Tšepo e Hlōla ho Nyahama!
HO Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary, ho nyahama ho hlalositsoe e le ho “lahleheloa ke tšepo ka ho felletseng.” Ka hona, ho hlakile hore, ho hlōla ho nyahama, re hloka tšepo!
Motho ea lesitsi ea tlamehang ho phela tselaneng ea maoto a ke ke a nyahama ka ho felletseng haeba a e-na le tšepo. Tšepo e ka boela ea fa bao lipatlisiso li pakang hore ba tepelletse maikutlong sebete le matla a ho mamella. Empa tšepo ena e lokela ho tšepahala! See se bolela’ng?
Motheo oa Tšepo
Nahana ka se ileng sa etsahalla Sara, mosali oa mopatriareka Abrahama. Leha a se a tla ba le lilemo tse 90, e ne e ntse e le nyopa ’me e le khale a ile a nyahama hore o sa tla ba le ngoana. Leha ho le joalo, ha monna oa hae a le lilemo li 99, Jehova o ile a pheta tšepiso eo a ileng a e etsa lilemo-lemo esale pele—Abrahama o ne a fela a tla ba le “peo,” kapa mojalefa. Abrahama o ne a tseba hore tšepiso ena ea tšepahala. Nahana kamoo Sara a ileng a thaba ka teng ha, ka mohlolo, ketsahalo eo e thabisang e etsahala, ’me a beleha Isaaka! (Genese 12:2, 3; 17:1-4, 19; 21:2) Tšepo ea Abrahama ho Molimo e ne e se ea lefeela, joalokaha moapostola Pauluse a ile a hlalosa: “[Abrahama] ha a ka a belaela ka pallo ea Molimo ka ho se lumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Molimo.”—Ba-Roma 4:20.
Ha a ngolla Bajode ba neng ba fetohile Bakreste mehleng ea hae, Pauluse o ile a hlalosa hore ba ne ba ka tšepa tšepiso ea Molimo ea pholoso ka Jesu ka mabaka a mabeli a utloahalang. Ha a bua ka tšepiso ea Molimo ho Abrahama hammoho le kano ea Hae ea bomolimo, moapostola o ile a supa hore: “Batho ba ee ba hlapanye ka ea ba fetisang, ’me ha ho tiisoa taba ka kano, ke moo likhang tsohle tsa bona li felang. Ke ka baka leo Molimo, mohla o ratileng ho kholisisa majalefa a pallo hoba morero oa oona ha o na ho fetoha, o kile oa kenya kano; hore rōna, ba phallelang tšepo eo re e beetsoeng pele, re be le tšeliso e fetisisang ka ho tiea ka baka la ntho tse peli tse sa sisinyeheng, tseo Molimo o nong o ke ke oa etsa leshano ho tsona.” (Ba-Heberu 6:16-18) E, litšepiso tsa Molimo ke tsa ’nete ebile lia tšepahala. Jehova o matla ’ohle ’me o khona ho tiisa phethahatso ea lentsoe la hae ka tsela e ikhethang.
Tšepo—“E Tiile Ebile ha e Sisinyehe”
Pauluse o ile a ngola hore tšepo ea Bokreste e “tiile ebile ha e sisinyehe.” (Ba-Heberu 6:19, NW) Pauluse o ne a tseba hore tšepo ea hae e thehiloe hokae. Oa hlalosa: ‘[Tšepo] e kena ka koana ka hare ho lesira.’ See se bolela’ng? Ka ho hlakileng Pauluse o ne a bua ka tempele ea boholo-holo e Jerusalema. Ka hare ho eona ho ne ho e-na le Sehalalelisiso, se neng se arohantsoe le moaho ’ohle ka lesira. (Exoda 26:31, 33; Mattheu 27:51) Ho hlakile hore, tempele ea sebele e Jerusalema e se e le khale e timelitsoe. Kahoo, kajeno, Sehalalelisiso see se tšoana le eng?
Le leholimo ka bolona, moo terone ea Molimo e leng hona teng! Pauluse o ile a hlalosa sena ha a re Jesu ka mor’a nyolohelo ea hae “ha a ka a kena sehalalelong se entsoeng ka matsoho [ka tempeleng e Jerusalema], e leng setšoantšo feela sa sebele; empa o kene leholimong la sebele, a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.” (Ba-Heberu 9:24) Kahoo tšepo ea Bokreste, e re thusang ho loantša ho nyahama, e itšetlehile ka tokisetso ea leholimo eseng ka bo-ralipolitiki ba batho. E itšetlehile ka Ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste, ea ileng a nyehela bophelo ba hae e le thekollo ea libe tsa rōna eo hona joale a hlahileng pel’a Molimo bakeng sa rōna. (1 Johanne 2:1, 2) Ho feta moo, joalokaha ho atisa ho bontšoa maqepheng a makasine oona, ke eena Jesu enoa ea khethiloeng ka tsela ea bomolimo ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo ’me o ’nile a etsa joalo ho tloha ka 1914. Haufinyane ’Muso ona oa leholimo o tla felisa lintho tse etsang hore batho ba bangata ba nyahame.
Tšepo—“Ankora ea Sephefumolohi”
Ho kholisa babali ba lengolo la hae hore tšepo ea bona ea poloko ka Jesu e na le motheo, Pauluse o ile a etsa papiso. O ile a hlalosa: “Tšepo e ho rōna e ka ankora ea sephefumolohi.”—Ba-Heberu 6:19, NW.
Liankora li ne li tloaelehile ho batho ba nkang maeto joaloka Pauluse. Liankora tsa boholo-holo li ne li hlile li tšoana le tsa mehleng ena, hangata e le tšepe e nang le ho kang meno a mabeli e itšoarellang botebong ba leoatle. Tseleng e eang Roma hoo e ka bang ka selemo sa 58 C.E., sekepe seo Pauluse a neng a le ho sona se ile sa batla se teba. Empa ha sekepe se fihla metsing a sa tebang hakaalo, basesisi ba sona ba ile “ba lihela liankora tse ’ne ka maraong a sekepe.” Ka baka la liankora tseo, sekepe se ile sa pholoha sefefo seo se bolokehile.—Liketso 27:29, 39, 40, 44.
Joale, u tlameha ho etsa joang hore tšepo ea hao e sireletsehe joaloka ankora e le hore u tle u tiisetse mathata a moruo, ho kula ha ’mele kapa ha maikutlo, kapa “lifefo” leha e le life tse ka tlang li u tobile? Taba ea pele, ikholise hore litšepiso tsa Bibele lia tšepahala. U “kholisehe linthong tsohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Ka mohlala, lekhetlong le tlang ha Lipaki tsa Jehova li bua le uena, li mamele. Haeba li tšoha li etetse moo u lulang teng, li late Holong ea ’Muso e haufi. Ha u na ho qobelloa ho li latela, empa u tla memeloa ho amohela thuto ea mahala ea Bibele, eo ho tla etsoa litokisetso tsa ho e tšoara sebakeng se u loketseng ka nako e u loketseng.
Thuto e joalo e tla u kholisa hore Molimo ke “moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) U tla ithuta hore haufinyane ’Muso oa Molimo tlas’a Morena, Kreste Jesu, o tla tlosa ho senyeha le ho se lekane ho etsang hore batho ba bangata mehleng ena ba nyahame. Tlas’a ’Muso oo, lefatše lena le tla boela le etsoe paradeise, ’me Molimo o tla neha bohle ba o ratang bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:4) Ke tšepo e khanyang hakaakang!
Bala Bibele ka hloko u tle u bone hore tšepiso ena ke ’nete. Joale ebe u sebeletsa ho ba le kamano ea botho e haufi le Molimo, joaloka Abrahama u be motsoalle oa oona. (Jakobo 2:23) Kaha Jehova ke “ea utloang merapelo,” ’molelle lintho tseo u amehileng ka tsona. Ha u mo atamela ka tieo, thapelo ea hao e tla u thusa ho jarolla se u imelang le ho hlōla ho nyahama ha hao. Moea oa Molimo o ka ba oa bula tsela ea ho fetola boemo bo u tšoenyang.—Pesaleme ea 55:22; 65:2; 1 Johanne 5:14, 15.
“Le Tšoarelle ka Tieo”!
Ka mor’a hore Pauluse a khothalletse balateli-’moho le hore ba “kholisehe linthong tsohle,” o ile a eketsa: “Le tšoarelle ka tieo ho tse molemo.” (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Mokhoa o mong oa ho etsa sena ke ho ba le botsoalle le batho ba tšoarelletseng ka tieo tšepong ea Bokreste. Morena ea bohlale Salomone o ile a lemosa: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) U se ke ua lumella leeme kapa boikutlo ba ho ikhalala ho u sitisa ho batla botsoalle bo molemo. Ka mohlala, har’a Lipaki tsa Jehova ho na le batho bao pele ba neng ba se na tšepo. Empa ho ithuta ha bona Bibele, hammoho le botsoalle bo thabileng ba balumeli-’moho, ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova ’me ho ba neha tšepo e tšepahalang, e kang ankora. Na see se hlile se hlōla ho nyahama? Ka sebele ho joalo.
Nka taba ea Annmarie, ea ileng a nyahama ka lebaka la ho tšoaroa hampe ke monna oa hae. Oa hlalosa: “Ke ile ka etsa qeto ea ho felisa bophelo ba ka, empa ka lebaka le itseng ka etsa qeto ea ho rapela Molimo pele. Ke hopola ke re, ‘Ke hobane’ng ha u sa nthuse? Ke u tšepile ka nako e telele, empa ha hoa thusa letho.’ Ke ile ka qeta thapelo ea ka ke nahana hore bophelo ha bo na morero kahoo nka ’na ka ichoella. Ka eona nako eo ho ile ha ba le motho ea kokotang monyako. Ke ile ka etsa qeto ea ho iphapanyetsa hona, ka tšepo ea hore eno ea kokotang o tla qetella a tsamaile.
“Ho kokota hona ho ile ha tsoela pele, ’me ke ile ka qetella ke ferekane. Ke ile ka hlakola meokho ’me ka ea bona hore na ke mang ea monyako, ka tšepo ea ho itokolla ka pele e le hore ke tle ke ntšetse morero oa ka pele.” Annmarie o re: “Empa, ka baka la Jehova, ha hoa ka ha etsahala joalo, hoba ha ke bula monyako ke ile ka fumana basali ba babeli ba eme. Ho bua ’nete, ke ne ke ferekane haholo, ’me ha nka ba ka hla ka utloisisa seo ba neng ba ntse ba se bua. Empa ba ile ba mpha buka e neng e tla hlalosa hore bophelo bo na le morero. Ke sona seo ke neng ke se hloka ho tsosolosa thahasello ea ka ea bophelo.” Baeti ba hae ba ile ba lokisetsa ho ithuta Bibele ka mehla le eena. Annmarie o ile a ithuta ho ba motsoalle oa Molimo. ’Me, sena se ile sa mo neha morero oa bophelo. Joale o se a thusa ba bang hore ba be le tšepo ho Molimo.
Mohlomong u kile ua lakatsa hore ho nyahama ho ka fela feela u sa hlokomele sohle se neng se ameha. Empa haeba u kile ua rapela: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong,” joale u rapelletse ho tla ha ’Muso oa Molimo tlas’a Jesu Kreste, o tla felisa lintho tse nyahamisang batho ba lokileng. (Mattheu 6:10) Thuto ea hao ea botho ea Bibele le ho ba le botsoalle ka mehla le ba nang le tšepo e tšoanang ho tla matlafatsa ho tšoarella ha hao tšepong ea ’Muso o tlang oa Jehova o tla tlisa Paradeise lefatšeng la rōna. (1 Timothea 6:12, 19) Tšepo ena e khanyang ke eona eo tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea makasine oona e e tsebahatsang. Amohela tšepo ena ka pelo eohle e le hore u tle u loantše ho nyahama. Ka sebele, tšepo “ha e hlahisetse motho lihlong.”—Ba-Roma 5:5.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho ithuta Bibele ho re neha tšepo e sebetsang joaloka “ankora ea sephefumolohi”