Ho Ithutiloe ho Hongata—Empa Phetoho ea Fokola
“Ho sa tsotellehe lintho tsa saense tse finyelletsoeng morao tjena, batho ha baa fetoha ho le hokaalo lilemong tse likete tse peli tse fetileng; ka hona, re ntse re tlameha ho leka ho ithuta ho itseng ho se etsahetseng nakong e fetileng.”—Kenneth Clark, Civilisation—A Personal View.
KA SEBELE ho bile le tsoelo-pele e tsotehang ea saense lilemong tse makholo tse fetileng. Makasine ea Time e re tsoelo-pele ena e “entse hore rōna ba limilione re phele ka tsela e tsoetseng pele ho feta leha e le neng pele historing.” Tsoelo-pele e ’ngoe e khōlōhali e bile lefapheng la tsa bongaka. Rahistori Zoé Oldenbourg o re mehleng e bohareng, “lingaka li ne li sebelisa mekhoa ea boholo-holo le hona e le e sehlōhō. Ngaka e ne e ka bolaea motho habonolo feela joalokaha e ne e ka mo phekola.”
Hase Kamehla ba Ikemiselitseng ho Ithuta
Hase kamehla batho ba ’nileng ba ikemisetsa ho ithuta. Ka mohlala, mafelong a lekholo la bo19 la lilemo, lingaka tse ngata li ile tsa hlokomoloha bopaki bo hlakileng ba hore tsona ka botsona li ne li fetisetsa mafu ho bakuli ba tsona ka tsela e itseng. Ka hona, li ne li khomarela mekhoa e kotsi ’me li hana ho hlapa matsoho ha li qeta ho sebetsa mokuli e mong ’me li fetela ho e mong.
Leha ho le joalo, saense le theknoloji li ile tsa ’na tsa hatela pele. Ka ho utloahalang he, e ne e tlameha ebe batho ba ithutile ho tse etsahetseng nakong e fetileng, e le hore ba ka etsa hore lefatše e be le thabileng le le sireletsehileng haholoanyane. Empa hase seo batho ba se entseng.
Nahana ka Europe lekholong la bo17 la lilemo. Nako eo e ’nile ea hlalosoa e le mehla ea tlhahiso-leseling le kutloisiso. Leha ho le joalo, Kenneth Clark o re ’nete e salang ke hore “ho sa tsotellehe bohlale bo bongata bo neng bo hlahelletse tsebong le saenseng, ho ne ho ntse ho e-na le mahloriso a se nang kelello le lintoa tse sehlōhō ka tsela eo ho seng e ka bapisoang le eona.”
Mehleng ea rōna, batho ba ntse ba le leqe ho ithuta ho se etsahetseng nakong e fetileng e le hore ba ka qoba liphoso tse tšoanang. Ka lebaka leo, ho bonahala boteng ba rōna lefatšeng mona bo sokeloa. Sengoli Joseph Needham se phetha ka hore boemo bo fetohile bo kotsi hoo ‘ntho feela eo bohle re ka e etsang e leng ho ba le tšepo le ho rapella hore batho ba chesehang ka ho feteletseng ba se ke ba timetsa bophelo bohle bo lefatšeng.’
Ke hobane’ng ha re ntse re tetebetse qhafutsong ea lefatše lee le tletseng pefo le polao, ho sa tsotellehe bohlale bohle boo batho ba nang le bona le lintho tseo ba ithutileng tsona? Na boemo boo bo tla ke bo fetohe? Lihlooho tse peli tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.