Ho Tloha Seder ho ea Polokong
“Senoelo sa poloko e hlollang ke tla se nka, ’me ke tla bitsa lebitso la Jehova.”—PESALEME EA 116:13, “NW.”
1. Ke pina efe eo esale e ratoa ka ho fetisisa ka linako tsohle e ka ’nang ea ama bokamoso ba hao?
NA U ne u tla thabela pina e buang ka ho fumana ha hao bokamoso bo bolelele, bo thabileng? Ha e le hantle, pina e joalo e ratoa ka ho fetisisa ka linako tsohle. Leha ho le joalo, u boemong bo molemonyana ho feta ba bangata bakeng sa ho utloisisa le ho thabela pina ena e nang le se sengata seo e se bolelang. Bajode ba e bitsa Hallel (Thoriso). E entsoe ka Lipesaleme 113 ho ea ho 118, e re phehella hore re bine “Alleluya,” kapa “Rorisang Jah.”
2. Pina ee e sebelisoa joang, ’me e amana le Seder joang?
2 Bajode ba bina Hallel tšebeletsong ea bona ea Paseka, e leng ho bina hoo ka ho hlakileng ho qalileng morao koana ha Molimo o ne o e-na le tempele eo liphoofolo li neng li etsoa mahlabelo ho eona. Kajeno, e binoa malapeng a Bajode nakong ea tšebeletso le lijo tsa Paseka tse bitsoang Seder. Empa hase ba bangata ba e binang nakong ea Seder ea bona ba hlileng ba fumanang kutloisiso ea sebele ea Pesaleme ea 116:13 (NW): “Senoelo sa poloko e hlollang ke tla se nka, ’me ke tla bitsa lebitso la Jehova.” Empa, ke hobane’ng ha poloko e amahanngoa le Paseka, hona na e be poloko ea hao ea ameha?
Paseka—Mokete oa Poloko
3. Semelo sa Seder ke sefe?
3 Hopola hore Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta tlas’a Faro oa mohatelli. Qetellong, Jehova o ile a phahamisa Moshe bakeng sa ho etella pele batho ba Hae ho ea tokolohong. Ka mor’a hore Molimo o tlisetse Egepeta likotlo tse robong, Moshe o ile a phatlalatsa ea leshome. Jehova o ne a tla bolaea letsibolo lelapeng le leng le le leng la Baegepeta. (Exoda 11:1-10) Empa Baiseraele ba ne ba ka bolokoa. Joang? Ba ne ba lokela ho hlaba nku, ba tlotse mali a eona likoseneng tsa menyako le mapolankeng a ka holim’a menyako, ’me ba lule ka tlung ba ntse ba e-ja nama ea konyana, bohobe bo sa lomosoang, le meroho e babang. Nakong ea Seder eo, Molimo o ne o tla ‘feta’ o sa bolaea letsibolo la bona.—Exoda 12:1-13.
4, 5. Ke joang Paseka e ileng ea lebisa polokong bakeng sa ba bangata? (Pesaleme ea 106:7-10)
4 Ha a arabela kotlong ena ea leshome, Faro o ile a bolella Moshe: “Tlohang, le tsoe sechabeng sa ka, lōna le bana ba Iseraele, le ee, le sebeletse Jehova.” (Exoda 12:29-32) Ka mor’a hore Baheberu le “letšoele le kopakaneng” la ba ba utloelang bohloko ba tlohe, Faro o ile a fetola maikutlo a hae ’me a ba lelekisa. Joale ka mohlolo Molimo o ile oa thusa batho ba oona ho pholoha Leoatleng le Lefubelu, moo Faro le lebotho la hae le ba lelekisang ba ileng ba shoela teng.—Exoda 12:38; 14:5-28; Pesaleme ea 78:51-53; 136:13-15.
5 Moshe o ile a bolella Iseraele Leoatleng le Lefubelu: “Le se ke la tšoha. Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova, eo a tla le etsetsa eona kajeno.” Hamorao ba ile ba bina: “Matla a ka le thoko ea ka ke Jehova, e bile eena ho pholoha [“poloko,” NW] ha ka: ke eena Molimo oa ka, ke tla mo rorisa.” (Exoda 14:13, NW; 15:2) E, ho lopolloa ha Iseraele, kotlong ea leshome esita le Leoatleng le Lefubelu, e ne e le poloko. Ke ka nepo mopesaleme a neng a ka hlalosa Jehova e le Molimo o “etsang poloko e hlollang ka hare ho lefatše.”—Pesaleme ea 68:6, 20; 74:12-14, NW; 78:12, 13, 22.
6, 7. Ke hobane’ng ha Paseka e ile ea theoa, empa ke hobane’ng ha hona joale e bolokoa ka mokhoa o fapaneng le Paseka ea pele?
6 Baheberu ba ne ba lokela ho boloka Paseka e le sehopotso sa poloko. Molimo o ile oa re: “Letsatsi lena le tlameha ho sebeletsa e le sehopotso bakeng sa lōna, ’me le tlameha ho le keteka e le mokete ho Jehova ho pholletsa le meloko ea lōna.” (Exoda 12:14, NW) Sejong se seng le se seng sa Paseka, kapa Seder, ntate o ne a lokela ho hopotsa lelapa la hae poloko eo. Jehova o ile a laela: “Etlare ha bana ba lōna ba le botsa, ba re: Le lekanya’ng ka ketso ena na? le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka ea Jehova, kamoo a kileng a feta pel’a matlo a bana ba Iseraele Egepeta, mohla a otlang ba-Egepeta, ’me a sireletsa matlo a rōna.”—Exoda 12:25-27.
7 Hore e be ho tla fihlela kajeno Bajode ba tšoara Seder ea Paseka ho tiisa bonnete ba histori ea tlaleho eo. Empa, e meng ea mekhoa ea bona e fapane le seo Molimo o ileng oa se laela. The Origins of the Seder e re: “Bibele e akarelletsa litlhaloso tse pharalletseng tsa Paseka le Mokete oa Bohobe bo sa Lomosoang; leha ho le joalo, litlhaloso tsena ha li tšoane le mekete e bileng teng hamorao ea letsatsi leo la phomolo. Ka ho khetheha, moetlo oa Bibele o lebisa tlhokomelo sehlabelong sa paseka, seo libukeng tse ngata tsa ka morao ho Bibele se seng se sa nke boemo bo ka sehloohong.” Lebaka le leholo ke hore Bajode ba hloka tempele bakeng sa mahlabelo a liphoofolo.
8. Re na le lebaka lefe le khethehileng la ho nahanisisa ka Paseka?
8 Bakreste ba ka rua molemo ka ho ithuta mekete eohle eo Molimo o neng o e file Iseraele ea boholo-holo,a empa hona joale litšobotsi tse itseng tsa Paseka li tšoaneloa ke hore re li ele hloko ka mokhoa o khethehileng. Jesu, eo e neng e le Mojode, o ne a boloka Paseka. Ketsahalong ea ho qetela eo a ileng a etsa joalo ho eona, o ile a bolela ka ho hlaka mokete o le mong feela oa bomolimo o loketseng Bakreste—Sejo sa Morena sa Mantsiboea, sehopotso sa lefu la Jesu. Kahoo mokete ona oa Bokreste o amana le Paseka.
Ho Fetang Konyana ea Paseka
9, 10. Ke joang konyana ea Paseka e neng e le sehlabelo se khethehileng, kapa se ikhethang?
9 Ba-Heberu 10:1 (TLP) e re bolella hore ‘Molao e ne e le seriti sa tse molemo tse tlang ho tla.’ Cyclopœdia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea M’Clintock le Strong, e re: “Ha ho seriti se seng sa lintho tse molemo tse tlang se neng se le teng molaong se ka bapisoang le mokete oa Paseka.” Ka ho khetheha konyana ea Paseka e ne e bolela se fetang tšebeletso ea ho ikhopotsa kamoo Molimo o ileng oa boloka matsibolo ’me hamorao Baheberu bohle ha ba tsoa Egepeta.
10 Konyana eo e ne e ikhetha ka litsela tse ’maloa. Ka mohlala, mahlabelo a mangata a liphoofolo a Molao oa Moshe a ne a hlahisoa ke motho a le mong bakeng sa libe kapa molato oa botho, ’me likarolo tsa liphoofolo tseo li ne li chesoa aletareng. (Levitike 4:22-35) Nama e ’ngoe ea nyehelo ea teboho e ne e fuoa moprista ea tšoereng tšebeletso kapa baprista ba bang. (Levitike 7:11-38) Leha ho le joalo, konyana ea Paseka e ne e sa sebelisoe aletareng, ’me e ne e nyeheloa ke sehlopha sa batho, hangata e le lelapa, leo e neng e le lona le tla e ja.—Exoda 12:4, 8-11.
11. Jehova o ne a talima konyana ea Paseka joang, ’me e ne e supa eng? (Numere 9:13)
11 Jehova o ne a nka konyana ea Paseka e le ea bohlokoa hoo a ileng a e bitsa “sehlabelo sa ka.” (Exoda 23:18, NW; 34:25) Liithuti li boletse hore “sehlabelo sa paseka e ne e le sehlabelo sa Jehova se setle ka ho fetisisa.” Ho ke ke ha latoloa hore konyana ena e ne e supa, kapa e tšoantšetsa, sehlabelo sa Jesu. Re tseba sena hobane moapostola Pauluse o bitsitse Jesu ‘paseka ea rōna e hlabiloeng.’ (1 Ba-Korinthe 5:7) Jesu o ile a khetholloa e le “Konyana ea Molimo” le “Konyana e neng e hlajoe.”—Johanne 1:29; Tšenolo 5:12; Liketso 8:32.
Mali a Bolokang Bophelo
12. Mali a konyana a ne a phetha karolo efe Pasekeng ea pele?
12 Morao koana Egepeta mali a konyana e ne e le a bohlokoahali bakeng sa poloko. Ha Jehova a bolaea matsibolo, O ile a feta matlo ao ho neng ho e-na le mali likoseneng tsa menyako ea ’ona. Ho feta moo, kahobane Baheberu ba ne ba sa siamela lefu la matsibolo a bona, ba ne ba le boemong ba ho tšela Leoatle le Lefubelu ho ea tokolohong.
13, 14. Ke joang mali a Jesu e leng a bolokang bophelo le a bileng a hlokahalang bakeng sa poloko? (Ba-Efese 1:13)
13 Mali a boetse aa ameha polokong kajeno—mali a tšollotsoeng a Jesu. Ha “Paseka, mokete oa ba-Jode, e ne e le haufi” ka 32 C.E., Jesu o ile a bolella letšoele le leholo la bamameli: “Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Hobane nama ea ka ke sejo ka ’nete, ’me mali a ka ke seno ka ’nete.” (Johanne 6:4, 54, 55) Bamameli ba hae kaofela ba Bajode ba ne ba tla hopola Paseka e neng e se e le haufi le hore mali a konyana a ile a sebelisoa Egepeta.
14 Ka nako eno Jesu o ne a sa bue ka litšoantšetso tse sebelisitsoeng Sejong sa Morena sa Mantsiboea. Mokete oo o mocha oa Bakreste ha oa ka oa theoa ho fihlela hoo e ka bang selemo hamorao, kahoo esita le baapostola ba ileng ba utloa Jesu ka 32 C.E. ba ne ba sa tsebe letho ka oona. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ne a bontša hore mali a hae a ne a hlokahala bakeng sa poloko e sa feleng. Pauluse o hlalositse: “Ke ka ho eena re nang le topollo ka mali a hae, ke ho re, tšoarelo ea litšito, ka monono oa mohau oa hae.” (Ba-Efese 1:7) Ke feela ka tšoarelo motheong oa mali a Jesu re ka phelang ka ho sa feleng.
Poloko Efe Hona Hokae?
15. Bakeng sa Baheberu Egepeta, ke poloko le litokelo life tse neng li ka fumaneha, ’me ke eng e sa kang ea fumaneha? (1 Ba-Korinthe 10:1-5)
15 Ke poloko e lekanyelitsoeng feela e neng e ameha Egepeta ea boholo-holo. Ha ho lea mong ea ileng a tloha Egepeta ea neng a lebelletse ho fuoa bophelo bo se nang ho fela ka mor’a Ho Falla hoo. Ke ’nete hore Molimo o ile oa khetha Balevi hore e be baprista bakeng sa sechaba, ’me ba bang ba moloko oa Juda ba ile ba fetoha marena a nakoana, empa kaofela ha bona ba ne ba tla shoa. (Liketso 2:29; Ba-Heberu 7:11, 23, 27) Le hoja “letšoele le kopakaneng” leo ka ho tšoanang le ileng la tloha Egepeta le ne le se na litokelo tseo, lona, hammoho le Baheberu, le ne le ka tšepa ho ea fihla Lefatšeng la Pallo le ho thabela bophelo bo tloaelehileng le rapela Molimo. Ho ntse ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba pele ho Bokreste ba ne ba e-na le motheo oa ho tšepa hore, ka nako e loketseng, ba ne ba ka thabela bophelo bo se nang ho fela lefatšeng, leo Molimo o neng o reretse batho hore ba phele ho lona. Sena se ne se tla be se lumellana le tšepiso ea Jesu e ho Johanne 6:54.
16. Bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba ka tšepa ho fumana poloko ea mofuta ofe?
16 Molimo o ile oa sebelisa ba bang ba bahlanka ba oona ba boholo-holo ho ngola mantsoe a susumetsang ka hore lefatše le ne le bōpetsoe ho ahuoa le hore ba lokileng ba ne ba tla phela ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:9-11; Liproverbia 2:21, 22; Esaia 45:18) Leha ho le joalo, barapeli ba ’nete ba ne ba ka fumana poloko e joalo joang haeba ba ne ba ka shoa? Ka hore Molimo o ba khutlisetse bophelong lefatšeng. Ka mohlala, Jobo o ile a senola tšepo ea hore o ne a tla hopoloa ’me a khutlisetsoe bophelong. (Jobo 14:13-15; Daniele 12:13) Ka ho hlakileng, mofuta o mong oa poloko ke ho tla bophelong bo sa feleng lefatšeng.—Mattheu 11:11.
17. Bibele e bontša hore ba bang ba ka ’na ba fumana poloko efe e fapaneng?
17 Bibele e boetse e bua ka poloko ea ho ea bophelong leholimong, moo Jesu Kreste a ileng teng ka mor’a tsoho ea hae. ‘O ile leholimong, o lutse letsohong le letona la Molimo, mangeloi, le marena, le mebuso e beiloe tlas’a hae.’ (1 Petrose 3:18, 22; Ba-Efese 1:20-22; Ba-Heberu 9:24) Empa Jesu hase eena feela motho ea tla nkeloa leholimong. Molimo o rerile hore o tla boela o nke ba bang lefatšeng bao ha ho bapisoa e leng ba fokolang ka lenane. Jesu o ile a bolella baapostola: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; . . . ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.”—Johanne 14:2, 3.
18. Hona joale re na le lebaka lefe la ho lebisa tlhokomelo polokong ea ho ea bophelong ba leholimo?
18 Poloko ea ho ea bophelong ba leholimo ea ba kopaneng le Jesu ka sebele ke e hlollang haholo ho feta poloko e lekanyelitsoeng e neng e ameha Pasekeng ea pele. (2 Timothea 2:10) Ke mantsiboeeng a Seder ea ho qetela ea sebele, kapa sejo sa Paseka, ha Jesu a thea mokete o mocha bakeng sa balateli ba hae, o neng o lebisa tlhokomelo polokong ea ho ea bophelong ba leholimo. O ile a bolella baapostola ba hae: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Pele re nahanisisa ka hore na Bakreste ba lokela ho boloka mokete ona joang, a re nahanisiseng ka taba ea hore na re lokela ho etsa joalo neng.
“Nako e Beiloeng”
19. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho amahanya Paseka le Sejo sa Morena sa Mantsiboea?
19 Jesu o ile a re: “Ke lakalitse haholo ho ja paseka ena le lōna, ke e-so ho utloe bohloko.” (Luka 22:15) Ka mor’a moo o ile a bua ka ho hlaka ka Sejo sa Morena sa Mantsiboea, seo balateli ba hae ba neng ba lokela ho se boloka e le sehopotso sa lefu la hae. (Luka 22:19, 20) Paseka e ne e tšoaroa hang ka selemo. Kahoo, ke ho utloahalang hore Sejo sa Morena sa Mantsiboea se bolokoe selemo le selemo. Neng? Ka ho utloahalang, e ne e tla ba nakong ea selemo ka nako ea Paseka. Hoo ho ne ho tla bolela hore ke letsatsing leo la 14 Nisane (almanakeng ea Bajode) le oelang ho lona, ho fapana le ho khomarela Labohlano ka mehla hobane e le lona letsatsi la beke leo Jesu a shoeleng ka lona.
20. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li thahasella la 14 Nisane?
20 Kahoo la 14 Nisane e ne e tla ba letsatsi leo Pauluse a neng a le hopotse ha a ngola: “Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.” (1 Ba-Korinthe 11:26) Ka makholo a mabeli a latelang a lilemo, Bakreste ba bangata ba ne ba khomaretse la 14 Nisane, ba bile ba tsejoa e le ma-Quartodeciman, ho tsoa lentsoeng la Selatine le emelang “la 14.” M’Clintock le Strong baa tlaleha: “Likereke tsa Asia Minor li ne li keteka lefu la Morena ka letsatsi le lumellanang le la 14 la khoeli ea Nisane, e leng letsatsi leo, ho latela khopolo ea Kereke eohle ea boholo-holo, ho thakhisoa ho ileng ha etsahala ka lona.” Kajeno Lipaki tsa Jehova li boloka Sejo sa Morena sa Mantsiboea selemo le selemo ka letsatsi le lumellanang le la 14 Nisane. Empa ba bang ba hlokometse hore letsatsi lena le ka ’na la fapana le letsatsi leo Bajode ba tšoarang Paseka ea bona ka lona. Hobane’ng?
21. Konyana ea Paseka e ne e lokela ho hlajoa neng, empa Bajode ba etsa eng kajeno?
21 Letsatsi la Bajode le ne le qala ha letsatsi le likela (hoo e ka bang ka hora ea botšelela) ho fihlela ha letsatsi le latelang le likela. Molimo o ile oa laela hore konyana ea Paseka e bolaoe ka la 14 Nisane “pakeng tsa mantsiboea a mabeli.” (Exoda 12:6, NW) Nako eo e ne e tla ba efe? Bajode ba kajeno ba khomarela pono ea bo-rabbi ea hore konyana e ne e lokela ho hlajoa ho ella qetellong ea la 14 Nisane, pakeng tsa nako ea ha letsatsi le rapama (hoo e ka bang ka hora ea boraro) le nakong ea ha le se le hlile le likela. Ka baka leo, ba tšoara Seder ea bona ka mor’a hore letsatsi le likele, ha la 15 Nisane le se le qalile.—Mareka 1:32.
22. Lebaka leo ka lona letsatsi la Sehopotso le ka ’nang la fapana le letsatsi leo Bajode ba tšoarang Paseka ea bona ka lona ke lefe? (Mareka 14:17; Johanne 13:30)
22 Leha ho le joalo, re na le lebaka le letle la ho utloisisa polelo eo ka mokhoa o fapaneng. Deuteronoma 16:6 e ile ea bolella Baiseraele ka ho hlaka hore ba lokela ho “hlaba sehlabelo sa Paseka, mantsiboea, ha letsatsi le likela.” (Phetolelo ea Tanakh ea Bajode) Sena se bontša hore polelo “pakeng tsa mantsiboea a mabeli” e ne e bolela nakong ea phirimana, ho tloha ha letsatsi le likela (ho qalang la 14 Nisane) ho fihlela bosiu bo boholo. Bajode ba Karaiteb ba boholo-holo ba ne ba utloisisa sena ka tsela ena, joalokaha Basamariac le bona ba e utloisisa joalo ho fihlela kajeno. Ho amohela ha rōna hore konyana ea Paseka e ne e hlajoa e bile e jeoa “ka nako e beiloeng” ka la 14 Nisane, e seng ka la 15 Nisane, ke lebaka le leng leo ka lona letsatsi la rōna la Sehopotso ka linako tse ling le fapanang le letsatsi la Bajode.—Numere 9:2-5.
23. Ke hobane’ng ha ho eketsoa likhoeli almanakeng ea Baheberu, ’me Bajode ba mehleng ea kajeno ba sebetsana le see joang?
23 Lebaka le leng leo ka lona letsatsi la rōna le ka ’nang la fapana le la Bajode ke hore ba sebelisa almanaka e lokiselitsoeng esale pele, e leng tsamaiso e sa kang ea theoa ho fihlela lekholong la bone la lilemo C.E. Ba sebelisa sena, ba ka beha matsatsi bakeng sa la 1 Nisane kapa bakeng sa mekete mashome kapa makholo a lilemo esale pele. Ho feta moo, almanaka ea boholo-holo e baloang ho latela khoeli e holimo e ne e hloka hore khoeli ea bo13 e eketsoe nako le nako ho etsa hore almanaka e nyalane le linako tsa selemo. Almanaka e teng hona joale ea Bajode e eketsa khoeli ena linakong tse tsitsitseng; potolohong ea lilemo tse 19, e eketsoa ho lilemo 3, 6, 8, 11, 14, 17, le 19.
24, 25. (a) Mehleng ea Jesu, likhoeli li ne li theoa joang ’me tlhokahalo ea likhoeli tse ka thōko e ne e reroa joang? (b) Lipaki tsa Jehova li hloma letsatsi la Sejo sa Morena sa Mantsiboea joang?
24 Leha ho le joalo, Emil Schürer o bolela hore “nakong ea Jesu [Bajode] ba ne ba ntse ba se na almanaka e theiloeng ka mokhoa o tsitsitseng, empa motheong oa ho talima khoeli e holimo feela, ba ne ba qala khoeli ka ’ngoe e ncha ha ho hlaha khoeli e ncha holimo, ’me ka ho tšoanang motheong oa ho hlokomela maemo” ba ne ba eketsa khoeli ha ho hlokahala. “Haeba . . . ho ne ho hlokomeloa ho ella qetellong ea selemo hore Paseka e ne e tla oela nakong ea pele ho nako ea selemo ea ha motšehare o lekana le bosiu ka bolelele [hoo e ka bang ka la 21 Tlhakubele], ho ne ho ntšoa taelo ea ho eketsa khoeli pele ho Nisane.” (The History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ, Moqolo 1) Ka hona khoeli e ka thōko e itlela ka tsela ea tlhaho, ha e eketsoe ka molao o khethehileng.
25 Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se hloma letsatsi la Sejo sa Morena sa Mantsiboea tumellanong le mokhoa oo oa boholo-holo. La 1 Nisane le reroa ke ha khoeli e ncha e holimo e le haufi ka ho fetisisa le nako ea selemo ea ha bosiu bo lekana le motšehare ka bolelele ’me e ka hlokomeloa ha letsatsi le likela Jerusalema. Ho bala matsatsi a 14 ho tloha moo ho tlisa motho ho la 14 Nisane, leo hangata le lumellanang le letsatsi leo khoeli e tōlōkileng ka lona. (Bona The Watchtower, June 15, 1977, maqephe 383-4.) Motheong oa mokhoa ona oa Bibele, Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše li se li tsebisitsoe hore mokete oa Sehopotso selemong sena o tla ba ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 10 ’Mesa.
26. Ke litšobotsi life tse eketsehileng tsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea tseo re tšoanelang ho li ela hloko?
26 Letsatsi lena le lumellana le la 14 Nisane, e leng letsatsi leo ka lona Jesu a ileng a tšoara Paseka ea ho qetela ea sebele. Leha ho le joalo, ho keteka Sehopotso ho totobatsa poloko e ka ’nģane ho seo Seder ea Bajode e leng boikhopotso ba sona. Ho hlokahala hore kaofela ha rōna re utloisise hore na ho etsahala eng nakong ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea, hore na se bolela eng, le hore na poloko ea rōna e ameha joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1980, maqephe 8-25.
b M’Clintock le Strong ba ba hlalosa e le “se seng sa lihlotšoana tsa synagoge ea Bajode se tsotehang ka ho fetisisa le sa khale ka ho fetisisa, seo tumelo ea sona e se khethollang e leng ho khomarela ka thata lengolo la molao o ngotsoeng.”
c “Ba hlaba phoofolo mantsiboea . . . Har’a mpa ea bosiu sehlopha ka seng sa lelapa se ja nama . . . e be se chesa nama le masapo a setseng pele e e-ba hoseng . . . Liithuti tse ling li ’nile tsa hlahisa hore bolumeli ba Basamaria e ka ’na eaba bo tšoana haholo le bolumeli ba Bibele pele Bojode ba bo-rabbi bo bo fetola.”—The Origins of the Seder.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ka nepo Paseka e amahanngoa le poloko?
◻ Ke joang sehlabelo sa Jesu se ka finyellang ho hongata ho feta ho neng ho finyelloa ke konyana ea Paseka?
◻ Ke poloko efe e fumanehang ka Jesu?
◻ Lipaki tsa Jehova li hloma nako e loketseng ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea joang?