‘Jehova ke Molimo oa ka, oo ke o Tšepang’
JOALOKAHA HO BOLETSE WILLI DIEHL
“Ke hobane’ng ha u batla ho ea Bethele?” Ena ke potso eo ntate a ileng a mpotsa eona nakong ea selemo ka 1931 ha ke ’molella ka takatso ea ka ea ho qala tšebeletso ea Bethele. Batsoali ba ka, ba neng ba lula Saarland, ba ne ba bile linneteng ka lilemo tse ka bang leshome, ’me ba ne ba re behetse mohlala o motle rōna bashemane ba bararo. ’Nete e ne e le bophelo bohle ba bona, ’me le ’na ke ne ke batla ho e etsa bophelo bohle ba ka.
EMPA batsoali ba ka ba ne ba ile ba tseba ka Jehova le thato ea hae e halalelang joang? Ba sa khotsofatsoa ke bolumeli bo hlophisitsoeng, ba ne ba batlile ’nete ka nako e telele. Ba ile ba leka ho kena likereke le lihlotšoana tsa bokhelohi tse sa tšoaneng, ba fumana hore, e ’ngoe le e ’ngoe hase e nepahetseng.
Ka tsatsi le leng monyakong oa rōna ho ile ha siuoa pampitšana e phatlalatsang puo e nang le litšoantšo le filimi e buang ka merero ea Molimo e bitsoang “Photo-Drama of Creation.” Ntate o ne a tlameha ho ea mosebetsing oa boipheliso ha “Photo-Drama” e bontšoa, empa o ile a khothalletsa ’Mè ho ea. O ile a re: “Mohlomong, ho ka ’na ha ba molemo ho e shebella.” Ka mor’a hore ’Mè a e shebelle mantsiboeeng ao, o ile a tlala mafolo-folo. O ile a re: “Qetellong ke fumane ’nete! Hosasane mantsiboea u tle u tl’o iponela ka bouena. Ke ’nete eo esale re ntse re e batla.” E ne e le ka 1921.
Joalokaha batsoali ba ka e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, ba ile ba lula ba tšepahala ho fihlela ba e-shoa, ntate o ile a shoa ka 1944, ka mor’a hore a koalloe teronkong ke Manazi ka makhetlo a ’maloa, ’me ’Mè o ile a shoa ka 1970. Le eena o ile a qeta nako e telele teronkong tlas’a puso ea Nazi.
Cheseho ea Batsoali ba ka e Behang Mohlala
Pele ba e-shoa, batsoali ba ka ba ne ba le mafolo-folo haholo tšebeletsong ea tšimo. ’Mè ka ho khetheha o ne a chesehela ho aba liqeto tse entsoeng likopanong tse ileng tsa lokolloa ka 1922 ho ea ho 1928. Ecclesiastics Indicted, e neng e e-na le qeto e ileng ea etsoa ka 1924 e ne e nyatsa baruti ka ho tebileng. Ho e aba ho ne ho hloka sebete. Bahoeletsi ba ne ba tsoha ka hora ea bone hoseng, ba sunya lipampitšana ka tlas’a mamati. Le hoja ke ne ke le lilemo li 12 feela, batsoali ba ka ba ile ba ntumella hore ke nke karolo mosebetsing oo. Hangata re ne re qala ka hora ea bohlano hoseng, re palama libaesekele ka lihora tse tharo ho ea ho tse ’nè ho ea fihla tšimong e libakeng tse ka thōko. Re ne re pata libaesekele ka har’a lihlahla, ’me ’na ke ne ke li lebela ha ba bang ba sebetsa motseng. Motšehare oa mantsiboea re ne re palama libaesekele re boela hae, ’me ka shoalane re ne re tsamaea ka maoto nako e ka etsang hora ho ea sebokeng.
Hamorao, e mong e monyenyane ho ’na o ile a sala le libaesekele, eaba ’na ke tsamaea le bahoeletsi. Empa ha ho ea ileng a nahana ka ho nkoetlisa. Ba ile ba mpolella feela hore na ke sebetse seterata sefe! Ka pelo e ubang ke ile ka ea ntlong ea pele, ke tšepile hore ha ho motho ea teng hae. Ka bomalimabe, monna o ile a bula monyako. Ke ile ka felloa ke mantsoe. Ke phothasela, ke ile ka supa buka e ka mokotleng oa ka. O ile a botsa: “Na ke ea Moahloli Rutherford?” Ka ho kokotletsa ke ile ka arabela. O ile a re: “Na e ncha, ke eo ke se nang eona?” Ke ile ka mo tiisetsa: “E, e ncha.” Eaba o re: “Joale ke tlameha ho e fumana. Ke bokae?” Hona ho ile ha mpha sebete sa hore ke tsoele pele.
Ka 1924 batho ba baholo hangata ba ne ba bua ka 1925. Ka lekhetlo le leng re ile ra etela lelapa le leng la Liithuti tsa Bibele, ’me ka utloa moena e mong a botsa: “Haeba Morena a re nkela leholimong, ho tla etsahala joang ka bana ba rōna?” ’Mè, ka mehla a ntse a e-na le boikutlo bo kholisehileng ka ho fetisisa, o ile a arabela: “Morena o tla tseba ho ba hlokomela.” Taba ena e ile ea hapa thahasello ea ka. E ne e bolela eng? Selemo sa 1925 se ile sa fihla sa ba sa feta, ’me ha ho letho le ileng la etsahala. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ha baa ka ba felloa ke cheseho ea bona.
Keletso e Bohlale ea Ntate
Qetellong, ka 1931, ke ile ka bolella ntate seo ke batlang ho se etsa ka bophelo ba ka. Ha a arabela ntate o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u batla ho ea Bethele?” Ke ile ka arabela: “Hobane ke batla ho sebeletsa Jehova.” O ile a tsoela pele: “A re re mohlomong ua amoheloa Bethele, na ua hlokomela hore baena ba moo hase mangeloi? Ha baa phethahala ’me ba etsa liphoso. Ke tšoha hore sena se ka ’na sa etsa hore u balehe ’me mohlomong u be u furalle tumelo. Tiisa hore u nahana ka hloko ka taba ena.”
Ke ile ka tšosoa ke ho utloa ntho e joalo, empa ka mor’a ho shebisisa litaba ka matsatsi a ’maloa, ke ile ka pheta takatso ea ka ea ho etsa kōpo ea ho ea Bethele. Ntate o ile a re: “Mpolelle hape hore na ke hobane’ng ha u batla ho ea.” Ke ile ka boela ka re: “Hobane ke batla ho sebeletsa Jehova.” O ile a re: “Mor’a ka, le ka mohla u se ke ua lebala seo. Haeba u ka mengoa, hopola hore na ke hobane’ng ha u e-ea teng. Haeba u bona ntho e fosahetseng, u se ke ua tšoenyeha ka ho fetelletseng. Le haeba u sa tšoaroe hantle, u se ke ua baleha. Le ka mohla u se ke ua lebala lebaka leo u leng Bethele ka lona—hobane u batla ho sebeletsa Jehova! Ameha ka mosebetsi oa hao ’me u mo tšepe.”
Kahoo motšehare oa mantsiboea a November 17, 1931, ke ile ka fihla Bethele e Bern, Switzerland. Ke ile ka lula ka kamoreng e le ’ngoe le ba bang ba bararo ’me ka sebetsa lefapheng la khatiso, ka ithuta ho sebetsa ka mochine oa khatiso o monyenyane o sebetsang ka letsoho. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke ileng ka abeloa ho li hatisa e bile Molula-Qhooa ka Seromania.
Molaetsa o Tsoang Leholimong!
Ka 1933 Mokhatlo o ile oa hatisa The Crisis, e leng bukana e nang le lipuo tse fanoeng sea-le-moeeng tseo Moena Rutherford a ileng a nehelana ka tsona United States. Hoseng ho hong Moena Harbeck, mohlanka oa lekala, o ile a tsebisa lelapa la Bethele lijong tsa hoseng hore bukana eo e ne e lokela ho abuoa ka tsela e khethehileng. Lipampitšana tse phatlalatsang bukana ena li ne li tla lahleloa fatše ho tsoa sefofaneng se senyenyane se hiriloeng se fofang ka holim’a Bern, ha bahoeletsi ba ne ba tla ema literateng ba fana ka bukana eo ho batho. O ile a botsa: “Ke ofe oa lōna baena ba bacha ea ikemiselitseng ho tsamaea ka sefofane? Re bolelleng hang-hang haeba le batla ho ithaopa.” Ke ile ka ithaopa, ’me hamorao Moena Harbeck o ile a phatlalatsa hore ke khethetsoe ho tsamaea ka sefofane.
Letsatsing leo la bohlokoa, re ile ra tsamaea re nkile mabokoso a lipampitšana ho ea boema-fofaneng. Ke ile ka lula ka sefofaneng ka mor’a moqhobi oa sefofane ’me ka beha qubu ea lipampitšana setulong se pel’a ka. Litaelo tse seli tseo ke neng ke li filoe li ne li re: Phutha lipampitšana ka lihlopha tsa lipampitšana tse lekholo sehlopha ka seng, ’me u lahlele sehlopha ka seng ka fensetere ka lehlakoreng ka leng ka matla ’ohle ao u ka a khonang. Ho se ele hloko ho ne ho ka etsa hore lipampitšana li tšoasoe ke mohatla oa sefofane, li bake mathata. Empa lintho tsohle li ile tsa tsamaea hantle. Hamorao baena ba ile ba bolela hore e bile ho thabisang ho bona ‘molaetsa ona o tsoang leholimong.’ Tokisetso ena e ile ea hlahisa liphello tse lebelletsoeng, ’me libukana tse ngata li ile tsa tsamaisoa, le hoja batho ba bang ba ile ba letsa thelefono ba ipelaetsa ka hore lirapa tsa bona tsa lipalesa li ne li tletse lipampitšana.
Ho Leboha Bakeng sa Tokelo e ’Ngoe le e ’Ngoe ea Tšebeletso
Letsatsi le letsatsi ke ne ke leboha Jehova bakeng sa thabo le khotsofalo ea tšebeletso ea Bethele. Phuthehong, ke ne ke abetsoe ho notlolla mamati Holong ea ’Muso, ho lokisa litulo ka tsela e hlophisehileng hantle, le ho beha khalase e tletseng metsi a pholileng sefalaneng sa sebui. Ke ile ka nka hona e le tlotla e khōlō.
Bethele, qetellong ke ile ka sebetsa mochineng o moholo oa khatiso o neng o sebelisetsoa ho hatisa The Golden Age (eo hona joale e leng Tsoha!) ka Sepolishe. Ka 1934 re ile ra qala ho sebelisa li-phonograph, ’me ke ile ka thusa ho li haha. Ke ile ka fumana thabo e khōlō ha ke ea ka ntlo le ntlo ka lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. Beng ba matlo ba bangata ba ne ba thahasella ho bona mochine ona o monyenyane, ’me hangata lelapa lohle le ne le bokana ho tla mamela, empa hamorao ba qale ho ’na ba nyamela ka bonngoe. Ha lelapa lohle le se le tsamaile, ke ne ke fetela ntlong e ’ngoe.
Ho Lula ke le Mafolo-folo Nakong ea Ntoa
Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, motse oo ke tsoaletsoeng ho ’ona oa Saarland o ile oa aroloa ho Jeremane ’me oa qala ho busoa tlas’a tšireletso ea Selekane sa Lichaba. Ka hona, Saarland e ile ea ntša litokomane tsa eona tsa boitsebiso. Ka 1935 ho ile ha tšoaroa likhetho e le ho etsa qeto mabapi le hore na baahi ba Saarland ba lakatsa ho boela ba kopanngoa le Jeremane kapa che. Ke ile ka sebelisa monyetla oo ho etela lelapa leso, ke tseba hore nke ke ka khona ho le etela haeba Saarland e ka ba tlas’a taolo ea Nazi. ’Me ka sebele, ka lilemo tse ngata ka mor’a moo, ha kea ka ka utloa letho ho tsoa ho batsoali ba ka kapa ho banab’eso.
Le hoja Switzerland e sa ka ea kenella ka ho toba Ntoeng ea II ea Lefatše, e ile ea aroloa ka ho felletseng ho linaha tse ling ha Jeremane e hapa linaha tse haufi le eona ka bonngoe. Re ne re ntse re hatisa lingoliloeng bakeng sa Europe eohle ntle le Jeremane, empa joale re ne re ke ke ra hlola re romela lingoliloeng tse odoriloeng. Moena Zürcher, eo e neng e le mohlanka oa lekala, o ile a re bolella hore ho hang re ne re se re se na chelete, ’me o ile a re khothalletsa hore re batle mosebetsi ka ntle ho Bethele ho fihlela lintho li khutlela malulong. Leha ho le joalo, ke ile ka lumelloa ho lula Bethele, joalokaha ho ne ho e-na le lintho tse ’maloa tse lokelang ho hatisoa bakeng sa bahoeletsi ba ka bang sekete ba sebaka seo.
Le ka mohla lelapa la Bethele le ke ke la lebala July 5, 1940. Hantle feela ka mor’a lijo tsa motšehare teraka ea sesole e ile ea fihla. Masole a ile a theoha ’me a kena Bethele. Re ile ra laeloa hore re eme re sa sisinyehe, ’me e mong le e mong oa rōna o ile a lebeloa ke lesole le hlometseng. Re ile ra isoa tlung ea ho jela ha karolo e ’ngoe ea mohaho e ntse e phenyekolloa. Balaoli ba ne ba belaella hore re bolelletse ba bang hore ba hane ho kenela tšebeletso ea sesole, empa ba ile ba hlōleha ho fumana bopaki.
Nakong ea lilemo tsa ntoa, ke ne ke le mohlanka oa phutheho libakeng tsa Thun le Frutigen. Hona ho ne ho bolela hore kemiso ea ka ea mafelo-beke e ne e le e maphatha-phathe haholo. Moqebelo o mong le o mong hang-hang ka mor’a lijo tsa motšehare, ke ne ke tsamaea ka baesekele sebaka sa lik’hilomithara tse 50 ho ea Frutigen, moo ke neng ke khanna Thuto ea Molula-Qhooa teng mantsiboea. Sontaha hoseng ke ne ke tsamaea le bahoeletsi tšebeletsong ea tšimo. Joale, motšehare oa mantsiboea, ke ne ke e-ea Interlaken ho khanna Thuto ea Buka ea Phutheho e be hamorao mantsiboeeng ao ke khanna thuto ea Bibele le lelapa le leng Spiez. Ho qetella letsatsi, ke ne ke khanna Thuto ea Molula-Qhooa Thun.
Ka shoalane, ha ke qetile mosebetsi ’ohle oa ka, ke ne ke khutlela Bern, ke bina ebile ke letsa mololi, ke khotsofetse ka ho tebileng. Ke ne ke sa teane le likoloi tse ngata. Ponahalo ea maralla a ka har’a lefifi, kaha ho ne ho se mabone tseleng ka lebaka la leano la ho tima mabone bosiu ho qoba tlhaselo nakong ea ntoa, e ne e e-na le khutso ’me e sa tšoenngoe ke letho, e ntse e hlahella nako le nako khanyeng ea khoeli. Mafelo-beke ao a ne a entša bophelo ba ka ’me a tsosolosa matla a ka hakaakang!
Ketelo e Ileng ea Hlahisa Liphello tse sa Lebelloang
Ka hoetla 1945, Moena Knorr o ile a re etela. Ka tsatsi le leng o ile a kena ka fekthering ha ke ntse ke eme mochineng oa khatiso oa rotary. O ile a hoeletsa: “Theoha! Na u ka rata ho ea Sekolong sa Gileade?” Ke ile ka makala haholo. Ke ile ka arabela: “Haeba u nahana hore nka khona, nka thabela ho etsa joalo.” Mangolo a re memang, ’na le Moena Fred Borys, le Khaitseli Alice Berner, a ile a fihla nakong ea selemo ka 1946. Empa ka lebaka la hore ke hlahetse Saarland, ho ne ho se na naha eo ke ikarabellang ho eona, ka hona ke ile ka tlameha ho kōpa visa e khethehileng Washington, D.C., U.S.A.
Le hoja ba bang ba ile ba tsamaea ka nako, ke ile ka tlameha ho letela karabelo ea kōpo ea ka. Ha sekolo se qalisa ka September 4, ke ne ke ntse ke le Switzerland, butle-butle ke ntse ke felloa ke tšepo. Joale ba Lefapha la Boemeli la U.S. ba ile ba mpitsa, ba ntsebisa hore visa ea ka e fihlile. Ka potlako ke ile ka leka ho etsa litokisetso tsa leeto ’me qetellong ka fumana sebaka sekepeng sa masole se tlohang Marseilles se e-ea New York. E bile phihlelo e tšosang hakaakang! Athos II e ne e tletse tsoete! Ke ile ka fuoa bethe kamoreng e bulehileng. Letsatsing la bobeli re le leoatleng, ho phatloha ha kamore eo enjine e leng ka ho eona ho ile ha etsa hore sekepe se eme tsi! Bapalami le bakhanni ka ho tšoanang ba ne ba tšoenyehile, ba tšaba hore re ka ’na ra teba. Sena se ile sa mpha monyetla o babatsehang oa ho paka ka tšepo ea tsoho.
Ho ile ha nka matsatsi a mabeli ho lokisa sekepe, ’me ka mor’a ’ona re ile ra tsoela pele re se re fokolitse lebelo. Re ile ra fihla New York matsatsi a 18 hamorao, moo re ileng ra qobelloa ho lula ka har’a sekepe hobane basebetsi ba laollang le ho laela likepe ba ne ba entse seteraeke. Ka mor’a lipuisano, qetellong re ile ra atleha ho theoha sekepeng. Ke ne ke otletse Mokhatlo mohala ka boemo bona, ’me ha ke tloha lelibohong, monna e mong o ile a mpotsa: “Na ke uena Monghali Diehl?” E ne e le e mong oa batlatsi ba Moena Knorr, ’me o ile a mpalamisa terene ea bosiu e eang Ithaca, pel’a Sekolo sa Gileade, moo ke ileng ka fihla nakoana ka mor’a hora ea borobeli hoseng ho hlahlamang. Ke ile ka thaba hakaakang ho ba moo qetellong, hore ke khone ho ba teng sehlopheng sa pele sa machaba sa Gileade!
Ho Mamella ho sa Tsotellehe Mathata
Mokete oa kabo ea mangolo a sehlopha sa borobeli sa Gileade o ile oa tšoaroa ka February 9, 1947, ’me e mong le e mong o ne a ikutloa a tšoenyehile. Ebe re tla romeloa hokae? ’Na “kabelo” ea ka e ile ea ba mohaho oa khatiso o sa tsoa buloa oa Mokhatlo o Wiesbaden, Jeremane. (Pesaleme ea 16:6) Ke ile ka khutlela Bern ho ea kōpa litumello tse hlokahalang, empa mabotho a U.S. a Jeremane a ne a lumella feela batho ba neng ba kile ba lula moo pele ho ntoa ho kena. Kaha ke ne ke e-s’o lule teng, ke ile ka hloka kabelo e ncha ho tsoa ntlo-khōlō e Brooklyn. Kabelo eo e ile ea e-ba mosebetsi oa potoloho Switzerland, oo ke ileng ka o amohela ke tšepile Jehova ka ho felletseng. Empa ha ke ntse ke emetse kabelo ena, ka letsatsi le leng ke ile ka kōpuoa hore ke bontše bo-khaitseli ba bararo ba etileng mehaho ea Bethele. E mong oa bona e ne e le pula-maliboho ea bitsoang Marthe Mehl.
Ka May 1949, ke ile ka tsebisa ntlo-khōlō e Bern hore ke rerile ho nyala Marthe le hore re lakatsa ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng. Karabelo e ile ea ba efe? Hore re ke ke ra fumana litokelo leha e le life ntle le ho ba bo-pula-maliboho ba ka mehla. Re ile ra qala ho bula maliboho Biel, ka mor’a lenyalo la rōna ka June 1949. Ke ne ke sa lumelloa ho fana ka lipuo, leha e le ho batlela baemeli ba neng ba tla kopanong marobalo, le hoja molebeli oa rōna oa potoloho a ne a re buelletse bakeng sa tokelo eo. Ba bangata ba ne ba se ba sa re lumelise, ba re tšoara joaloka batho ba khaotsoeng, le hoja re ne re le bo-pula-maliboho.
Leha ho le joalo, re ne re tseba hore ho nyala ha ho khahlanong le mangolo, kahoo re ile ra tšabela thapelong ’me ra tšepa Jehova. Ha e le hantle, tšoaro ena e ne e sa bonahatse pono ea Mokhatlo. E ne e mpa feela e le phello ea ho sebelisa hampe lintlha tse tataisang tseo mokhatlo o hlophisitsoeng o faneng ka tsona.
Moena Knorr oa Khutla
Ka 1951, Moena Knorr o ile a boela a etela Switzerland. Ha a qeta ho fana ka puo, ke ile ka tsebisoa hore o ne a lakatsa ho bua le ’na. Le hoja ke ne ke batla ke tšohile, ke ne ke thabetse hore o ne a rata ho mpona. O ile a mpotsa hore na ebe re ne re tla utloisisa ho amohela kabelo lehaeng leo ho reriloeng hore le hahoe la baromuoa Geneva. Re ne re thabile e le kannete, le hoja ho tloha Biel ho ne ho se monate. Letsatsing le hlahlamang kōpo e tsoelang pele ea Moena Knorr e ile ea fihla ho rōna. Na re ne re tla utloisisa ho qalella mosebetsi oa potoloho, kaha mosebetsi ona o ne o hloka tlhokomelo e eketsehileng Switzerland? Re ile ra lumela hang-hang. Boikutlo ba ka ka mehla e ’nile ea e-ba ho amohela kabelo leha e le efe eo ke e fuoang.
Tšebeletso ea rōna mosebetsing oa potoloho karolong e ka bochabela ea Switzerland e ile ea hlohonolofatsoa haholo. Re ne re tsamaea ka terene, re tšetse thepa eohle ea rōna ka lisutuk’heising tse peli. Hangata baena ba ne ba re khahlametsa seteisheneng ka libaesekele, kaha e ne e le ba ’maloa feela ba bona ba neng ba e-na le likoloi matsatsing ao. Lilemo hamorao, moena e mong o ile a re fa koloi eo re ka e sebelisang, e leng ho ileng ha bebofatsa tšebeletso ea rōna.
Lintho tse Ncha tse sa Lebelloang
E bile thabo e kaakang ha ka 1964 ’na le mosali oa ka re memeloa ho ea sehlopheng sa bo40 sa Gileade, sehlopha sa ho qetela sa thupelo e batsi, ea likhoeli tse leshome, eo nakong eo e neng e khutsufalitsoe ho ba likhoeli tse robeli. Marthe o ile a tlameha ho ithuta Senyesemane ka potlako, empa o ile a atleha ho etsa sena ka ho babatsehang. Re ne re ipotsa lipotso tse ngata tsa hore na ebe re ne re tla romeloa kae. Boikutlo ba ka e ne e le hore: ‘Ha ke khathatsehe hore na ke tla abeloa ho ea hokae, hafeela e se mosebetsi oa ofisi!’
Empa ke ’ona oo ke ileng ka o abeloa! Mohlang re fuoang mangolo, ka September 13, 1965, ke ile ka khethoa ho ba mohlanka oa lekala la Switzerland. Bethele e ne e tla ba phihlelo e ncha ho Marthe. Ho ’na, e ile ea bolela ho boela “ntlong ea Molimo,” eseng khatisong, moo ke ileng ka sebeletsa teng ho tloha ka 1931 ho fihlela ka 1946, empa ka ofising. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse ncha tseo ke neng ke lokela ho ithuta tsona, empa ka thuso ea Jehova ke ile ka atleha ho etsa joalo.
Ho Hetla Morao
Lilemong tsohle tse 60 tseo ke li qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng, ke ’nile ka tšepa Jehova ka ho felletseng, joalokaha ntate a ile a mpolella hore ke lokela ho etsa joalo. ’Me Jehova o ’nile a ntšitsa ka mahlohonolo a mangata. Marthe e bile mohloli oa khothatso e matla linakong tsa ho nyahama kapa ha likabelo li nkimela, ka sebele e bile molekane ea tšepahalang ea nang le tšepo e tiileng ho Jehova.
Jehova a ke a bokoe bakeng sa litokelo tse ngata tsa tšebeletso tseo ke bileng le tsona! Ke ntse ke sebeletsa ke le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Thun, ’me hangata ke ’nile ka tsamaea joaloka molebeli oa libaka. Ho sa tsotellehe hore na ke kōpuoa ho etsa’ng, ka linako tsohle ke ’nile ka talima ho Jehova bakeng sa tataiso. Ho sa tsotellehe liphoso tsa ka tse ngata le mefokolo, ka tieo ke lumela hore Jehova o ntšoaretse ka Kreste. E se eka nka tsoela pele ke ntse ke mo thabisa. ’Me e se eka a ka tsoela pele a tataisa mehato ea ka, ha ka linako tsohle ke ntse ke talimile ho eena joaloka “Molimo oa ka oo ke o tšepang.”—Pesaleme ea 91:2.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Moena Diehl qalong ea tšebeletso ea hae ea Bethele