Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Elizabetha o ba le Ngoana
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Buka ea Bibele ea 38—Zakaria
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ba Ile ba Putsetsoa ho Tsamaea ka ho Hloka Molato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi, o ile a etsoa tsebe-tutu le semumu, joalokaha ho bonahala eka Luka 1:62 (NW), e bontša joalo?

Ba bang ba ile ba etsa qeto ea hore Zakaria hape e ile ea ba tsebe-tutu. Tlalehong ea Bibele re bala sena: “Ba ne ba il’o reha [ngoana] lebitso la ntate oa hae, Zakaria. Empa ’mè oa hae o ile a arabela ’me a re: ‘Che, ruri! empa o tla bitsoa Johanne.’ Tabeng ena ba re ho eena: ‘Ha ho lea mong ho ba heno ea rehiloeng lebitso lena.’ Eaba ba botsa ntate oa hae ka lipontšo tsa ’mele lebitso leo a batlang hore mora oa hae a le rehoe. ’Me o ile a kōpa letlapa eaba oa ngola: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’”—Luka 1:59-63, NW.

Leha ho le joalo, tlalehong ena ha ho letho leo ka ho toba le bontšang hore Zakaria o ne a sa utloe litsebeng ka nako e itseng.

Pelenyana lengeloi Gabriele le ne le ile la bolella Zakaria litaba tsa ho hlaha ha mora ea neng a lokela ho rehoa Johanne. Ho ile ha ba thata hore Zakaria ea hōlileng a lumele sena. Lengeloi lena le ile la arabela: “’Me bona, u tla ba semumu, u sitoe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao litaba tseo li tla etsahala ka ’ona, kahobane u sa ka ua lumela lipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ea tsona.” (Luka 1:13, 18-20) Lengeloi lena le ile la bolela hore ho ne ho tla ameha puo ea Zakaria, eseng kutlo ea hae.

Ha e tsoela pele tlaleho ena e re: “Eare ha a e-tsoa [ka nģalong e halalelang] o ne a sitoa ho bua le [batho ba mo emetseng], ’me ba ile ba lemoha hore o ne a sa tsoa bona pono ea mohlolo ka nģalong e halalelang; ’me o ile a tsoela pele ho bua le bona ka ho etsa lipontšo tsa ’mele, empa a lula e ntse e le semumu.” (Luka 1:22, NW) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “semumu” le fetisa mohopolo oa ho ba nthithi puong kapa kutlong, kapa bobeli ba tsona. (Luka 7:22, NW) Ho thoe’ng ka Zakaria? Hlokomela se ileng sa etsahala ha a folisoa. “Ka nako eona eo molomo oa hae oa buleha, le leleme la hae la raroloha, ’me a bua, a boka Molimo.” (Luka 1:64) Sena ka ho utloahalang se re lebisa ponong ea hore ke matla a Zakaria a ho bua feela a ileng a senyeha.

Ke hobane’ng he, ha ba bang ba ile ba botsa Zakaria “lebitso leo a batlang hore [ngoana] a le rehoe ka lipontšo tsa ’mele”? Bafetoleli ba bang ba fetolela taba ena tjena: “ka puo ea matsoho” kapa “a sebelisa puo ea matsoho.”

Zakaria, eo e neng e le semumu ho tloha nakong ea tsebiso ea lengeloi, hangata o ne a tlameha ho sebelisa lipontšo tsa matsoho, mofuta oa puo ea lithōlō, ha a bua. Ka mohlala, o ile “a tsoela pele ho bua ka ho etsa lipontšo tsa ’mele” ho batho ba neng ba le tempeleng. (Luka 1:21, 22) Hamorao ha a ne a kōpa letlapa, o tlameha a ile a sebelisa puo ea matsoho kapa lipontšo tsa matsoho. (Luka 1:63) Kahoo, ho ka etsahala hore batho ba neng ba mo pota-potile nakong ea bomumu ba hae ba ne ba tloaetse ho sebelisa lipontšo tsa matsoho.

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha ba le tlhaloso e molemonyana bakeng sa puo ea matsoho eo ho builoeng ka eona ho Luka 1:62. Elizabetha o ne a sa tsoa bolela maikutlo a hae tabeng ea lebitso la mor’a hae. Kahoo, ba sa mo hanyetse, e ka ’na eaba ba ile ba nka bohato bo nepahetseng ba ho batla qeto ea monna oa hae. Ba ne ba ka etsa sena feela ka ho ōma ka hlooho kapa ka ho etsa pontšo ka matsoho. ’Nete ea hore ha ba ka ba ngolla Zakaria potso ea bona e ka ’na ea ba bopaki ba hore o ile a utloa mantsoe a mosali oa hae. Kahoo, ho ōma ka hlooho feela kapa pontšo e tšoanang le eo e ne e ka ba le moelelo oa, ‘Kaofela ha rōna (ho akarelletsa le uena, Zakaria) re utloile maikutlo a hae, empa qeto ea hao ea ho qetela ke efe mabapi le lebitso la ngoana eo?’

’Me hang-hang ka mor’a moo mohlolo o mong o fetolang boemo bona, o ile oa etsahala. “Ka nako eona eo molomo oa hae oa buleha, le leleme la hae la raroloha, ’me a bua.” (Luka 1:64) Ho ne ho sa hlokahale hore ho boleloe letho ka ho utloa ha hae litsebeng haeba li ne li sa ka tsa ameha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela