ke ua re tšebeletso ha ea u lokela. Monna e mong ea bitsoang Peter, setsebi sa moenjinere oa mechine, o ile a hanyetsa ka thata ho abelana ha mosali oa hae le ba bang litaba tse molemo. O ne a botsa: “Ke joang nka lumellang mosali oa ka ho bolela ka ntlo le ntlo?” Ka mor’a lilemo a ntse a lemoha kholiseho ea hae e tiileng mabapi le ’nete ea Lentsoe la Molimo, le eena o ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele. Hona joale, joaloka mosali oa hae, ke mosebeletsi ea inehetseng, ea kolobelitsoeng oa litaba tse molemo.
Kahoo u se ke ua ithibela ho ba le tokelo ea ho sebeletsa Jehova. Re u khothaletsa ho ithuta Bibele le ho kopanela le Bakreste ba ’nete libokeng tsa bona. Sena se tla u thusa ho bōpa bophelo ba hao tumellanong le ho loka ha Molimo le ho haha tumelo e tiileng mererong ea oona. Haeba u bontša khatelo-pele ho sena, le uena u tla tšoanelehela ho ba mosebeletsi oa Molimo. Joale u tla ba le tokelo ea ho kopanela ho phethahatseng taelo ena ea Jesu: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.
E, ho na le tšebeletso eo u ka kopanelang ho eona, ’me ho potlakile haholo ho feta leha e le neng hore u etse joalo.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Mooki ea nang le lelapa leo a lokelang ho le hlokomela o re: “Ke tsamaea ka sepalangoang nako e fetang hora letsatsi le leng le le leng ho ea sepetleleng seo ke sebetsang ho sona, kahoo ke ile ka nahana hore nke ke ka tseba ho ba pula-maliboho ea thusang. Empa ke ile ka hlophisa mesebetsi ea ka ka hloko hore ke kopanele tšebeletsong ea tšimo hoseng ho hong le ho hong pele ke e-ea mosebetsing, linakong tsa khefu, le matsatsing ao ke sa sebetseng ka ’ona. U ka inahanela hore thabo ea ka e bile e kaakang, ha khoeling e le ’ngoe e feela, ke ne ke sebelitse lihora tse 117 boboleling! Ke tsamaisitse limakasine tse 263, lipeeletso tsa limakasine tse 22 ’me ke ile ka tseba ho qalisa lithuto tse tharo tsa Bibele.”
[Lebokose le leqepheng la 27]
Michael o na le bana ba supileng ba banyenyane, ’me o sebetsa mosebetsi oo a ikarabellang ho ’ona kolecheng ea Nigeria. O boetse ke moholo phuthehong ea Bokreste. O na le pono e tšoanang le ea Lipaki tse likete-kete:
“Ke talima tšebeletso joaloka mosebetsi oa ka ’me ka mehla ke hopola hore Pauluse o itse: ‘Ke lemme, Apollose o noselitse, empa Molimo o ’nile oa hōlisa.’ ’Na le mosali oa ka ‘re lema’ nakong ea lipuisano tse khutšoanyane tsa litaba tse molemo tsa ntlo le ntlo. Re ‘nosetsa’ ka ho khutlela ho ba bontšang khahleho ho ba ruta Bibele, joalokaha Jesu a itse re lokela ho etsa. Thuto ea Bibele ea lehae ea beke le beke e thusitse palo e khōlō—mabakeng a mang malapa kaofela—ho ba le tsebo ea ’nete.”