Na Ruri Bibele ke Mpho e Tsoang ho Molimo?
“KE LUMELA hore Bibele ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo o kileng oa e fa motho.” Mantsoe ao a builoe ke Abraham Lincoln, e leng mopresidente oa bo16 oa United States.a Ha se eena feela ea neng a ananela buka ena e bileng teng ka lilemo-lemo.
Letona la lekholong la bo19 la lilemo la Brithani, William E. Gladstone le itse: “Bibele e khetholloa ka Tšimoloho e Ikhethang, ’me e siea libuka tse ling hōle ka sebaka se ke keng sa lekanngoa.” Le e-na le khopolo e tšoanang, letona la lekholong la bo18 la lilemo la Amerika, Patrick Henry le itse: “Bibele e bohlokoa ho feta libuka tsohle tse kileng tsa hatisoa.” A khahluoe ka ho totobetseng ke Mangolo, moemphera oa Fora, Napoléon Bonaparte o ile a re: “Bibele hase buka feela tjee, empa ke Sebōpuoa se Phelang, e na le matla a ho hlōla bohle ba e hanyetsang.”
Ho ba bang, Bibele e bile mohloli oa thuso le matšeliso. Molaoli oa Selekane sa Amerika, Robert E. Lee o itse: “Litsietsing tsohle tsa ka le matšoenyehong, ha ho mohla Bibele e kileng ea hlōleha ho mpha leseli le matla.” E le ka baka la kananelo ea hae bakeng sa buka ena, mopresidente oa U.S. John Quincy Adams o itse: “Ka lilemo tse ngata ke ile ka itloaetsa ho bala Bibele eohle hang ka selemo.”
Haeba ke ea Phahameng ka ho Fetisisa ea fileng batho Bibele, ho tlameha ho be le bopaki ba hore e bululetsoe ke Molimo. E lokela ho ba khōlō ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. ’Me e le hore Bibele e be mohloli oa ’nete oa matla le thuto, e tlameha ho tšepahala ka ho felletseng. Kahoo, ho sala potso, Na ruri Bibele ke mpho e tsoang ho Molimo? Ha re batleng karabelo ea potso eo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha e le hantle, ho na le mpho e khōloanyane—Jesu Kreste.—Johanne 3:16.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
William E. Gladstone
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo
Abraham Lincoln
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo
Patrick Henry
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Harper’s U.S. History
Napoléon Bonaparte
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Se entsoe ke E. Ronjat
John Quincy Adams
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Harper’s U.S. History
Robert E. Lee
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo