Na Molimo o Amohela ho Folisa ka Tumelo?
“RE BONE limakatso kajeno.” E, ba boneng ba ne ba khahliloe. Monna ea neng a omeletse litho habohloko o ne a folisitsoe pel’a mahlo a bona. Mofolisi o ile a bolella monna eo: “Ema, u nke liphate tsa hao, u ikele tlung ea hao.” ’Me monna o ile a etsa feela joalo! O ne a se a sa omella litho. Ha ho makatse ha ba neng ba le teng ba ile “ba rorisa Molimo”! (Luka 5:18-26) Ka ho hlakileng, Molimo o ne o amohela pholiso ena e entsoeng ke Jesu Kreste lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng.
Ho thoe’ng kajeno? Na ho folisa ka mohlolo e ntse e le ntho e molemo e ka etsahalang ho ba sa fumaneng pholiso ea meriana? Jesu o ile a etsa mehlolo ea ho folisa. Kajeno ba folisang ka tumelo ba bolela hore ba etsisa eena. Re lokela ho talima ho ipolela ha bona joang?
Ho folisa ka tumelo ho hlalosoa e le “mokhoa oa ho phekola maloetse ka thapelo le ho ba le tumelo ho Molimo.” Encyclopædia Britannica ea tiisa: “Histori ea ho folisa ka tumelo Bokresteng e ile ea qaleha ka litšebeletso tsa botho tse tsotehang tsa Jesu le baapostola.” E, Jesu o ile a etsa lipholiso tse ikhethang. Na batho ba folisang ka tumelo kajeno ba etsa mehlolo joaloka eena?
Tumelo—Na ea hlokahala?
Ho latela Black’s Bible Dictionary, Jesu “o ile a khetholla [tumelo] e le tlhokahalo bakeng sa mehlolo ea hae ea ho folisa.” Empa na ho ne ho le joalo? Na Jesu o ne a batla tumelo ho motho ea kulang pele a mo folisa? Karabo ke che. Tumelo e ne e hlokahala ho motho ea folisang empa eseng hakaalo ho motho ea kulang. Ka lekhetlo le leng barutuoa ba Jesu ba ile ba hlōleha ho folisa moshemane ea nang le sethoathoa. Jesu o ile a folisa moshemane ’me ka morao ho moo a bolella barutuoa hore ke hobane’ng ha ba ile ba sitoa ho mo folisa. “A re ho bona: ‘Ke hobane tumelo ea lōna ea fokola.’”—Mattheu 17:14-20, BPN.
Ho latela Mattheu 8:16, 17, Jesu o ile “a folisa bohle ba seng monate.” Ke ’nete hore batho bana ba ne ba e-na le tumelo e itseng ho Jesu e ileng ea etsa hore ba mo atamele. (Mattheu 8:13; 9:22, 29, BPN) Maemong a mangata ba ne ba lokela ho tla ho eena le hore ba kōpe pele a ba folisa. Leha ho le joalo, ho ne ho sa hlokahale boipolelo ba tumelo hore mohlolo o etsoe. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a folisa monna oa sehlotsa ea neng a bile a sa tsebe hore Jesu ke mang. (Johanne 5:5-9, 13) Bosiung ba ho tšoaroa ha hae, Jesu o ile a khutlisetsa tsebe e utloileng bohloko ea mohlanka oa moprista ea phahameng, le hoja monna enoa e ne e le e mong oa sehlopha sa lira tsa Jesu se tlileng ho mo tšoara. (Luka 22:50, 51) Ha e le hantle, ka linako tse ling Jesu o ile a tsosa le bafu.—Luka 8:54, 55; Johanne 11:43, 44.
Ke joang Jesu a neng a etsa mehlolo e joalo? Hobane o ne a itšetlehile ka moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a oona a sebetsang. Ke oona o neng o etsa pholiso, eseng tumelo ea motho ea kulang. Ha u bala litlaleho tsa Likosepele, u tla lemoha hore lipholiso tsa Jesu li ne li etsoa ka tšebeletso e nyenyane. O ne a sa li etse hore a bonoe ke batho kapa ho hapa maikutlo. Ho phaella moo, Jesu o ne a sa hlōlehe ho folisa boloetse leha e ka ba bofe. Ka mehla o ne a atleha, ’me ho ne ho se mohla a batlang tefo.—Mattheu 15:30, 31.
Na Lipholiso tsa Kajeno li Tšoana le tsa Jesu?
Ho kula ke bothata bo tšabehang, ’me ha bo re tšoara, ka ho tloaelehileng re batla thuso. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re phela sebakeng seo “batho, haholo-holo ba futsanehileng, ba tšoaroang eka ke lintho eseng joaloka batho ke basebeletsi ba bophelo bo botle ba rutehileng”? Boo ke boemo boo ngaka e ileng ea bo hlokomela naheng e ’ngoe ea Latin-America. ’Me ho thoe’ng haeba re phela sebakeng seo, joaloka naheng eona eo, moo ‘ho nang le karolo ea 40 lekholong feela ea lingaka tsa meriana tse tšoanelehang ho sebelisa thuto ea tsona’?
Ha ho makatse hore ebe ba bangata ha ba sa fumane tharollo, ba bona bonyane ho folisa ka tumelo e le ntho e loketseng ho lekoa. Leha ho le joalo, lipholiso tseo bafolisi ba tumelo ba bolelang hore ba li entse lia belaetsa. Ka mohlala, batho bao ho lekanngoang hore ke ba 70 000 ba ile ba ba teng sebokeng São Paulo, Brazil, moo bafolisi ba babeli ba ileng ba ‘hatakela likhalase tsa mahlo tse makholo-kholo tse neng li lahleloa ke bamameli, ba tšepisa beng ba tsona ba kholoang feela hore ba tla boela ba bona hape.’ E mong oa bafolisi o ile a lumela ka botšepehi puisanong: “Nke ke ka re bohle bao re ba rapellang ba tla fola. Ho itšetlehile ka tumelo ea bona. Ha motho a lumela, o tla folisoa.” O ile a re motho ea kulang ke eena ea haelloang ke tumelo ha a hlōleha ho fola. Leha ho le joalo, hopola hore, joalokaha re bone pejana, Jesu o ile a re bafolisi ke bona ba haelloang ke tumelo ha ba hlōleha ho folisa!
Mofolisi e mong o ile a tšepisa ho folisa kankere le komello ea litho. Ho ile ha etsahala’ng? Ho latela makasine oa Veja, “kamoo ho bonahalang ka teng, tšepiso ha ea phethahala.” ’Me mamela kamoo monna enoa a ileng a itšoara ka teng: “Ka lihora tse ka bang peli, [mofolisi oa tumelo] o ile a thabisa bamameli ka lipuo, lithapelo, ho hoeletsa, ho bina—esita le ho fethetsa litebele, ka morero oa ho leleka bademona ba leng ’meleng ea ba tšepahalang. Qetellong o ile a lahlela thae le sakatuku sa hae ho bamameli ba neng ba hapehile maikutlo ’me a fetisa sejana sa koleke ho bokella ‘menehelo ea boithatelo.’” Ha ho mohla Jesu le baapostola ba hae ba kileng ba kōpa chelete ea lipholiso tsa mohlolo, ’me ha ho mohla ba kileng ba ameha liketsong tse joalo hore ba bonoe ke batho.
Joale, ho hlakile hore bafolisi ba tumelo ba kajeno ha ba etse seo Jesu a neng a se etsa. ’Me ho thata ho lumela hore Molimo o amohela seo ba se etsang. Leha ho le joalo, na o amohela ho folisa ka mohlolo leha e le hofe kajeno? Kapa na ho na le tsela e ’ngoe eo tumelo ea rōna e ka re thusang ha rōna kapa bao re ba ratang ba kula?