Jehova O Ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo—Karolo 2
NAKONG ea Ntoa ea II ea Lefatše, chasepere ea lebanta la seaparo sa ka sa sesole sa Nazi e ne e ngotsoe “Molimo O na le Rōna.” Ho ’na sena e bile mohlala o mong oa ho kenella ha likereke ntoeng le tšollong ea mali. Kereke e ne e ntenne. Kahoo nakong ea ha Lipaki tse peli tsa Jehova li buisana le ’na Limbach-Oberfrohna, Jeremane Bochabela, ke ne ke nyonya bolumeli ’me ke se ke sa lumele hore Molimo o teng ke bile ke lumela ho iphetola ha lintho.
Ke ile ka bolella Lipaki tse neng li nketetse hore: “Le se ke la nahana hore ke tla fetoha Mokreste.” Empa mokhoa oo li neng li beha mabaka ka ’ona o ile oa nkholisa hore Molimo o teng. Ke qetoa ke ho rata litaba, ke ile ka reka Bibele ’me ka mor’a nako ka qala ho ithuta le tsona. E ne e le selemo ka 1953, ha mosebetsi oa Lipaki Jeremane Bochabela o ne o se ntse o thibetsoe ke Makomonisi ka lilemo tse ka bang tharo.
The Watchtower ea August 15, 1953, e ile ea hlalosa boemo ba Lipaki tsa Jehova ka nako eo, ea re: “Le hoja khafetsa li ne li lisitsoe ka thata-thata ’me li etsetsoa litšoso, le hoja li ne li sitoa ho etelana pele li kholiseha hore ha lia saloa morao, le hoja ho fumanoa u e-na le lingoliloeng tsa Watchtower ho bolela lilemo tse peli kapa tse tharo teronkong bakeng sa ho ‘aba lingoliloeng tse qholotsang’, ’me le hoja baena ba makholo ba hōlileng haholoanyane moeeng, ba neng ba etelletse pele, ba le teronkong, leha ho le joalo bahlanka ba Jehova Jeremane Bochabela ba tsoela pele ho bolela.”
Ka 1955 ’na le mosali oa ka, Regina, re ile ra ea kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e Nuremberg, Jeremane Bophirimela, ’me selemong se hlahlamang re ile ra kolobetsoa Berlin Bophirimela. Ha e le hantle, sena se etsahetse pele ho hahoa Lerako la Berlin ka 1961, le ileng la khaola Jeremane Bochabela ho Berlin Bophirimela. Empa le pele ke kolobetsoa, botšepehi ba ka ho Jehova Molimo bo ile ba behoa tekong.
Ho Jara Boikarabelo
Phutheho ea Lipaki tsa Jehova eo re neng re se re qalile ho ea ho eona e Limbach-Oberfrohna e ne e hloka motho ea ka nkang lingoliloeng tsa Bibele Berlin Bophirimela. Re ne re e-na le khoebo e nyenyane le bana ba banyenyane ba babeli, empa ho sebeletsa Jehova ho ne ho se ho fetohile bophelo ba rōna. Re ile ra lokisa koloi ea rōna ea khale, ho ileng ha nolofatsa hore re pate libuka tse 60. Ho nka libuka e ne e le mosebetsi o kotsi, empa o ile oa nthuta ho itšetleha ka Jehova.
Ho tsoa Berlin Bochabela ho tšelela karolong e ka Bophirimela ka koloi ho ne ho se bonolo, ’me hangata ke ipotsa hore na re ne re khona joang ho etsa joalo. Hang ha re fihla karolong e lokolohileng, re ne re bokella lingoliloeng ’me re pata libuka ka koloing pele re tšela malibohong ho khutlela Jeremane Bochabela.
Ketsahalong e ’ngoe, re ne re sa tsoa qeta ho pata libuka ha motho eo re sa mo tsebeng a e-tsoa ntlong e ’ngoe e nang le mekato. O ile a hoeletsa: “Hei lōna.” Pelo ea ka ea khaotsa hanyenyane ho otla. Na o ntse a re shebile? “Ho molemo hore le ee sebakeng se seng nakong e tlang. Koloi ea sepolesa sa Jeremane Bochabela e nang le seea-le-moea e ema hukung moo, ’me ba ka ’na ba le tšoara.” Ke ile ka utloa ho re kokololo. Re ile ra feta hantle malibohong, ’me ka bonè ba rōna ka koloing re ile ra bina ho ea fihla hae.
Ho Itokisetsa ho ba ka Thōko
Ka bo-1950 baena ba Jeremane Bochabela ba ne ba itšetlehile ka ba leng Bophirimela bakeng sa lingoliloeng le tataiso. Empa ho ile ha etsoa liphetoho ka 1960 tse ileng tsa thusa Paki ka ’ngoe e Jeremane Bochabela hore e be haufi le Lipaki ’moho le eona tse leng sebakeng seo e lulang ho sona. Eaba ka June 1961 ho ba le sehlopha sa pele sa Sekolo sa Tšebeletso sa baholo Berlin. Ke ile ka ba teng thupelong ena ea pele ea libeke tse ’nè. Libeke tse tšeletseng feela hamorao, re ile ra khaoloa ho Bophirimela ha Lerako la Berlin le hahoa. Mosebetsi oa rōna e ne e se oa sekhukhu feela empa re ne re le ka thōko.
Ba bang ba ne ba tšoha hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Jeremane Bochabela o tla tsamaea butle ho fihlela o ema tsi! Leha ho le joalo, litokiso tsa tlhophiso tse ileng tsa sebelisoa nakong e ka tlaase ho selemo pejana li ile tsa re thusa ho boloka bonngoe le matla a moea. Ho phaella moo, koetliso e fumanoeng ke baholo ba ileng ba ba teng sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso e ile ea ba nolofalletsa ho e fetisetsa ho baholo ba bang. Kahoo Jehova o ile a re hlomella bakeng sa ho ba ka thōko, joalokaha a ne a ile a re hlomella bakeng sa thibelo ea 1950 ka likopano tsa setereke tsa 1949.
Re khaotsoe ho ba Bophirimela, ho ile ha hlaka hore re ne re tlameha ho nka khato ea ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o ntse o hatela pele. Re ile ra ngolla baena ba rōna ba Bakreste ba Berlin Bophirimela ’me ra etsa tlhahiso ea hore re kopane le bona ’mileng o moholo ka Bochabela o neng o sebelisoa ke bahahlauli ba tsoang Bophirimela. Re ile ra iketsa eka re na le mathata a koloi ha re fihla sebakeng seo ho lumellanoeng ka sona. Metsotso hamorao, baena ba ile ba fihla, ba re tliselitse lingoliloeng tsa Bibele. Ka ho thabisang, ba ile ba boela ba tlisa buka ea ka ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, lintlha tseo ke neng ke li ngotse, le Bibele e leng lintho tseo ke ileng ka li siea Berlin ka mabaka a tšireletso. Ho li fumana hape ho ile ha thabisa hakaakang! Ke ne ke sa hlokomele hore na ke ne ke tla li hloka hakae lilemong tse ’maloa hamorao.
Sekolo sa Sekhukhu
Matsatsi a ’maloa hamorao, re ile ra laeloa hore re lokisetse lihlopha tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso likarolong tsohle tsa Jeremane Bochabela. Ho ile ha khethoa barupeli ba bane, ho kopanyelletsa le ’na. Empa ’na ke ne ke bona e le mosebetsi o ke keng oa etsahala hore re koetlise baholo bohle empa mosebetsi oa rōna o thibetsoe. E le ho pata seo re neng re se etsa, ke ile ka rera hore re hlophise lihlopha joaloka batho ba leng phomolong.
Sehlopha ka seng se ne se e-na le liithuti tse ’nè le ’na joaloka morupeli, hammoho le moena oa botšelela ea neng a pheha. Basali le bana le bona ba ne ba le teng. Kahoo ka tloaelo re ne re e-ba le sehlopha sa batho ba 15 ho ea ho 20. Ho ile ha bonahala ho se sebaka se loketseng sa hore batho ba ka phomola ho sona, kahoo ’na le lelapa la ka re ile ra tsoa letšolo ho batla sebaka se loketseng.
Ketsahalong e ’ngoe, ha re ntse re tsamaea ka har’a motse, re ile ra hlokomela tsela e patisaneng e lebang morung o ka ntle ho litsela tse tloaelehileng. Sebaka seo se ne se bonahala se lokile, kahoo ke ile ka ea ho ramotse. Ke ile ka hlalosa: “Re ntse re batla sebaka seo re ka phomolang ho sona le malapa a mang ka libeke tse ’maloa. Re batla hore re be bang e le hore bana ba ka ipapalla hohle. Na re ka sebelisa moru oo?” O ile a lumela, kahoo re ile ra etsa litokiso.
Ha re fihla moo, re ile ra hloma litente le koloi ea ka e huloang hore li etse likhutlo tse ’nè tse sa bonahaleng. Koloi e huloang e ile ea sebetsa e le phaposi ea thupelo. Re ne re kopana ho eona bakeng sa boithuto bo tebileng ba lihora tse 8 ka letsatsi ka matsatsi a 14. Sebakeng sena se lika-likelitsoeng ho ne ho e-na le litulo le tafole, tse behetsoeng haeba ka tšohanyetso re ka ba le baeti ba sa lebelloang. Ra fela ra ba le bona! Linakong tse joalo ka sebele re ne re ananela tšehetso e tšepahalang ea malapa a rōna.
Ha re ntse re ithuta, malapa a rōna a ne a lula e le malala-a-laotsoe. Ketsahalong ena ka ho khetheha, ramotse, eo e neng e boetse e le mongoli oa motseng oa Mokha oa Bokomonisi, o ile a bonoa a tsamaea tselaneng e tšesaane e tlang morung oa rōna. Molebeli o ile a toboketsa konopo e neng e hlaba mokhosi ka koloing e huloang. Re ile ra tlōla hang-hang ra tsoa ka koloing e huloang ’me ra lula libakeng tse lokisitsoeng esale pele ho pota tafole ’me ra qala ho bapala likarete. Ho ne ho bile ho le botlolo ea joala ba schnapps ho etsa hore e hle e be taba ea sebele. Ramotse o ile a re etela ka botsoalle ’me a khutlela hae a sa belaelle se neng se hlile se etsahala.
Lihlopha tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso li ile tsa tšoaroa ho pholletsa le naha ho tloha selemo ka 1962 ho ea qetellong ea 1965. Koetliso e matla e fanoeng moo, e neng e akarelletsa boitsebiso ba kamoo ho ka sebetsanoang le boemo ba rōna ka ho khetheha Jeremane Bochabela, e ile ea lokisetsa baholo hore ba hlokomele mosebetsi oa boboleli. E le hore baholo ba be teng lihlopheng, ba ile ba sebelisa eseng feela matsatsi a bona a phomolo empa ba ipeha kotsing ea ho kenngoa teronkong.
Melemo ea Sekolo
Ba boholong ba ne ba lisitse mesebetsi ea rōna ka hloko, ’me bofelong ba 1965, ha baholo ba bangata ba se ba tsoa sekolong, ba boholong ba ile ba leka ho felisa mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng ka ho felletseng. Ba ile ba koalla Lipaki tse 15 tseo ba nahanang hore ke tsona tse etelletseng mosebetsi pele. Eo e bile ketso e lokiselitsoeng hantle, e ileng ea ama naha eohle. Hape, batho ba bangata ba ne ba nahana hore Lipaki li ne li tla khaotsa ho sebetsa. Empa ka thuso ea Jehova re ile ra lokela boemo ’me ra tsoela pele ka mosebetsi joaloka pele.
Ntho e entseng hore ka ho khetheha sena se etsahale ke koetliso eo baholo ba e fumaneng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso le ho tšepana ho ileng ha tiisoa ke botsoalle boo ba ileng ba bo thabela lihlopheng tsena. Ka hona, mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa bontša ho tiea ha ’ona. Ho bile bohlokoa hakaakang hore ebe re ile ra latela litaelo tsa mokhatlo o hlophisitsoeng haufi-ufi ka kutlo!—Esaia 48:17.
Likhoeling tse latelang ho ile ha hlaka hore khatello e matla e entsoeng ke balaoli ba ’muso ha ea ba le liphello tse mpe mosebetsing oa rōna. Ka mor’a nakoana, re ile ra khona ho boela re qala lihlopha tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso. Hang ha ba boholong ba hlokomela ho feto-fetoha ha rōna le maemo, ba ile ba tlameha ho fetola maoa. Ebile tlhōlo e kaakang ho Jehova!
Ho ba Mafolo-folo Tšebeletsong
Ka nako eo, lihlopha tsa rōna tsa Thuto ea Buka ea Phutheho li ne li e-na le batho ba ka bang bahlano. E mong le e mong oa rōna o ne a fumana lingoliloeng ka tokisetso ena ea thuto ea buka, ’me mosebetsi oa boboleli o ne o hlophisoa lihlopheng tsena tse nyenyane. Ho tloha qalong Jehova o ile a hlohonolofatsa ’na le Regina ka batho ba bangata ba neng ba lakatsa ho ithuta Bibele.
Tšebeletso ea ntlo le ntlo e ne e etsoa ka mokhoa oa ho re sireletsa hore re se ke ra bonoa ’me ra koalloa teronkong. Re ne re etela lapeng le itseng, ebe re tlōla matlo a ’maloa pele re kokota monyakong o mong. Ntlong e ’ngoe, mosali e mong o ile a re ’na le Regina re kene. Re ne re ntse re buisana ka sehlooho se tsoang ka Mangolong ha mora oa hae a kena ka tlung. E ne e le motho ea sa qekiseng letho.
O ile a botsa: “Na le se le kile la bona Molimo oa lōna? Ke rata feela ho le tsebisa hore, ke lumela feela ntho eo ke e bonang. Ho hong hohle ke litsie-balimo.”
Ke ile ka arabela: “Ha ke lumele, na u se u kile ua bona boko ba hao? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang e bontša hore u na le bona.”
’Na le Regina re ile ra mo etsetsa mehlala ka lintho tse ling tseo re li amohelang re sa ka ra li bona, tse kang motlakase. Monna enoa e mocha o ile a mamela ka hloko, ’me re ile ra qalisa thuto ea lehae ea Bibele le eena le ’mè oa hae. Ka bobeli e ile ea ba Lipaki. Ha e le hantle, batho ba 14 bao ’na le mosali oa ka re ileng ra ithuta le bona ba fetohile Lipaki. Batho ba etsang halofo ea palo eo re ba fumane maetong a rōna a ntlo le ntlo, ha halofo e ’ngoe re teane le eona ka lekhetlo la pele bopaking bo sa reroang.
Hang ha ho ne ho tšoaroa thuto ea lehae ea Bibele ka mehla, ’me re nka hore motho eo oa tšepahala, re ne re mo memela libokeng tsa rōna. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa eo re neng re e sheba ke hore na seithuti se ke ke sa beha tšireletseho ea batho ba Molimo kotsing. Ka hona, ka linako tse ling ho ne ho nka selemo kapa ho feta hore re meme seithuti sa Bibele hore se tle libokeng, ’me maemong a mang ho ne ho nka nako e telele ho feta moo. Ke sa hopola monna e mong ea neng a hlahelletse haholo; o ne a utloana haholo a bile a entse mapetjo le baeta-pele ba Mokha oa Bokomonisi. O ile a khanneloa thuto ea Bibele ka lilemo tse robong pele a lumelloa ho ba teng libokeng! Kajeno monna enoa ke moena oa rōna oa Mokreste.
Ba Boholong ba Ntse ba re Lelekisa
Ka mor’a 1965 ha rea ka ra hlola re tšoaroa ka bongata, empa re ne re sa tlohelloa hore re lule ka khotso. Ba boholong ba ne ba ntse ba tsoela pele ho re lisa ka hloko. Nakong eona ena ke ile ka tšoareha haholo ka mosebetsi oa mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng, kahoo ke ile ka fumana tlhokomelo e khethehileng ho baeta-pele. Ka makhetlo a mangata-ngata ba ne ba ntšoara ho ea mpotsa lipotso, ba nkisa sepoleseng ebe ba ntlhoma lipotso. Ba ne ba re: “Joale u ka salisa tokoloho ea hao hantle. U ea teronkong.” Empa ka mehla qetellong ba ne ba ntokolla.
Ka 1972 baeta-pele ba babeli ba ile ba nketela ’me ba babatsa mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng ba sa elelloe. Ba ne ba ile ba mamela Thuto ea rōna ea Molula-Qhooa ea phutheho. Ba ile ba ipelaetsa: “Re fumane sehlooho sena se khopisa haholo.” Ka ho totobetseng ba ne ba amehile hore na ba bang ba ne ba tla nahana joang ka Bokomonisi haeba ba ne ba ka bala sehlooho se neng se ithutoa. Ba ile ba re: “Ho feta moo, ho hatisoa palo e etsang limillione tse hlano kapa tse tšeletseng tsa Molula-Qhooa, ’me o baloa linaheng tse hōlang moruong. Hase makasine feela tjee o sa reng letho.” Ke ile ka re ka pelong, ‘Le nepile hakaakang!’
Ka 1972 re ne re bile tlas’a thibelo ka lilemo tse 22, ’me Jehova o ne a ile a re tataisa ka lerato le ka bohlale. Re ne re latetse litaelo tsa hae ka hloko, empa ho ile ha feta lilemo tse ling tse 18 pele Lipaki Jeremane Bochabela li tsejoa ka molao. Re lebohela tokoloho eo re nang le eona hakaakang eo hona joale re e thabelang ea ho rapela Molimo oa rōna, Jehova!—Joalokaha ho boletse Helmut Martin.