Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/1 leq. 30
  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Moitlami oa Bolivia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Moitlami oa Bolivia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova li Etsa Boboleli bo sa Reroang ka Liphello tse Ntle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Kamoo ke Ileng ka Nyorolloa Kateng Moeeng
    Tsoha!—2003
  • Moitlami ka Lilemo Tse 25 Qetellong o Ithuta ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/1 leq. 30

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

’Nete ea Bibele e Lokolla Moitlami oa Bolivia

BATHO ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba baleha bolumeling ba bohata, ba ithuta ’nete ea Bibele, ’me ba rapela Jehova, Molimo oa ’nete. Ba ka holimo ho 7 600 ba entse joalo Bolivia, ho kopanyelletsa le moitlami.

Ha a le lilemo li robong feela, M—— o ile a teana ka lekhetlo la pele le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a bula monyako ha Paki e etetse habo, ’me ka lekhetlo la pele, o ile a utloa ha ho bitsoa lebitso la Molimo, Jehova. Ha a ka a le lebala ka lilemo tse telele.

Kaha e ne e le eena feela ngoanana lapeng labo, ho ile ha etsoa qeto ea hore e lokela ho ba moitlami. M—— o re: “Ke ile ka thaba hakaakang hore ebe ke ne ke tla ba tšebeletsong ea Molimo—bonyane ke seo ke neng ke se nahanne.” Empa thabo ea hae e ile ea fetoha masoabi ha a hlokomela ho hloka toka le leeme le neng le le teng lehaeng la baitlami. O re: “Mohlomong nke ke ka lebala litlhaselo tseo tsa ho tepella maikutlo le lichapo tsa ’meleng le tsa moea tse neng li le bohloko, tse ileng tsa etsa hore ke nke Molimo e se Molimo oa lerato, empa O otlang o se na mohau.”

O tsoela pele: “Nakong eo ke neng ke e-ba moitlami, ke ne ke lekile ho batla lebitso la Jehova ka Bibeleng ntle ho katleho. Ke ile ka fumana ‘Yahweh’ feela, ’me e ile ea ’makatsa. Ka tsatsi le leng ke bile ka ea batla batho bao ba neng ba bua ka Jehova, empa ha kea ka ka ba fumana.

“Nako ea feta, ’me ka tsatsi le leng ha ke ne ke le tseleng e eang lapeng leso, ke ile ka bona letšoao, ‘Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.’ Ke ne ke batla ho ba bolella hore ke baprofeta ba bohata, empa ho ne ho se motho ka holong. Ke ile ka khutlela ka Sontaha. Liboka li ne li ntse li tsoela pele, ’me ho ile ha bonahala ba bangata ba makaletse ho bona moitlami ea apereng liaparo tse felletseng tsa boitlami a le teng. Ka mor’a liboka, ke ile ka leka ho tsamaea kapele. Leha ho le joalo, e mong oa Lipaki o ile a ntumelisa, kahoo ke ile ka ’motsa, ‘Ke hobane’ng ha le nyefola Ea Halalelang ka ho ipitsa ka lebitso leo?’ Potso ea ka e ile ea lebisa puisanong ea Bibele, ’me ke ile ka etsa litokisetso tsa hore a nketele lapeng heso. Batsoali ba ka ba ile ba mo leleka. Leha ho le joalo, re ile ra teana hape likhoeli tse peli hamorao, ’me o ile a ’memela ha hae hore re be le thuto ea Bibele. Ke ile ka khahloa haholo ke boitsebiso boo a ileng a mpontša bona, bo pakang hore Bakreste ba lokela ho sebelisa lebitso la Molimo. Bopaki boo bo ile ba mpha matla a hlokahalang hore ke hloee lintho tsohle tse se nang thuso tseo ke ileng ka li rutoa ha ke ntse ke le moitlami.

“Ke hopola lintho tse ngata ka bophelo ba ka lehaeng la baitlami. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ke ne ke hloka lijo tse eketsehileng. Kahoo, ke ile ka ngolla batsoali ba ka ke kōpa hore ba nthomelle lijo tse ling, ke sa tsebe hore mangolo a ne a baloa lehaeng la baitlami pele a romeloa. Nakong e latelang ea lijo, ho ile ha behoa mohlōhlō oa bohobe le jelly, ’me ke ile ka qobelloa hore ke li je kaofela. Joale ke ne ke se ke e-na le lijo tse ngata haholo. Ke ile ka bolella metsoalle ea ka sena, ’me e mong o ile a etsa tlhahiso ea hore ke etse bohobe boo ke neng ke sa tl’o bo ja makumane ebe kea qhalakanya fatše. Ha ke etsa sena, ka potlako moitlami e mong o ile a ntšoara ’me a ntihela fatše, ka taelo e matla ea hore ke nyeke hohle fatše ka leleme hore ho hloeke. Ntlo eo e ne e le khōlō. Ha ke ntse ke phetha taelo, ke ile ka utloa ho keketehuoa ho bile ho tšehuoa—ho hang ho sa bontšoe mohau.

“Hona joale ke bona kamoo ho hlollang ka teng ho lokoloha linthong tseo kaofela. Joalokaha ho ka lebelloa, tokoloho ena e ile ea hloka boitelo. Ka mohlala, ntate o ile a nteleka lapeng. Leha ho le joalo, pele ke tloha lehaeng la baitlami, ke ile ka ba le tokelo ea ho thusa baitlami ba bang ba banyenyane hore ba tsebe ’nete. Kea thaba ho bolela hore ba bang ba rōna ba se ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova Molimo!

“Ka mor’a hore ke tlohe lehaeng la baitlami, ntate o ile a thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke hana mesebetsi e lefang hantle empa e nka nako e telele. Leha ho le joalo, ke ne ke batla nako e eketsehileng bakeng sa tšebeletso ea Molimo. Hona joale ke sebeletsa ke le pula-maliboho ea ka mehla, ke phela bophelo bo sa rarahanang empa e le bo putsang. ’Me ho nthabisitseng haholo ke hore, ’mè le likhaitseli tsa ka ba kopanetse le ’na tšebeletsong ea Jehova.”

Ka sebele, ’nete ea Bibele e hlile e lokolla motho tsamaisong ea lefatše lena ea bolumeli ba bohata, ’me e tlisa thabo e sa feleng.—Johanne 8:32.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela