Ho Batla Taolo ea Lefatše le Lecha
“HA HO na limmapa tse re tataisetsang moo re eang, lefatšeng lena le lecha leo re tla le etsa. Ha lefatše le hetla morao lilemong tse mashome a robong tsa ntoa, tsa khohlano, tsa ho belaellana, a re boeleng re shebeng pele—lekholong le lecha la lilemo, le nakong e ncha ea lilemo tse sekete, tsa khotso, tokoloho le katleho.”
Mopresidente oa United States George Bush o ile a bua mantsoe ao ka la 1 January, 1990. Molaetseng o tšoanang le oo, mopresidente oa Soviet Union Mikhail Gorbachev o ile a etsa tlhahiso ea hore ho be le tšebelisano pakeng tsa linaha lilemong tsa bo-1990 ka morero oa ho lokolla “lefatše linthong tse kang tšabo le ho se tšepane, libetsa tse sa hlokahaleng, likhopolo tsa lipolotiki tse siiloeng ke nako le melao-motheo ea sesole, le mekoallo ea maiketsetso e arolang batho le linaha.” Ke kamoo ho ileng ha tlaleha koranta ea Japane Mainichi Daily News ea January 3, 1990.
Ho totobetse hore ho ne ho e-na le litebello tse phahameng. Li ne li ntse li phahame selemo hamorao. Puong e fanoeng ke mopresidente oa United States ha a bula seboka sa ka mehla sa Lekhotla le Etsang Melao ka la 29 January, 1991, Mopresidente Bush o ile a bua ka ntoa e loanoang Koung ea Persia ’me a re: “Se leng kotsing hase feela naha e nyenyane [Kuwait], ke khopolo e khōlō—taolo ea lefatše le lecha leo ho lona lichaba tsa mefuta e mengata li kopanelang pakane e le ’ngoe ea ho finyella litakatso tsa batho lefatšeng lohle: khotso le tšireletseho, tokoloho le puso eo ho eona molao o renang.”
Hase ho Batla ho Lokolohileng Likhathatsong
Mathata a mangata a thibela motho ho batla taolo ea lefatše le lecha. Ho hlakile hore lintoa tsa libetsa lia mo sitisa. Ha o bua ka ntoa e ntseng e tsoela pele pakeng tsa Iraq le Kuwait, makasine oa Time oa January 28, 1991, o itse: “Eitse ha libomo li e-oa le li-missile li fofa sebakeng, litebello tsa tsamaiso ea lefatše le lecha li ile tsa nkeloa sebaka ke ho hloka taolo ho tloaelehileng.” Makasine ona o ile oa eketsa: “Ha ho motho ea lokelang ho ithetsa ka ho nahana hore taolo ea lefatše le lecha eo ho ithorisoang ka eona hakana e tla tla ka nako e loketseng kapa hore e atametse.”
Tšebelisano pakeng tsa lichaba tsohle ha e e-s’o finyelloe, ’me sena se sitisa boiteko ba motho ba ho theha taolo ea lefatše le lecha. Tlalehong e makasineng oa The World & I (January 1991), liithuti li ile tsa hlahloba “merero eo mebuso e meholo e e etsang le linaha tse ling le liphello tseo e ka ’nang ea ba le tsona taolong ea lefatše le lecha.” Mohlophisi oa makasine ona o ile a qetella ka hore: “Histori e fana ka bopaki ba hore phapang pakeng tsa ntoa le khotso ea totobala linakong tse molemo. Tšebelisano pakeng tsa lichaba tsohle, haholo-holo pakeng tsa mebuso e meholo, ea hlokahala bakeng sa ho tlohela Ntoa eo ho Eona ho sa Sebelisoeng Lihlomo ho ea taolong ea lefatše le lecha.”
Mathata a tikoloho le ’ona a sitisa motho ho finyella taolo ea lefatše le lecha eo ba bangata ba e lebelletseng. Ho State of the World 1991 (tlaleho ea Worldwatch Institute) Lester R. Brown o itse: “Ha ho motho ea ka bolelang ka ho tiea hore na taolo e ncha e tla shebahala joang. Empa haeba re tla etsetsa moloko o tlang bokamoso bo molemo, joale boiteko bo boholo bo hlokahalang bakeng sa ho ntlafatsa boemo bo senyehileng ba tikoloho naletsaneng ena bo tla laola maemo a lefatše ka lilemo tse mashome tse tlang.” Tlaleho eo e bontšitse hore tšilafalo ea moea e ne e se e “fihlile boemong boo ho bona e neng e sokela bophelo bo botle metseng e meholo ea litoropo e baloang ka makholo le boemong boo ho bona e neng e senya lijalo linaheng tse ngata haholo.” E ile ea eketsa: “Ha lenane la batho ba phelang holim’a naletsana ena le ntse le eketseha, lenane la limela le liphoofolo lea fokotseha. Ho senyeha ha sebaka seo limela le liphoofolo li phelang ho sona le tšilafalo li fokotsa mefuta ea lintho tse phelang lefatšeng. Ho phahama ha mocheso le ho senyeha ho ntseng ho tsoela pele ha ozone layer li ka ntšetsa tšenyo pele.”
Ho hlakile hore joale, ho batla ha motho taolo ea lefatše le lecha ho tletse mathata. Na ho batla hoo ho tla atleha? Na ho ka boleloa hore lefatše le lecha le haufi? Haeba ho joalo, le tla tla joang?