Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng
O ile a Hlokomela Iseraele Sinai
AK’U nahane ka batho ba limillione—banna, basali, le bana—ba habile ho kena “nahathothe eo e kholo, e tšabehang, e nang le linoha tse chesang le liphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi”!
Mantsoe ao a Molimo a fumanoang ho Deuteronoma 8:15 a re hlokomelisa ka hoo ho neng ho ka ’na ha bonahala e le leeto le tšosang le neng le larile ka pel’a Baiseraele ha ba tsoa Egepeta ’me ba entse mokoloko o kenang lefeelleng la Sinai. Bothata bo bong bo nyahamisang ke bona: Ke mang ea neng a tla fana ka lijo tse lekaneng le metsi?
Baiseraele ba ne ba bile bokhobeng morao koo koung ea nōka ea Nile, empa ba ne ba sa hloke letho. Litšoantšo tse ferefiloeng maboteng a mabitla a boholo-holo li bontša merara, mahapu, le lijalo tse ling, hammoho le litlhapi le linonyana tseo e neng e tla ba lijo tsa mefuta e sa tšoaneng. Ka hona, tletlebo ea bona e ne e le e utloahalang hakaakang ha ba le lefeelleng: “Ke mang ea tla re fa nama, re je? Re sa hopotse lihlapi tsee re neng re li ja Egepeta re sa li reke, le likomkomere, le mahapu, le sholoto, le lieie, le sefotha-fotha.”—Numere 11:4, 5; 20:5.
Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu, kapele-pele ba ile ba utloisisa hore na ha e le hantle Sinai ke sebaka sa mofuta ofe. Ha baa ka ba tsamaea ka tsela eo bahoebi ba atisang ho tsamaea ka eona ho ea ka leboea empa ba ile ba leba ’nģeng ea sehlohlolo sa hloahloa e nang le likhutlo tse tharo. Ha ba se ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 80 lefeelleng, boemo ba bona ba ho hloka metsi bo ile ba fihla tlhōrōng. Ba ne ba ke ke ba noa metsi ao ba a fumanang, hobane a ne a baba ’me mohlomong a na le mafu. Ba ile ba lla: “Re tla noa’ng?” Molimo o ile oa kenella, oa etsa hore metsi a be monate.—Exoda 15:22-25.
Hlokomela ponahalo ea likamele tse ka holimo tse entseng mokoloko. U ka utloisisa taba ea hore na ke joang Iseraele e neng e ka khona ho tsoela pele ho haola lefeelleng ba leba Thabeng ea Sinai. Ba ne ba tla tsoela pele ba ntse ba fumana metsi a lekaneng joang—le lijo—bakeng sa bona le mehlape ea bona eo ho neng ho hlokahala hore ba e boloke e phela?—Exoda 12:38.
Ba ile ba leba ’nģa boroa ’me kapele-pele ba fumana metsi a khathollang le lijo Elime. (Exoda 15:27) Leha ho le joalo, seo e ne e se sebaka seo ba eang ho sona. Ba ne ba habile ho ea ‘thabeng ea Molimo oa ’nete,’ e leng Thaba ea Sinai. (Exoda 3:1; 18:5; 19:2; 24:12-18) E ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse 120—lik’hilomithara tse ngata tsa sebaka se matšoka-tšoka, le se lehoatata.
Ha sehlopha sena se seholo se ea se lebile Thabeng ea Sinai, se ile sa atamela sebakeng se setalana se tsejoang e le Feiran—mohlomong sa ba sa emisa ho sona. Karolo ea sona e nyenyane e bonahala setšoantšong se leqepheng le ka lehlakoreng le leng.a Se feta lekhalong lefeelleng, ho leba Leoatleng le Lefubelu (Kou ea Suez). Ke khatholoho e kaakang eo ba neng ba ka e fumana sebakeng seo!
Le hoja ka kakaretso lefeella la Sinai le ka tšoanela tlhaloso ea ‘nahathothe e khōlō le e tšabehang,’ Baiseraele ba ne ba ka thabela moriti oa lifate tsa lipalema tsa litonanahali le lifate tse ling sebakeng se setalana sa Feiran. Ba ne ba ka fumana litholoana tse ngata tsa lifate tsa palema tse monate, bakeng sa ho li ja ka eona nako eo le ho li nka mofaho.
Sena sohle se ne se ka etsahala hobane metsi a tsoang ka tlas’a lefatše a ne a runya ebe a hlahella ka holimo sebakeng sa Feiran. Ak’u nahane feela hore na u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u le lefeelleng la lehoatata ’me ka tšohanyetso u fumana metsi a hloekileng hore u noe! Sena se bontša hore le Sinai ho na le libaka tseo ho tsona ho ka fumanoang metsi. Ka linako tse ling ho hlokahala hore seliba se tebisoe haholo. Ka hona ho nyolla liemere kapa linkho tse tletseng metsi ana a bohlokoa ho ne ho tla hloka mosebetsi o moholo, haholo-holo ha ho hlokahala hore ho nosoe mehlape. Ho tla fihlela kajeno Baahi ba lehoatata la Sinai ba haptjoa ke liliba tseo ba ka ikhellang metsi ho tsona le ho khella likamele tsa bona.—Bapisa le Genese 24:11-20; 26:18-22.
E, ho sa tsotellehe linako tseo ka tsona Baiseraele ba neng ba korotla ka seo ho neng ho bonahala eka ke khaello e ke keng ea hlōloa, ba ne ba na le metsi le lijo. Ka linako tse ling Molimo o ne o fana ka tsona ka mohlolo. (Exoda 16:11-18, 31; 17:2-6) Ka linako tse ling kamoo ho bonahalang ka teng o ile oa ba lebisa “moo ba tla phomola teng” moo litlhoko tsa bona tsa sebele li neng li tla khotsofatsoa ke lihlahisoa tsa tlhaho. (Numere 10:33-36) Nakong ena eohle, o ile oa ba bontša nala e neng e letetse batho ba tšepahalang Naheng e Tšepisitsoeng.—Deuteronoma 11:10-15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Setšoantšo sena se teng ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992 moo se hlahileng se le seholoanyane.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.