Ke Mang ea Nkoang e le oa Bohlokoa ke Molimo?
KAOFELA ha rōna re batla ho ratoa ke metsoalle ea rōna. Ho Mokreste takatso e khōloanyane ho feta eo ke ho nkoa e le oa bohlokoa ke Molimo. Ho Pesaleme ea 84:11 ho thoe, ka Jehova Molimo: “Jehova o nea mohau le khanya, ba tsamaeang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.” Tsoalong ea Jesu, mohoo oa thabo oa mangeloi a leholimo o ne o tšepisa “khotso lefatšeng bakeng sa batho bao a ba nkang e le ba bohlokoa!”—Luka 2:14, Moffatt.
Empa ke mang eo Molimo a mo nkang e le oa bohlokoa? Na litekanyetso tsa Molimo li tšoana le tsa batho? Ka ho utloahalang, ha li tšoane, joalokaha ho bontšitsoe ke se tšohliloeng sehloohong se fetileng. Ha e le hantle, kaha Bakreste bohle ba eletsoa ho ba “baetsisi ba Molimo,” bohle re lokela ho ipotsa, Na batho bao Molimo o ba nkang e le ba bohlokoa le ’na ke ba nka joalo, kapa na ke sekametse ho latela litekanyetso tsa lefatše kahlolong ea ka ea batho? (Ba-Efese 5:1) Hore re fumane kamohelo ea Jehova, re tlameha ho hlokomela ho bona lintho ka tsela eo a li bonang ka eona.
Litekanyetso tse Holimo tsa Molimo
Moapostola Petrose o itse: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a tiisa hore Molimo “o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang.” (Liketso 10:34, 35; 17:26) Ka baka leo, ke hantle ho fihlela qeto ea hore batho bohle baa lekana mahlong a Molimo ho sa tsotellehe ponahalo ea bona ea ka ntle. Ha ho le joalo, ho ne ho ke ke ha tšoanela Mokreste ho se nke motho e mong e le oa bohlokoa ka baka la hobane a tsoa sebakeng se itseng kapa e le oa letlalo la lebala le itseng kapa hobane e le oa morabe o mong. Ho e-na le hoo, e ka ba hantle ha a latela Mohlala oa hae, Jesu Kreste, eo esita le lira li ileng tsa lumela hore o ne a se na leeme.—Mattheu 22:16.
Polelo ea Senyesemane “ho fella letlalong feela” ka linako tse ling e sebelisoa ho hlalosa ntho e sa tebang kapa eo eseng ea bohlokoa. Lebala la letlalo le joalo feela; le fella letlalong feela. Lebala la motho la letlalo ho hang ha le bonahatse botho ba hae kapa litšoaneleho tsa hae tse ka hare. Ha re lokela ho khetha batho bao re tla arolelana botsoalle le bona, bao re tla ja le bona, kapa bao re tla tšoarana ka matsoho le bona, ho hang ha rea lokela hore re talime lebala la letlalo e le la bohlokoa. Hopola, moroetsana ea ileng a susumetsoa ho ngoloa ha lithoko tse ling tsa tse monate le tse nang le matla a lerato ka ho fetisisa tse kileng tsa ngoloa o ipoletse joana: ‘Ke motšoana, empa ke motle . . . ke motšoana, hobane ke chele ke letsatsi.’ (Sefela sa Lifela 1:5, 6) Ho hang morabe leha e le lebala ha li etse motheo o nepahetseng oa ho nka motho e le oa bohlokoa. Ha bohlokoa ka ho fetisisa ke hore na motho o tšaba Molimo ’me o sebetsa ho loka.
Molimo o ikutloa joang ka leruo la lintho tse bonahalang? Har’a batho bohle bao Molimo a ba ratang le ho ba amohela, Mora oa hae, Jesu Kreste, ke oa sehlooho. Empa, ha Jesu a le lefatšeng, o ne a se na “moo a ka samelang hloho ea hae teng.” (Mattheu 8:20) O ne a se na setša, matlo, masimo, lifate tsa litholoana, kapa leruo la liphoofolo. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a mo fa tlotla, ’me a mo phahamisetsa boemong bo ka holimo ho ba libōpuoa tsohle bokahohleng ntle le Molimo ka boeena.—Ba-Filippi 2:9.
Jesu Kreste o ile a nkoa e le oa bohlokoa ke Molimo eseng hobane a ne a ruile linthong tse tšoarehang empa hobane a ne a ruile mesebetsing e molemo. (Bapisa le 1 Timothea 6:17, 18.) O ile a eletsa balateli ba hae: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome a jang teng, le moo masholu a fatang teng, a utsoang. Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo tšoèlè le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng masholu a fatang, a utsoang.” (Mattheu 6:19, 20) Kahoo, ho e-na le ho amohela ba ruileng thepa ea lefatše lena feela, Bakreste ba ke ke ba etsa likhethollo motheong oa leruo la lefatše. Ba tla batla ba ruileng ho Molimo ho sa tsotellehe hore na ba ruile kapa ba futsanehile linthong tse tšoarehang. U se ke ua lebala hore ‘Molimo o ile a khetha bafumanehi ba lefatše lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a ’muso.’ (Jakobo 2:5) Haeba u boloka pono ea Molimo ea lintho, ho hang u ke ke ua ba phofu ea tloaelo e atileng ea ho amohela kapa ho leka ho fumana kamohelo ea ba ruileng linthong tse tšoarehang.
Ha e le ka thuto, Bibele ka ho hlakileng e bontša hore Molimo o re phehella hore re batle tsebo le bohlale le hore Jesu Kreste ke tichere e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea ba teng lefatšeng. (Liproverbia 4:7; Mattheu 7:29; Johanne 7:46) Empa hase bohlale kapa kutloisiso ea lefatše tse amoheloang ke Molimo. Ho fapana le hoo, Pauluse o re bolella hore “hase ba bangata ba bohlale ka tsela ea nama ba ileng ba bitsoa, . . . empa Molimo o ile oa khetha lintho tse bothoto tsa lefatše, e le hore a tle a soabise banna ba bohlale.”—1 Ba-Korinthe 1:26, 27, NW.
Molimo o amohela ba rutehileng, eseng lithutong tsa lefatše tse rutoang libakeng tsa thuto e phahameng, empa “puong e hloekileng” ea ’nete joalokaha e fumanoa Lentsoeng la hae, Bibele. (Sofonia 3:9, NW) Ha e le hantle, Jehova ka boeena o ruta batho ba hae kajeno ka lenaneo la thuto le atolohetseng likhutlong tsohle tsa lefatše. Joalokaha ho boletsoe esale pele ke moprofeta Esaia, batho ba lichaba tsohle ba arabela ka ho re: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” Kahoo, ho e-na le ho tlotlisa thuto ea lefatše, Bakreste ba tla batla ba pakang ka mantsoe le liketso tsa bona hore ka sebele ke “batho ba rutoang ke Jehova.” Ka ho etsa joalo, ba tla thabela ‘khotso e khōlō’ eo Molimo o fanang ka eona.—Esaia 2:3; 54:13, NW.
Re ka Nkoa re le ba Bohlokoa ke Molimo
E, litekanyetso tsa Molimo tsa ho nka ba bang e le ba bohlokoa li fapane haholo le tsa batho. Leha ho le joalo, re tlameha ho phehella ho ba ba laoloang ke litsela tsa hae haeba re batla ho nkoa re le ba bohlokoa mahlong a hae. Sena se bolela hore re tlameha ho ithuta ho bona ba bang ho tsoa ponong ea Molimo ea lintho eseng ka litekanyetso tsa batho, tseo kamoo ho leng ka teng li susumetsoang ke boikhohomoso le leeme. Ke joang re ka etsang seo?
Jehova Molimo o hlahloba pelo ea motho, ’me o nka ba bonahatsang litšoaneleho tse kang lerato, molemo, mosa, le mamello e le ba bohlokoa. Re lokela ho etsa ho tšoanang. (1 Samuele 16:7; Ba-Galata 5:22, 23) Re lokela ho sheba botho bo ka hare, ho isa bohōleng boo rōna batho re ka khonang, eseng lebala la letlalo la hae kapa morabe. Ho e-na le ho batla ba ruileng linthong tse tšoarehang, re etsa hantle ha re hopola pono ea Molimo ea maruo ’me re hahamalle ho ‘ateloa ke mesebetsi e molemo, ho abela ba bang, le ho fana.’ (1 Timothea 6:18) Ho fumana kamohelo ea Molimo, re lokela ho tsoela pele ho batla tsebo e nepahetseng ka Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, re be ba rutehileng hantle puong e hloekileng ea ’nete. (Johanne 17:3, 17) Ka ho etsa joalo, le rōna re tla ba har’a bao Molimo a ba nkang e le ba bohlokoa.