Le hoja Paseka e ne e sa tšoantšetse Sehopotso, likarolo tse ling tsa eona li bohlokoa ho rona. Mohlala, moapostola Pauluse o ile a re Jesu ke “Paseka ea rōna.” (1Ko 5:7) Joalokaha mali a konyana a ileng a fafatsoa likoseneng tsa menyako a ile a pholosa batho, le mali a Jesu a pholosa bophelo. (Ex 12:12, 13) Hape ha ho lesapo la konyana ea Paseka le ileng la rojoa. Ka ho tšoanang, Jesu ha a ka a rojoa masapo, le hoja e ne e le tloaelo hore motho ea ahlotsoeng ka tsela eo a ileng a ahloloa ka eona a rojoe masapo.—Ex 12:46; Joh 19:31-33, 36.