Keresemese—Na ke Tsela ea ho Amohela Jesu?
HO TSOALOA ha ’Moloki, Messia ea neng a letetsoe ka nako e telele, ka sebele e ne e le nako ea thabo. Lengeloi le ile la tsebisa balisa ba neng ba le haufi le Bethlehema sena: “Bonang, ke le bolella thabo e kholo, e monate, ee e tla ba ea sechaba kaofela; ke ho re, kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki . . . ke Kreste, Morena.” Letšoele la mangeloi le ile la kopanela ho roriseng Molimo: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.” (Luka 2:10-14) Ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Bakreste ba lokela ho etsisa mangeloi a ileng a bontša thabo ka ho tla ha Kreste lefatšeng morao koo.
Ena e ne e se tlaleho ea pele ea Bibele ea ha mangeloi a bina lipina tsa thoriso. Ha ho raloa motheo oa lefatše, ‘linaleli tsa meso li ile tsa ntša mehoo ea thabo, bara bohle ba Molimo ba bina ka nyakallo.’ (Jobo 38:4-7) Letsatsi le nepahetseng la ketsahalo ena ha lea tlalehoa ka Bibeleng. (Genese 1:1, 14-18) Ho sa tsotellehe hore na ketsahalo eo e bile e thabisang hakae, Bakreste ha baa ka ba pheha khang ea hore kahobane mangeloi a ile a bina, ba lokela ho keteka ho bōptjoa ha lefatše selemo le selemo, ’me mohlomong ba amohele mokete oa bohetene ho ikhopotsa ketsahalo eo.
Empa ke sona seo batho ba ketekang Keresemese ba se etsang ka ho tsoaloa ha Jesu Kreste. Ho hlahlobisisa se boleloang ke bongata ba libuka leha e le life tsa boitsebiso tse tšepahalang tlas’a sehlooho “Keresemese” ho tiisa hore letsatsi la tsoalo ea Jesu ha le tsejoe. Bibele ha e re letho ka letsatsi leo.
“Haeba Molumo oa Terompeta o sa Utloahale Hantle”
Ha moapostola Pauluse a lokisa ho hloka tlhophiso ha phutheho ea Korinthe ea boholo-holo, o ngotse: “Molimo ke Molimo oa khotso, eseng oa moferefere.” A sa ntse a le tabeng e tšoanang, o ile a botsa: “Haeba molumo oa terompeta o sa utloahale hantle, ke mang ea ka hlomellang ntoa?” (1 Ba-Korinthe 14:8, 33, BPN) Joale, haeba Molimo oa tlhophiso o ne o rerile hore Bakreste ba keteke tsoalo ea Mora oa oona lefatšeng, na O ne o tla lumella hore batho ba sa phethahalang e be bona ba ikhethelang letsatsi ho tsoa meketeng ea bohetene le ho amohela mekhoa e hlomphollang Molimo?
Ho hlahlobisisa mehlala e ’maloa ea Bibele ho hlakisa hore Jehova Molimo ha a sebelisane le batho ba hae ka tsela eo. Ha Molimo o ne o laela Baiseraele hore ba boloke mekete ea selemo le selemo tlas’a Molao oa Moshe, o ile oa fana ka matsatsi a tobileng ’me oa ba bolella kamoo ba lokelang ho keteka liketsahalo tseo tsa mekete ka teng. (Exoda 23:14-17; Levitike 23:34-43) Jesu Kreste, le hoja ho se mohla a laetseng hore ho ikhopotsoe tsoalo ea hae, o ile a laela balateli ba hae hore ba keteke letsatsi le le leng ka ho khetheha. Ka Nisane 14, 33 C.E., “ka bosiu boo a ekiloeng ka bona,” Jesu o ile a qalisa mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine. O ile a ba laela: “Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona.” (1 Ba-Korinthe 11:23, 24) Molumo oa terompeta mabapi le hore Sejo sa Morena sa Mantsiboea se ketekoe neng hona joang o hlakile ’me oa utloahala. Joale ho thoe’ng ka Keresemese? Ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo re fumanang taelo leha e le efe ea ho keteka tsoalo ea Kreste, ebile ha e re bolelle hore re e keteke neng hona joang?
‘Ho Hapa Batho’
Moruti e mong oa Tokyo Zion Church o itse: “E, ke tseba hantle hore Keresemese e simolohile boheteneng, empa hafeela batho ba tloaelehileng ba ntse ba thahasella Bokreste ka December 25 ’me ba ithuta lithuto tsa Jesu ea Hlomphehang, Keresemese e fetoha e loketseng Bokresteng.” Ba bangata ba lumellana le tlhaloso ena. Na u lumela hore ho sekisetsa ho joalo ho loketse?
Ba bang ba pheha khang hore esita le Pauluse o ile a sekisetsa hore a fumane balumeli. O ngotse: “Ke iketsa lekhoba la motho e mong le e mong hore ke hape batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka teng . . . Ha ke sebetsa le Balichaba, ke phela joaloka Molichaba, ka ntle ho Molao oa Bajode, hore ke hape Balichaba. . . . Sena sohle ke se etsa molemong oa kosepele, hore ke kopanele mahlohonolong a eona.” (1 Ba-Korinthe 9:19-23, Today’s English Version) Na mantsoe ana a lokafatsa ho amohela mokete oa bohetene ka morero oa ho hulela Balichaba Bokresteng?
Nahana ka hloko ka se boleloang ke mantsoe a Pauluse. Temaneng ea 21, o itse: “Sena ha se bolele hore ha ke boloke molao oa Molimo; ha e le hantle ke tlas’a molao oa Kreste.” (TEV) Kahoo ha aa ka a sekisetsa litabeng tse tlōlang molao oa Kreste, empa o ile a ‘phela joaloka Molichaba’ ka ho hlompha litloaelo le mekhoa ea sebaka ka seng, hafeela e se khahlanong le melao ea Bokreste.a
U hopotse sena, nahana kamoo ho amohela mekete ea bohetene “Bokresteng” lebitsong la Keresemese ho neng ho tla bonahala ka teng ha ho talingoa ho ipapisitsoe le taelo ea Bibele e latelang: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? . . . Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.” (2 Ba-Korinthe 6:14-17) Ho sa tsotellehe mabaka a ka fanoang a ho leka ho lokafatsa sena, ho silafatsa Bokreste ka mekete ea bohetene ho hang hase tsela ea ho amohela Jesu e le ’Moloki. E ne e tla ba ho fosahetseng lekholong la pele la lilemo ha Jesu a tla a le nameng, ’me ke ho fosahetseng ka tsela e tšoanang le kajeno kapa nakong e tlang, ha Kreste a tla e le Morena ea lihang likahlolo tsa Molimo. (Tšenolo 19:11-16) Ha e le hantle, batho ba khethang ho keteka mekete ea bohetene ka lebitso la “Bokreste” ha ba amohele Jesu Kreste.
“Bakreste ba Ikhakantseng” ha ba Khutle
Nka mohlala ka se etsahetseng ho Mak’hatholike Japane nakong ea puso ea sesole. Ha khatello ea Bok’hatholike e qala ka 1614, Mak’hatholike a Japane a ka bang 300 000 a ne a e-na le likhetho tse tharo: ho ba bashoela-tumelo, ho latola tumelo ea bona, kapa ho tsoela pele ka sekhukhung. Ba ileng ba tsoela pele ka sekhukhung ba ne ba bitsoa hore ke Bakreste ba ikhakantseng. Hore ba pate tumelo ea bona, ba ile ba ikamahanya le mekhoa e fapaneng ea Bobuddha le Boshinto. Melaong ea bona ea tšebeletso, ba ile ba sebelisa Maria Kannon, eo e neng e le Maria ea fetotsoeng molingoana oa Bobuddha ka sebōpeho sa ’mè ea nkileng ngoana. Mekete ea bona e ne e tsoaka bolumeli ba Bobuddha, Bok’hatholike le Boshinto. Leha ho le joalo, ha ba qobelloa ho ba teng litšebeletsong tsa lepato tsa Bobuddha, ba ne ba etsa lithapelo tsa Bokreste le modoshi, tšebeletso e nyenyefatsang litšebeletso tsa Bobuddha. Ho etsahetse eng ka “Bakreste” bao?
Buka The Hidden Christians ea hlalosa: “Ho Kirishitans [Bakreste] ba bangata ho ile ha hōla kamano ea bolumeli e ileng ea ba thatafalletsa ho tlohela borapeli ba melingoana ea Boshinto le Bobuddha.” Ha thibelo eo e tlosoa ’me baromuoa ba K’hatholike ba khutlela Japane, bongata ba “Bakreste ba ikhakantseng” ba ile ba khomarela mofuta oa bona oa bolumeli bo kopanetsoeng.
Leha ho le joalo, na ka ho utloahalang kereke e K’hatholike e ne e ka nyatsa “Bakreste ba ikhakantseng” ba neng ba hana ho khutlisetsoa Bok’hatholikeng ba Roma? Ka tsela e tšoanang, Kereke e K’hatholike e amohetse lithuto tse ngata tsa bohetene le mekete, ho akarelletsa Keresemese. Haeba Mak’hatholike le Maprostanta, le hoja a ipolela e le Bakreste, a fetotse “Bokreste” ba ’ona bohetene ka mekete ea bohetene, na ebe ha ba hane Jesu Kreste ka ho etsa joalo?
Ho Khutlela Bokresteng ba ’Nete
Setsuko, eo e neng e le Mok’hatholike ea tšepahalang ka lilemo tse 36, qetellong o ile a hlokomela seo. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a leka ho khotsofatsa bomoea ba hae ka ho kopanela le kereke e K’hatholike. Ha a e-ba teng ’Miseng oa Keresemese ’me a bona lifate tse ntle tsa Keresemese ka hare le ka ntle ho kereke ea habo, o ile a nahana: ‘Ke ho khotsofatsang hakaakang!’ O itse: “Ke ile ka ikutloa ke le motlotlo ka mekhabiso ea rōna e metle, eo e neng e le metle ho feta ea likereke tse leng haufi.” Leha ho le joalo, Setsuko o ne a hlile a sa utloisise lithuto tsa K’hatholike, le hoja a ile a ruta sekolong sa Sontaha ka nakoana. Kahoo ha a batla ho kenella haholoanyane mosebetsing oa kereke, o ile a botsa moruti oa hae lipotso tse ’maloa. Ho fapana le ho arabela lipotso tsa hae, moruti o ile a mo nyenyefatsa. A nyahame, o ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele ka boeena. Libeke tse peli hamorao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo etela, ’me o ile a amohela thuto ea lehae ea Bibele.
Oa hlalosa: “Ho ne ho utloisa bohloko ho tobana le linnete tsa Bibele tse hananang le litumelo tsa ka tsa nako e fetileng. Ke ile ka ba ka tšoaroa ke alopecia neurotica, ho hlotheha moriri ka baka la ho khopiseha. Leha ho le joalo, butle-butle leseli la ’nete le ile la khanya ka pelong ea ka. Ke ile ka makala ha ke ithuta hore Jesu ha aa tsoaloa ka khoeli ea December e batang le ea lipula, ka nako eo balisa ba neng ba ke ke ba alosa linku tsa bona bosiu ka ntle. (Luka 2:8-12) Seo se ile sa felisa pono ea ka ka maemo a neng a le teng ha Jesu a tsoaloa, hobane re ne re ile ra sebelisa boea joaloka lehloa ha re khabisa litšoantšo tsa balisa le linku.”
Ka mor’a ho ikholisa ka boeena ka seo Bibele e hlileng e se rutang, Setsuko o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho keteka Keresemese. Ha a sa na “moea oa Keresemese” hanngoe ka selemo empa o bontša moea oa ho fana ka thabo oa Bokreste letsatsi le letsatsi.
Haeba kannete u lumela ho Kreste, u se ke ua teneha ha u bona bahetene ba silafatsa Keresemese. Ba mpa ba pheta seo tšimolohong se neng se le joalo—mokete oa bohetene. Keresemese ha e etse motho leha e le ofe hore a amohele Jesu Kreste, ea khutlileng ka tsela e sa bonahaleng e le Morena oa leholimo. (Mattheu likhaolo 24 le 25; Mareka, khaolo ea 13; Luka, khaolo ea 21) Ho fapana le hoo, Bakreste ba ’nete ba bontša moea o kang oa Kreste selemo ho pota, ’me ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, oo Jesu e leng Morena oa ’ona. Ke ka tsela eo Molimo o batlang hore re amohele Jesu Kreste e le ’Moloki oa rōna le Morena oa ’Muso.—Pesaleme ea 2:6-12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa litsela tse peli tseo Pauluse a arabetseng ka tsona tabeng ea lebollo. Le hoja a ne a tseba hore “lebollo hase letho,” o ile a bolotsa motsoalle oa hae eo a tsamaeang le eena, Timothea, eo e neng e le Mojode ka ’mè oa hae. (1 Ba-Korinthe 7:19; Liketso 16:3) Tite eena, moapostola Pauluse o ile a qoba ho ’molotsa ho latela molao-motheo ha a loana khahlanong le Bajode. (Ba-Galata 2:3) Tite e ne e le Mogerike ’me, ho fapana le Timothea, o ne a se na lebaka le utloahalang la ho bolotsoa. Haeba eena, Molichaba, a ne a ka bolla, ‘Kreste o ne a ke ke a mo thusa ka letho.’—Ba-Galata 5:2-4.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bakreste ba ’nete ba hlompha Jesu selemo ho pota