Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 1/1 maq. 24-25
  • Genesarethe—‘E-ea Babatseha ’me e Ntle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Genesarethe—‘E-ea Babatseha ’me e Ntle’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlo Hahlaule Leoatleng la Galilea!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Motšoasi oa Litlhapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Barutuoa ba Bane e Tla ba Batšoasi ba Batho
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 1/1 maq. 24-25

Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng le Tšepisitsoeng

Genesarethe—‘E-ea Babatseha ’me e Ntle’

“Haufi le Letša la Genesarethe ho na le naha e saballetseng e nang le lebitso le tšoanang le lona, e-ea babatseha litšobotsing le botleng ba eona. Ka baka la mobu o nonneng ha ho na semela se sa meleng moo, ’me baahi ba jala ntho e ’ngoe le e ’ngoe: moea ke o lekanetseng hoo o tšoanelang mefuta e fapa-fapaneng haholo ea limela. . . . Ha e hlahise feela litholoana tse fapa-fapaneng haholo ka ho makatsang; e boloka phepelo e tsoelang pele. . . . E nosetsoa ke mohloli oa metsi a nang le matla a nontšang a maholo.”

Ke kamoo rahistori Josephus a hlalositseng ka teng lehoatata le khutlo-tharo le ka lehlakoreng le ka leboea-bophirimela ho seo ka ho tloaelehileng se tsebahalang e le Leoatle la Galelia. Litšoantšo tse ka holimo li ka u fa khopolo ea hore na lehoatata lena le ne le beha hakae, le leng la a nonneng haholo Galelia.a Sebaka sena se ne se bonahala haholo linakong tsa boholo-holo hoo Luka mongoli oa Kosepele a ileng a se bitsa metsi a macha a bapileng le leoatle “letša la Genesarethe.”—Luka 5:1.

O sebelisitse polelo eo ha a pheta hore Jesu o ile a tla sebakeng sena ’me a fumana banna ba bane bao e ileng ea e-ba baapostola. Na e ne e le balemi ba neng ba phela mobung o nonneng, ba jala merara, li-walnut, mehloare, kapa lifeiga? Che. Lijalo tseo li ne li le ngata Lehoatateng la Genesarethe, empa banna bana e ne e le batšoasi ba litlhapi, ’me ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha e ne e le bona.

Mohlomong melatsoana e neng e pholletsa lehoatata e ne e isa limela leoatleng tseo e neng e ka ba lijo tsa litlhapi. Kahoo metsi a ne a nyeunya ke litlhapi tsa mefuta e fapa-fapaneng, ho neng ho etsa hore ho be le mosebetsi o moholo oa ho tšoasa litlhapi. Petrose le Andrease ba ne ba hoeba ka ho tšoasa litlhapi moo, joaloka Jakobo le Johanne, bara ba Zebedia motšoasi oa litlhapi.—Mattheu 4:18-22; Luka 5:2-11.

Hangata ho tšoasa litlhapi ho ne ho etsoa ka ho akhela matlooa ho tsoa seketsoaneng. Ke seo Petrose le Andrease ba neng ba se etsa ha Jesu a ba atamela. Letlooa le letelele le ne le akheloa hore le etse ntho e kang selika-likoe. Mapolanka a phaphamalang ka holim’a metsi a ne a tšoarela ntlha ea lona holimo, ha boima bo botlaaseng bo boloka nete e saballetse tlaase leoatleng. Litlhapi tse ngata li ne li ka tšoasoa ka nete e joalo. Joale e ne e huleloa seketsoaneng kapa e huleloa moo metsi a sa tebang, hore litlhapi li ntšetsoe lebopong. Litlhapi tse loketseng ho jeoa li ne li aroloa ho tse sa lokelang ho jeoa. Hlokomela ho nepahala ha lintlha ho Luka 5:4-7 le Johanne 21:6-11. Na ua hopola hore Jesu o ile a bolela mokhoa ona oa ho tšoasa litlhapi papisong ea hae ea letlooa? (Mattheu 13:47, 48) Ho phaella moo, Mattheu 4:21 e totobatsa hore hangata batšoasi ba litlhapi ba ne ba lokela ho sebelisa nako ba roka linete tse tabotsoeng ke mafika kapa ke litlhapi.

Haeba u tsamaea ka tsela ena ea lebopo la Genesarethe, mohlomong u tla bona libaka tse ’maloa tseo ho boleloang hore liketsahalo tsa tšebeletso ea Jesu li etsahetse ho tsona. Se seng ke leralla le letala, leo ho latela neano, Jesu a nehelaneng ka Thuto ea hae ea Thabeng ho lona. Sebaka sena ha se hanyetsane le tlaleho ea Kosepele, hobane Jesu o ne a le pel’a Lehoatata la Genesarethe ha a ne a nehelana ka thuto eo.—Mattheu 5:1–7:29; Luka 6:17–7:1.

Sebaka se seng se boleloang hore se nepahetse ha se lumellane le lintlha tsa Bibele. U tla fumana kereke e hahiloeng moo eo ho nahanoang hore ke moo Jesu a ileng a fepa batho ba 4 000 ka lilofo tse supileng tsa mahobe le litlhapi tse ’maloa. (Mattheu 15:32-38; Mareka 8:1-9) Ho e-na le hore e behe sena Lehoatateng la Genesarethe, tlaleho ea Mareka e bolela “naha ea Dekapolise,” e neng e le ka nģane ho leoatle ka lik’hilomithara tse fetang 11.—Mareka 7:31.

Mattheu le Mareka ba re ka mor’a hore a etse mohlolo ona, Jesu o ile a tsamaea ka seketsoana ho ea Magdala, kapa Dalmanutha. (Mattheu 15:39; Mareka 8:10) Litsebi li hokahanya sebaka sena le Magdala, e leng ka boroa ho Lehoatata la Genesarethe, ka nģa ea Tiberiase. Ho latela The Macmillan Bible Atlas, Magdala e ne e “tsebahala ka mosebetsi oa eona oa ho boloka litlhapi.” Ho tšoasa ho atileng karolong ena ea letša ka sebele ho ne ho ka etsa mosebetsi o joalo hore e be o sebetsang le o atlehang.

Ho thahasellisang ke hore komello ea 1985/86 e ile ea theosa bophahamo ba metsi a Leoatle la Galelia, ea hlahisa libaka tsa lehlabathe la letša. Haufi le Lehoatata la Genesarethe, banna ba babeli ba ile ba fumana masalla a seketsoana sa boholo-holo. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba tseba ho fumana seketsoana sena sa ho tšoasa seo e ka bang sa nako ea ha Jesu a ne a etetse Letša le Lehoatata la Genesarethe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona setšoantšo se seholoanyane sa ’mala ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Garo Nalbandian

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela