Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Lipaki tsa Jehova li Etsa Boboleli bo sa Reroang ka Liphello tse Ntle
BATHO ba bangata ba ile ba tsebisoa ’nete ea Bibele e le ka lekhetlo la pele ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a etsa boboleli bo sa reroang ho bona. Ka ho etsa sena Lipaki li latela mohlala oa Jesu Kreste, ea ileng a etsa boboleli bo sa reroang ho mosali oa Mosamaria selibeng ha a ne a tlil’o kha metsi. (Johanne, khaolo 4) Afrika Bochabela, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a etsa boboleli bo sa reroang ho moitlami oa K’hatholike. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e pheta se ileng sa latela:
◻ Hoseng ho hong e sa le ka matjeke, Paki e ile ea kopana le moitlami oa K’hatholike ha e le tseleng ea eona e eang toropong. E ile ea sebelisa monyetla ho botsa moitlami: “U ea kae hoseng tjee?” Karabelo e ile ea e-ba: “Ke il’o rapela Molimo oa ka.” Joale e ile ea botsa moitlami: “Na u tseba lebitso la Molimo oa hao?” Moitlami o ile a arabela: “Na Molimo ha se lebitso la oona?” Paki e ile ea ithaopela ho tla lapeng la hae motšehare oa mantsiboea ao ho buisana ka lebitso la Molimo. Ka mor’a puisano moitlami o ile a ea kerekeng ea hae ’me a botsa e mong oa baprista hore na oa tseba seo lentsoe “Jehova” le se bolelang. Karabelo e ile ea e-ba: “Ke lebitso la Molimo.” Moitlami o ne a makalletse ho utloa hore moprista o tseba sena empa le ka mohla ha aa e-s’o ka a mo ruta sona.
Paki e ile ea etela mosali enoa ka matsatsi a robong a latellanang ’me ea mo ruta ’nete ka Boraro-bo-bong sephefumolohi, mollo oa lihele, le tšepo ea ba shoeleng. Mosali o ile a amohela tsohle ’me a kōpa Paki hore e mo fe nako e itseng ho nahana ka lithuto tsena tsohle tse ncha. Ka mor’a libeke tse peli o ile a ea ho Paki hape ’me a kōpa hore ba be le lipuisano tse tsoelang pele. Ka nako ena moitlami o ne a se a entse qeto ea ho tlohela kereke ’me o ne a se a ntse a lahlile litšoantšo tsa hae, lirosari, le sefapano. Moprista o ile a leka ho mo qobella ho khutla, empa o ne a ikemiselitse ho phehella ’nete. Hamorao o ile a kolobetsoa ’me o ’nile a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang oa ka mehla ka likhoeli tse ngata ho sa tsotellehe bophelo ba hae bo fokolang le lilemo tse seng li iketse.
Kaha ntlo ea hae e khōlō, o ile a nehelana ka eona hore phutheho e e sebelise e le Holo ea ’Muso. Baena ba ile ba kenya marulelo a macha ’me ba tlosa a khale, ba liha mabota a kahare, ’me ba etsa karolo e khōlō ea mohaho hore e be sebaka se hohelang seo ho tšoareloang seboka ho sona. Mosali enoa eo e neng e le moitlami oa K’hatholike o lula kamoreng e ka mor’a holo. O thabile haholo hore ebe o ile a tseba ho etsa monehelo ona borapeling ba Jehova.
◻ Phihlelo e ’ngoe e bontšang bohlale ba boboleli bo sa reroang e tsoa Kampala, Uganda. Paki ea moromuoa ha e le tseleng ea eona e eang liofising tsa ’muso, e ile ea bua ka mokhoa o sa reroang ho ba neng ba e-na le eona ka har’a lift. Monna e mong, Mong. L————, o ile a bontša takatso ea ho amohela libuka tse nehelanoang empa o ne a sa khone ho li nka ka nako eo. Kahoo o ile a neha moromuoa lebitso le aterese ea ofisi ea hae. Hamorao moromuoa o ile a ea moo ’me a batla Mong. L————. O ile a bitsoa empa se ileng sa makatsa moromuoa ke hore ho ile ha hlaha monna e mong osele. Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba nang le mabitso a tšoanang ba sebetsang ofising eo. Bopaki bo bokhutšoanyane bo ile ba fanoa ho Mong. L———— oa bobeli, ’me o ile a bontša thahasello e fetang e tloaelehileng. Erekaha Mong. L———— oa pele a ile a lahleheloa ke thahasello, thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le Mong. L———— oa bobeli. Hona joale ke Paki e kolobelitsoeng, ’me mosali oa hae le mora ba etsa tsoelo-pele e ntle e isang ntlheng ea kolobetso.
Jesu Kreste ke Molisa ea Molemo ’me o tseba ba kang linku bao lipelo tsa bona li leng ntle. Liphihlelo tsena li qaqisa hore o tataisetsa balateli ba hae ho ba joalo. Boboleli bo sa reroang bo ka ba le litholoana!—Johanne 10:14.