Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a thea Sehopotso hammoho le baapostola feela eseng le barutuoa ba bang ba neng ba tla kenngoa selekaneng se secha?
Ho bonahala potso ena e theiloe mohopolong o fosahetseng oa hore Jesu o ile a bokana le baapostola ba hae mantsiboeeng ao ho thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea le phutheho ea Bokreste ea batlotsuoa ba neng ba se ba le selekaneng se secha. Ho e-na le hoo, ka Nisane 14, 33 C.E., phutheho ea Bokreste e ne e e-s’o theoe, ’me Jesu o ile a bokana hammoho le baapostola ba hae bakeng sa sejo sa selemo le selemo sa Paseka ea Sejode.
Ha e le hantle, Jesu o ne a e-na le barutuoa ba bang ka ntle ho ba 12 ba neng ba tsejoa e le baapostola. Selemo pele ho lefu la hae, o ile a roma barutuoa ba 70 mosebetsing oa boboleli. Ka mor’a tsoho ea hae, o ile “a bonoa ka nako e le ’ngoe ke baena ba fetisang makholo a mahlano.” ’Me barutuoa ba ne ba “batlile ho ba lekholo le mashome a mabeli,” ba neng ba bokane ka letsatsi la Pentekonta. (1 Ba-Korinthe 15:6; Liketso 1:15, 16, 23; Luka 10:1-24) Empa a re nahaneng ka sehlopha se neng se e-na le Jesu ha a thea mokete oa selemo le selemo o tsejoang e le Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
Luka 22:7, 8 e fana ka nako eo tseo li etsahetseng ka eona, ha e re: “Eitse letsatsi la mahobe a se nang litomoso ha le fihlile, leo batho ba tšoanetseng ho hlaba Paseka ka lona, Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: E-eang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.” Tlaleho e tsoela pele: “Le re ho mong a ntlo: Moruti o re ho uena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuoa ba ka ho eona?” Kahoo mantsiboeeng ao Jesu o ne a e-na le ba 12 bakeng sa mokete oa Sejode. O ile a ba bolella: “Ke lakalitse haholo ho ja Paseka ena le lōna, ke e-so ho utloe bohloko.”—Luka 22:11, 15.
Ho tloha ho qaleng ha eona Egepeta, Paseka e ne e le mokete oa lelapa. Ha Molimo o thea Paseka, o ile oa bolella Moshe hore nku e ne e lokela ho hlajoa bakeng sa lelapa ka leng. Haeba lelapa le ne le le lenyenyane haholo hore le ka ja nku kaofela, lelapa le ahelaneng le lona le ne le ka ’na la mengoa ho tla kopanela lijong. Kahoo, hoa utloahala hore bakeng sa Paseka ea 33 C.E., bongata ba barutuoa ba Jesu bo ne bo tla bokana ka tloaelo le malapa a bona bakeng sa sejo sena.
Empa Jesu o ne a “lakalitse haholo” ho kopanela ho seo e neng e tla ba Paseka ea ho qetela e tiisitsoeng, le bosiu ba ho qetela pele ho lefu la hae, a e-na le balateli ba hae ba haufi-ufi, ba tsamaileng le eena boholong ba tšebeletso ea hae. Qetellong ea sejo seo sa Paseka, Jesu o ile a ba bolella ka mokete o mocha o neng o lokela ho bolokoa ke balateli ba hae bohle nakong e tlang. Veine ea mokete oa nakong e tlang oa Bakreste e ne e tla emela mali a “selekane se secha” se neng se nketsoe sebaka ke selekane sa Molao.—Luka 22:20.
Leha ho le joalo, mantsiboeeng a Nisane 14, 33 C.E., selekane se secha se ne se e-s’o sebetse, hobane sehlabelo se tiisitsoeng—Jesu—se ne se e-s’o nyeheloe. Selekane sa Molao se ne se sa ntse se sebetsa. Se ne se e-s’o khokhotheloe thupeng. Ho phaella moo, ho ne ho ke ke ha bonahala ho fihlela ka letsatsi la Pentekonta hore selekane sa khale le Iseraele oa tlhaho se nketsoe sebaka ke selekane se secha le Iseraele oa moea.—Ba-Galata 6:16; Ba-Kolosse 2:14.
Kahoo, ho ne ho se leha a le mong oa baapostola ba 11 ba tšepahalang kapa leha e le ofe oa barutuoa ba bang ea neng a le selekaneng se secha mantsiboeeng ao. ’Me Jesu o ne a sa bontše ho hanyetsana hofe kapa hofe le barutuoa ba bang ba Bajode ka ho ba tlohela hore ba bokane le malapa a bona ho keteka Paseka.