Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 6/1 maq. 5-8
  • Kamoo Tumelo e ka Thusang ba Kulang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Tumelo e ka Thusang ba Kulang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Tumelo e ka Thusa ha Re Kula?
  • Ho Thoe’ng ka ho Folisa ka Tumelo?
  • Nako ea Pholiso ea Sebele
  • Ho Folisoa ha Moloko oa Batho ka Mohlolo ho Atametse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na Molimo o Amohela ho Folisa ka Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Pholiso
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • ‘Ho Folisa ka Mohlolo’ Kajeno—Na ho Etsoa ka Matla a Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 6/1 maq. 5-8

Kamoo Tumelo e ka Thusang ba Kulang

LITLALEHO tsa lipholiso tsa mohlolo tse ka Bibeleng li re tiisetsa hore Molimo o tsotella boiketlo ba rōna, hape li bontša matla a oona a ho folisa. Kaha lipholiso tsena tsa mohlolo li ile tsa tlotlisa Molimo le ho tlisa thabo e khōlō, ke ho utloahalang ho botsa, Na mpho ea ho folisa ka moea o halalelang e ntse e sebetsa?

Karabo ea potso eo ke che—’me lebaka le ka makatsa ba bang. Lipholiso tseo tsa mohlolo tsa lekholong la pele la lilemo li phethile morero oa tsona. The Illustrated Bible Dictionary ka nepo e re: “Morero oa mehlolo ea ho folisa e ne e le oa bolumeli, eseng oa bongaka.” Mehlolo eo e ile ea phetha merero efe e meng ea bolumeli?

Ka mohlala, mehlolo ea Jesu ea ho folisa e ile ea phetha morero oa ho mo khetholla e le Messia. ’Me ka mor’a lefu la hae, e ile ea paka hore tlhohonolofatso ea Molimo e phuthehong e ncha ea Bokreste. (Mattheu 11:2-6; Ba-Heberu 2:3, 4) Ho phaella moo, e ne e bontša hore tšepiso ea Molimo ea ho folisa batho lefatšeng le lecha e tla phethahatsoa. E tiisa tumelo ea rōna hore ka sebele nako ea tla eo ho seng “motho ea ahileng Jerusalema ea tla re: Ke bohloko! Sechaba se ahileng teng se tšoaretsoe libe.” (Esaia 33:24) Hang ha merero ea lekholo la pele la lilemo e ne e finyelletsoe, mehlolo e ne e sa hlokahale.

Ho hlokomelehang ke hore barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le maloetse a sa kang a folisoa ka mohlolo. Bona ke bopaki bo eketsehileng ba hore liketso tsa ho folisa ka mohlolo tsa Jesu hammoho le tsa baapostola li ne li etselitsoe ho ruta linnete tsa bohlokoa, eseng ho fana ka tšebeletso ea bongaka. Ha Pauluse a khothalletsa pholiso ea meriana bakeng sa ho kula ha Timothea khafetsa, o ile a buella tšebeliso ea meriana ea veine, eseng ho folisa ka tumelo. Pauluse, ea neng a etsa mehlolo ea ho folisa, ha a ka a lopolloa ho “moutloa ’meleng” o neng o mo ‘jabela.’—2 Ba-Korinthe 12:7, BPN; 1 Timothea 5:23.

Ha baapostola ba e-shoa, neo ea ho folisa e ile ea fela. Pauluse ka boeena o bontšitse hore hona ho tla etsahala. Ha a tšoantša phutheho ea Bokreste le lesea, Pauluse o ile a re: “Ha ke ne ke sa le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke hopola joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongoana.” Morero oa papiso ea hae e ne e le hore limpho tsa mehlolo tsa moea e ne e le karolo ea bongoana ea phutheho ea Bokreste. E ne e le litšobotsi tsa “bongoana.” Kahoo, o ile a bolela: “[Lineo tsa mohlolo] li tla fela.”—1 Ba-Korinthe 13:8-11, BPN.

Na Tumelo e ka Thusa ha Re Kula?

Leha ho le joalo, ka sebele ke ho tšoanelehang ho rapela Molimo bakeng sa thuso ha re kula, esita le haeba re sa itšetleha ka ho folisoa ka tumelo. ’Me ruri ha ho letho le phoso ka thapelo e etsoang ke ba bang molemong oa rōna. Empa lithapelo li lokela ho ba tse utloahalang le tse tumellanong le thato ea Molimo. (1 Johanne 5:14, 15) Ha ho kae kapa kae moo Bibele e re laelang ho rapella ho folisa ka tumelo.a Ho fapana le hoo, re rapella tšehetso e lerato ea Jehova tekong e bakoang ke ho kula.

Bibele e bontša seo batho ba tšepahalang ba ka se rapellang ha ba kula ha e re: “Jehova o tla mo tšehetsa, ha a le liphateng tsa boloetse; u lokisa malao a hae kaofela bohlokong ba hae.” (Pesaleme ea 41:3) Ho thuisa ka Lentsoe la Molimo ho tla thusa ba tšoeroeng ke lefu la kelello. Mopesaleme o ngotse: “Mohau oa hao, Jehova, o tlile ho ntšehetsa. Pelo ea ka ha e tletse lipelaelo, matšeliso a hao a hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:18, 19; bona le 63:6-8.

Ho phaella moo, Bibele e re eletsa hore ho hlokahala hore re bontše boikutlo bo botle ba kelello litabeng tsa bophelo bo botle. Ho molemo haholo ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele ho e-na le ho ameha tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, ho tsuba, ho noa haholo, kapa ho ja ka ho tlōlisa ebe joale ha re se re kula, re retelehela ka tsieleho ho bafolisi ba tumelo. Ho rapella mohlolo ha motho a kula ha se ho nkelang boitšoaro bo bohlale sebaka ho baleheleng ho kula ho ka qojoang, joaloka ho ja lijo tse nang le phepo e ntle haeba li le teng kapa ho batla thuso ea bongaka e tšoanelehang ha ho khoneha.

Hape lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho hlaolela boemo ba kelello bo phetseng hantle bo ka re tsoelang molemo oa bophelo bo botle ba ’mele. Buka ea Liproverbia ea eletsa: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho, empa mōna o bolisa masapo a hae.” “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liproverbia 14:30; 17:22) Ho rapella moea o halalelang bakeng sa ho hōlisa khutso le thabo ho rōna ho ka ba le phello e molemo bophelong bo botle ba ’mele.—Ba-Filippi 4:6, 7.

Ho Thoe’ng ka ho Folisa ka Tumelo?

Ho hlakile hore motho a ka kula esita le haeba a phela bophelo bo botle ho latela boemo ba hae. Ho thoe’ng joale? Na ho na le kotsi ho ea ho motho ea folisang ka tumelo ka tšepo ea ho folisoa? E, ho na le kotsi. Bafolisi ba tumelo ba kajeno ke ka seoelo ba etsang pholiso ntle ho tefo. ’Me ho sebelisa chelete ho bafolisi ba tumelo ha chelete eo e ka be e ile ea sebelisoa ho fumana thuso ho ngaka ho ka baka litšenyehelo. Ntle le moo, ke hobane’ng ha u fana ka chelete ea hao ho batho ba sebelisang ho hapeha ha batho maikutlo?

Ba bang ba ka pheha khang: ‘Ruri ho folisa ka tumelo ho tlameha ho ba le bohlokoa bo itseng esita le haeba ho folisoa karolo e nyenyane ea ba eang ho “bafolisi.”’ Empa hoa belaetsa hore na ebe ka ’nete bafolisi ba tumelo ba folisa leha e le mang ka tsela e felletseng. Encyclopædia Britannica ea lumela: “E batla e le patlisiso e nyenyane e seng e finyelletsoe mabakeng a mangata a sa tsejoeng a ho folisa ka tumelo.”

Le hoja palo e nyenyane e bonahala e folisoa, hona hase bopaki ba hore moea o halalelang oa sebetsa. Thutong ea Thabeng, Jesu o itse: “Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.” (Mattheu 7:22, 23) Hape Jesu o itse ba bang ba ne ba tla hulela tlhokomelo ho bona ka lipontšo, le hoja ba sa amoheloe ke Molimo: “Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.” (Mattheu 24:24) Ka lipontšo tsa bona tse hlollang, ho batla ha bona chelete khafetsa, le ho ipolela hore ba folisa ka mohlolo, ruri bafolisi ba tumelo ba kajeno ba ka akarelletsoa tšebelisong ea mantsoe ao.

Ba joalo ha ba latele mehlala ea Jesu. Joale, ba latela mang? Moapostola Pauluse o re fa pontšo ha a re: “Satane le eena [o] ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ea bona e tla lekana le mesebetsi ea bona.” (2 Ba-Korinthe 11:14, 15) Haeba bafolisi ba tumelo ba sa etse lipholiso tseo ba li bolelang, joale ke bathetsi ba latelang tsela ea Satane, ea “thetsang lefatše kaofela.” (Tšenolo 12:9) Empa ho thoe’ng haeba liketsahalong tse fokolang haholo, ba khona ho etsa lipholiso? Na re ke ke ra etsa qeto ea hore “mehlolo” ea bona e e-tsoa ka matla a Satane le bademona ba hae? E, e tlameha ebe ho joalo!

Nako ea Pholiso ea Sebele

Lipholiso tsa mohlolo tsa Jesu li ne li etsoa ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Li ne li bontša morero oa oona oa ho rarolla mathata a motho a bophelo bo botle ka nako e loketseng. Jehova o tšepisa ho “phekola lichaba.” (Tšenolo 22:2, BPN) Hape a ke ke a folisa ho kula feela empa o tla felisa lefu. Johanne o hlalosa hore Jesu o ne a tletse “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Eo e tla ba pholiso e ntle hakaakang! Jesu o tla boela a etsa lipholiso tse tšoanang le tse tlalehiloeng ka Bibeleng empa ka tekanyo e khōlō haholo. O tla tsosa esita le bafu! (Johanne 5:28, 29) Hona ho tla etsahala neng?

Lefatšeng le lecha la Molimo, leo, ho latela bopaki bohle, le seng le le haufi haholo. Lefatše leo le lecha, le tla ba teng ka mor’a hore bobe ba tsamaiso ena ea lintho bo tlosoe ka ho sa feleng, e tla ba tlhohonolofatso ea sebele ho batho ba lipelo tse lokileng. E tla ba lefatše le se nang mahlomola. “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ke phapang e kaakang ho seo re se bonang se re potolohile kajeno!

Ka hona, haeba u kula, rapela Molimo bakeng sa tšehetso. ’Me ebang ua kula kapa u phela hantle ’meleng, ithute hore ke joang bophelo bo sa feleng ka ntle le ho kula bo tlang ho ba teng ka ’nete. Haha tumelo ea hao tšepisong e tšepahalang ea Molimo ka ho ithuta litšupiso tse ngata tsa eona ka Bibeleng. Ithute kamoo morero oa Molimo tabeng ena o atametseng phethahatso ho latela kemiso ea oona ea nako. Se belaele, hobane Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ba bang ba nahana hore mantsoe a ho Jakobo 5:14, 15 a bua ka ho folisa ka tumelo. Empa moelelo o bontša hore Jakobo mona o bua ka ho kula ha moea. (Jakobo 5:15b, 16, 19, 20) O eletsa ba seng ba fokola tumelong ho ea ho baholo bakeng sa thuso.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipholiso tsa mohlolo tsa Jesu li phethile morero oa tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Jesu o tla pheta le ho atisa mehlolo ea ho folisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela