Ke Batho ba Mofuta Ofe Bao U ba Nkang e le ba Bohlokoa?
“HO BATLOA MONYALUOA. O lokela hore a be lebala le khanyang ’me a be mosesanyane, a be le lengolo la sekolo se phahameng kapa ho ka holimo ho lona. O lokela hore a tsoe lelapeng la boemo bo holimo le nang le thepa. E be oa sehlopha se tšoanang.”
AO KE mantsoe a tloaelehileng a phatlalatso ea lenyalo ao u ka a bonang koranteng ea India. Mohlomong, u ka ’na ua bona ntho e tšoanang likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše. India tsebiso ka tloaelo e ntšoa ke batsoali ba eo e tlang ho ba monyali. Likarabo li ka ’na tsa akareletsa setšoantšo sa ngoanana ea apereng sari e ’mala o bofubelu bo khanyang ’me a roetse le mabenyane a mangata a khauta. Haeba ba habo moshemane ba mo amohela, lipuisano mabapi le lenyalo li ka qala.
Litekanyetso tse Tloaelehileng tsa ho Lekanya Bohlokoa
India ho batla monyaluoa ea lebala le khanyang ho tloaelehile. Sena se bakoa ke tumelo e tebileng ea hore ba bitsoang ba lihlopha tse tlaase tsa sechaba sa Mahindu ba na le letlalo le letšo. Haufinyane, lenaneo le leng thelevisheneng ea India le ile la pheta pale ea banana ba babeli, ea letlalo le khanyang le ea letlalo le letšo. Ngoanana ea letlalo le khanyang o ne a le khopo a bile a le mekhoa e mebe; ngoanana ea lebala le letšo o ne a le mosa a le bonolo. Ho ile ha etsahala phetoho e mohlolo, ’me ngoanana ea lebala le khanyang a fuoa kotlo ea ho ba lebala le letšo, ha ngoanana ea lebala le letšo a ile a fuoa lebala le khanyang. Ka ho hlakileng thuto ea pale eo e ne e le hore le hoja molemo o qetella o hlōtse, lebala le khanyang ke moputso o lakatsoang.
Maikutlo a joalo ka batho ba morabe o mong hangata a tebile ho feta kamoo ho bonahalang ka teng. Ka mohlala, letsoalloa la Asia le ka etela naha ea Bophirima ’me le belaele kamoo le sa kang la tšoaroa hantle ka teng ka baka la lebala la letlalo la lona kapa ka baka la ho ba bopapi ha mahlo a lona. Liketso tse joalo lia mo tšoenya, ’me o ikutloa a khetholotsoe. Empa ha a khutlela naheng ea habo, a ka tšoara batho ba morabe o fapaneng le oa hae ka tsela e tšoanang le eo. Esita le kajeno lebala la letlalo le morabe li ntse li nka karolo e khōlō ho batho ba bang ho lekanyetsa bohlokoa ba motho e mong.
Morena Salomone oa mehleng ea boholo-holo o kile a ngola: “Ka lichelete ho fihleloa tsohle.” (Moeklesia 10:19) Seo ke ’nete hakaakang! Leruo le boetse le ama tsela eo batho ba talingoang ka eona. Mohloli oa leruo leo hangata ha o belaeloe. Na motho o ruile ka baka la ho sebetsa ka thata kapa taolo e hlokolosi kapa bolotsana? Seo ha se ke be se tsotelloe. Maruo, hore na a fumanoe ka bolotsana kapa che, a etsa hore batho ba bangata ba batle botsoalle ba ea nang le ’ona ka ho mo qekisa.
Thuto e phahameng le eona e ’nile ea beoa ka sehloohong lefatšeng lena le tletseng tlhōlisano. Hang ha ngoana a belehoa, batsoali ba hae ba phehelloa ho qala ho bokella chelete e ngata bakeng sa thuto. Nakong eo a bang lilemo li peli kapa li tharo, ba khathatseha ka ho mo isa sekolong sa tlhokomelo ea bana se nepahetseng e le mohato oa pele leetong le lelelele ho fihlela a ba a fumana lengolo la univesithi. Ho bonahala eka batho ba bangata ba nahana hore lengolo le phahameng la diploma le bolela hore u na le tokelo ea ho nkoa u le oa bohlokoa le ho fumana tlhompho ea ba bang.
E, lebala la letlalo, thuto, chelete, morabe—lintho tsena li fetohile litekanyetso tseo batho ba bangata ba ahlolang kapa, ho e-na le hoo, ba ahlolang motho e mong esale pele ka tsona. Ana ke mabaka a lekanyang hore na ke mang eo ba tla mo nka e le oa bohlokoa le hore na ke mang eo ba ke keng ba mo nka e le oa bohlokoa. Ho joang ka uena? Ke mang eo u mo nkang e le oa bohlokoa? Na u nka motho ea nang le chelete, ea letlalo le khanyang, kapa ea nang le thuto e phahameng a tšoanela haholoanyane ke ho nkoa e le oa bohlokoa le ho fumana tlhompho? Haeba ho joalo, u lokela ho nahana ka ho tebileng ka motheo oa maikutlo a hao.
Na Tsee ke Litekanyetso tse Utloahalang?
Buka Hindu World ea hlokomela: “Ha e mong oa ba lihlopha tse tlaasana a ka bolaea Mohindu oa sehlopha se phahameng sa ba abetsoeng ho ba baprista a ka hlorisoa ho isa lefung ’me thepa ea hae ea nkuoa ka mahahapa, ’me sephefumolohi sa hae sa rohakoa ka ho sa feleng. Ha Mohindu oa sehlopha se abetsoeng ho ba baprista a ka bolaea e mong a ka lefisoa feela ’me a se otloe ka lefu.” Le hoja buka eo e bua ka mehla ea boholo-holo, ho joang kajeno? Leeme la morabe le khohlano ea kahisano li entse hore ho tšolloe mali a mangata esita le lekholong lena la bo20 la lilemo. ’Me sena ha sea fella India. Lehloeo le pefo tse rotelitsoeng ke khethollo ea ’mala Afrika Boroa, leeme la merabe United States, leeme la bochaba linaheng tsa Baltic—lenane le ntse le tsoela pele—kaofela li bakoa ke maikutlo a futsitsoeng a hore motho o phahametse ba bang. Ka sebele, ho nka motho e mong a le bohlokoa ho feta e mong ka tsela e joalo ka baka la morabe kapa bochaba ha hoa beha litholoana tse molemo, tsa khotso.
Ho thoe’ng ka leruo? Ntle le pelaelo, ba bangata ba ruisoa ke ho sebetsa ka botšepehi, ka thata. Leha ho le joalo, leruo le lengata le ’nile la bokelloa ke lihlopha tsa linokoane, ba etsang likhoebo tseo eseng tsa molao, ba rekisang lithethefatsi, ba rekisang lihlomo ntle le molao, haesita le ba bang. Ke ’nete, ba bang ba bana ba ka ’na ba fana ka liphallelo ho mekhatlo e thusang mafutsana kapa ba tšehetsa merero ea ho thusa mafutsana. Leha ho le joalo, liketso tsa bona tsa bonokoane li tlisitse bohloko bo ke keng ba boleloa le matšoenyeho ho liphofu tsa bona. Esita le bao ha ho bapisoa ba nang le likhoebo tse nyenyane, ba kang ba nkang tjotjo kapa ba nkang karolo mekhoeng e belaetsang ea khoebo, ba bakile ho tepella ha maikutlo, bohloko, haesita le lefu ha thepa kapa litšebeletso tsa bona li hlōleha ’me li sa sebetse hantle. Ka sebele, ho ba le leruo e le hona hase motheo oa kahlolo e molemo.
Ho thoe’ng, he, ka thuto? Na lethathamo le lelelele la mangolo a univesithi le litlotla tse latelang lebitso la motho li fana ka tiiso ea hore oa tšepahala hape o lokile? Na hoo ho bolela hore o lokela ho talingoa e le oa bohlokoa? Bonneteng, thuto e ka atolosa tsebo ea motho, ’me ba bangata ba ’nileng ba sebelisa thuto ea bona ho tsoela ba bang molemo ba tšoaneloa ke tlotla le tlhompho. Empa histori e tletse mehlala ea ho sebelisoa hampe le ho hatelloa ha batho ba bang ke sehlopha sa batho ba rutehileng. ’Me nahana ka se etsahalang likolecheng kapa liunivesithing kajeno. Likampo tsa sekolo li oetsoe ke seoa sa mathata a tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ’me liithuti tse ngata li ea likolong e le feela ho lelekisa chelete, matla, le botumo. Thuto ea motho ka boeona hase sesupo se tšepahalang sa botho ba hae ba ’nete.
Che, lebala la letlalo, thuto, chelete, morabe, kapa lintho tse ling tse kang tseo hase motheo o utloahalang oa ho ahlola bohlokoa ba motho e mong. Bakreste ha baa lokela ho tšoareha ka lintho tsena ka boiteko ba ho fumana kamohelo ea ba bang. Ha ho le joalo, motho o lokela ho ameha ka eng? Ke litekanyetso life tseo motho a lokelang ho tsamaea ka tsona?