Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 12/15 maq. 28-29
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaea Joalokaha Molimo A U Rutile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Batsoali, Mohlala oa lōna o Ruta’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 12/15 maq. 28-29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Ke eng seo lelapa la Bakreste le lokelang ho se etsa haeba ngoana oa bona a lokela ho kena sekolo moo thuto ea bolumeli e qobelloang?

Batsoali ba Bakreste ha ba batle hore bana ba bona ba rutoe bolumeli ba bohata. Empa ho ka ba le maemo ao ho ’ona bana ba ke keng ba hana ho ba ka klaseng eo ho rutoang bolumeli ho eona, le hoja ba ke ke ba kopanela liketsong tsa bolumeli ba bohata kapa mekete.

Abrahama motsoalle oa Molimo o ile a beha mohlala o motle oa thuto ea bolumeli bakeng sa bana. O ile a hōlisetsa bana ba hae Kanana, moo ba neng ba potolohiloe ke bolumeli bo fosahetseng le liketso tse manyala tse ‘halalelang.’ (Bapisa le Exoda 34:11-15; Levitike 18:21-30; Deuteronoma 7:1-5, 25, 26; 18:9-14.) Ho sa tsotellehe hoo, e ne e le eena mohloli oa thuto ea bolumeli lelapeng la hae. Molimo o ne o kholisehile hore Abrahama o tla “laela bana ba hae, le ntlo ea hae ka mor’a hae, hore ba boloke tsela ea Jehova.”—Genese 18:19.

Joaloka mocha, Jesu le eena o ile a rua molemo thutong ea lelapa le ea phutheho borapeling ba ’nete. Ka hona, a “hola hlalefong, le boemong, le molemong, pel’a Molimo le batho.”—Luka 2:52.

Likarolong tse ngata tsa lefatše, bacha ba Bakreste ba fumana thuto ea lefatše likolong tsa sechaba. Hase lintho tsohle tse rutoang tse lumellanang ka ho felletseng le ’nete ea Bibele le lintlha tse nepahetseng. Ka mohlala, meloko e mengata ea bacha ba Bakreste e ile ea kopanela lithutong tsa saense kapa biology e le karolo ea thuto ea bona e tloaelehileng. Ka hona ba bangata ba bona ba ’nile ba pepesetsoa lithutong tse tloaelehileng tsa ho iphetola ha lintho le maikutlo a amahanngoang le eona a mabapi le qaleho ea bophelo ea “tlhaho” lefatšeng.

Leha ho le joalo, ho pepesoa hona ha hoa ka ha etsa hore bacha bana ba Bakreste ba fetohe batšehetsi ba thuto ea ho iphetola ha lintho e se nang bomolimo. Hobane’ng? Hobane lapeng le libokeng tsa Bokreste, ba fumane esale pele boitsebiso bo nepahetseng bo thehiloeng Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, le ba thusitseng ho koetlisa ‘matla a bona a ho nahana ho khetholla pakeng tsa ho lokileng le ho hobe.’ (Ba-Heberu 5:14) Batsoali ba bangata ba ithutile le bana ba bona boitsebiso bo akarellelitsoeng ka mokhoa o leka-lekaneng bo mabapi le thuto ea ho iphetola ha lintho moqolong o matlafatsang tumelo oa Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?a Kahobane ba hlomelletsoe ka mokhoa o joalo, bana bana ba sekolo ha baa ka ba amohela thuto ea ka klaseng ea ho iphetola ha lintho e le e ka lumeloang. Empa ba ile ba tseba ho bontša likarabelong le litlhahlobong tsa bona tsa ka klaseng hore ba ne ba etse hloko le hore ba ithutile lintlha tse nehelanoeng. Ba bang ba bile ba fumana monyetla oa ho fana ka litlhaloso tse ling tse lumellanang le lintlha tse nehelanoang ka Bibeleng ke ’Mōpi oa motho.—1 Petrose 3:15.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka linako tsa thuto tse behetsoeng ka thōko bakeng sa thupelo e mabapi le bolumeli ba sebaka seo bo tsebahalang kapa esita le bolumeli ka kakaretso?

Ho ke ke ha lebelloa hore thuto e joalo e tla nehelanoa ka mokhoa o sa nkeng lehlakore, e le boitsebiso feela. Tichere e ka boela ea sebelisa bolumeli boo ’me ka hona ea leka ho susumetsa likelello le lipelo tsa liithuti. Ka hona Lipaki tsa Jehova li khetha hore bana ba tsona ba lokolloe lithutong tse joalo tsa bolumeli. Sena se ka nolofalletsa bana ba tsona hore ba sebelise nako ea sekolo hamolemo haholo ho qetella likabelo tsa lithuto tse ling kapa ho ithuta laebraring ea sekolo.

Leha ho le joalo, libakeng tse ling, likōpo tse joalo li ile tsa hanoa; sekolo kapa ba boholong ba sechaba ba ka batla hore bana bohle ba tle le ho qeta thuto ea bolumeli e le hore ba ka fuoa mangolo a bontšang hore ba atlehile sekolong. Lelapa ka leng le lokela ho etsa qeto ea botho ka se tla etsoa tabeng e joalo.

Bahlanka ba bang ba Molimo nakong e fetileng ba ’nile ba qobelloa ho ba maemong ao ba neng ba lokela ho mamella ho pepesetsoa lithuto tsa malumeli kapa liketso empa ka nako e tšoanang ba lula ba tšepahala ho Molimo oa ’nete. E tlameha ebe ho ile ha etsahala se tšoanang ka Moshe. O ile a hōlisoa e le setloholo sa Faro oa Egepeta, ’me o ile “a rutoa bohlale bohle joa ba-Egepeta.” (Liketso 7:20-22) Mohlomong hoo ho ne ho akarelletsa ho isa bohōleng bo itseng litumelo le liketso tsa bolumeli tse neng li tloaelehile Egepeta. Empa Moshe o ne a sirelelitsoe ke thuto e phahameng eo ho bonahalang hore o ile a e fumana lelapeng la habo mohlomong le ho Baheberu ba bang.—Exoda 2:6-15; Ba-Heberu 11:23-26.

Nahana hape ka mohlala oa Baheberu ba bacha ba bararo, metsoalle ea Daniele, ba ileng ba fumantšoa thupelo e khethehileng Babylona ’me ba etsoa basebeletsi ba ’muso. (Daniele 1:6, 7) Ba ne ba sa lokoloha ho etsa kapa ho hana ho etsa ntho efe kapa efe eo ba e batlang. Ka lekhetlo le leng Morena Nebukadnezare o ile a laela hore ba bokane le liofisiri tse ling setšoantšong sa khauta seo a neng a se emisitse lehoatateng la Dura, moo ho neng ho tla etsoa liketso tsa tšebeletso ea bochaba. Baheberu ba bararo ba ile ba arabela joang? Re ka tiiseha hore ba ka be ba ile ba khetha hore ba se be moo, empa seo se ne se sa khonehe.b Leha ho le joalo ba ile ba lula ba tšepahala tumelong ea bona ho Molimo o Matla ’Ohle. Matsoalo a bona a bontšang ho tšaba Molimo a ile a ba lumella ho ba teng empa ka ho tiea ba hana ho kopanela kapa ho ba le karolo ka bobona, ketsong efe kapa efe ea bolumeli ba bohata.—Daniele 3:1-18.

Haeba ke tlamo hore liithuti tsohle li be teng thutong ea bolumeli le ho tseba ho ithuta ho isa bohōleng ba hore li pase litlhahlobong tsa sehlopha, bana ba tsoang malapeng a Bakreste ba ’nete ba ka ba teng, joaloka ba bararo bao ba ile ba ba teng ka taelo ea Nebukadnezare. Empa bacha ba Bakreste ba tla beha Molimo pele. Ho ke ke ha hlokahala hore ba hanyetse polelo e ’ngoe le e ’ngoe e fosahetseng e etsoang kapa ketso e ’ngoe le e ’ngoe eo eseng ea mangolo e etsoang ke ba bang, feela joalokaha Baheberu ba bararo ba sa ka ba leka ho iketsa bo-ntšunya-khare ha ba bang ba khumamela setšoantšo sa khauta. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste ka bobona ba ke ke ba kopanela liketsong tsa bolumeli, lithapelong tse kopaneloang, lipineng tsa bolumeli, le linthong tse joalo.

Ka nako e ’ngoe bacha bana ba lokela ho ikitlaetsa ho iphepa tsebo e hahang ‘e tsoang mangolong a halalelang a tsebang ho ba hlalefisetsa polokeho ka tumelo ho Jesu Kreste.’ (2 Timothea 3:15) Ka ho buisana le bana ba bona, batsoali ba lokela ho hlokomela ka mokhoa o tsoelang pele boitsebiso bo rutoang ka klaseng. Sena se tla thusa Bakreste ba baholo ho bona hore na ke lintho life tse lokelang ho lokisoa kapa ho hlakisoa ho tsoa ka Bibeleng e le hore bana ba bona ba se ke ba ferekanngoa kapa ho khelosoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Bibele ha e bolele hore Daniele o ne a le teng lehoatateng la Dura. Mohlomong boemo ba hae bo phahameng ’musong bo ile ba mo nolofalletsa hore a se ee moo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela