Ha e le Hantle Kosepele Ke’ng?
NAKONG ea Keresemese, batho linaheng tse ngata ba utloa ho buuoa ka Kosepele ’me le bona ba bua ka eona. Lentsoe lena le tloaelehile haholo, empa na le na le moelelo o eketsehileng ho feta kamoo ba bangata ba nahanang ka teng? Na Kosepele e bolela ntho e ’ngoe e ka tsoelang uena le baratuoa ba hao molemo o ikhethang?
“Kosepele” e bolela “litaba tse molemo,” ’me ruri, litaba tse molemo lia amoheleha eseng feela ka nako ea Keresemese empa nakong efe le efe. Leha ho le joalo Kosepele hase feela litaba life le life tse molemo. Ke litaba tse molemo tse khethehileng tse tsoang mohloling o tobileng tse buang ka taba e tobileng. Ha e le hantle, ke molaetsa oo Molimo a khethileng hore o phatlalatsoe ho batho bohle.
Eugênio Salles, moarekabishopo oa Rio de Janeiro, Brazil, o ile a bua ka litaba tseo tse molemo ha a ne a phehella: “Re lokela ho sebetsa tumellanong le Kosepele eseng motheong oa likhopolo.” Moarekabishopo enoa o ne a nepile. Leha ho le joalo, ho sebetsa tumellanong le Kosepele ho hloka hore re tsebe seo Kosepele e leng sona. Re ka ithuta seo joang? ’Me ke joang ho sebetsa tumellanong le Kosepele ho tla re thusa?
Kosepele Ke’ng?
Hangata boleng ba Kosepele ha bo utloisisoe. Ka 1918 Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika le ile la thoholetsa Selekane sa Lichaba seo hona joale se seng se le sieo joaloka pontšo ea lipolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng ’me la bolela hore se “theiloe ka ho teba Kosepeleng.” Selekane sena se hlōlehile ka mokhoa o tšosang ho finyella pakane ea sona ea ho boloka khotso. Ho hlakile hore lekhotla lena le ne le fositse. Selekane sa Lichaba se ne se sa amane le Kosepele ho hang.
Lilemong tsa morao tjena batho ba buellang thuto ea bolumeli ea tokoloho ba ile ba phahamisa Kosepele ka bolokolohi ha ba bua ka likhopolo tsa lipolotiki kapa tsa nchafatso ea sechaba. Ha ba etsa joalo ba hlokomolohile Kosepele ea sebele. Makasine oa Brazil Veja o ile oa hlalosa: “Kereke e K’hatholike e ile ea qala ho rata ’muso oa sechaba, e hlokomoloha litlhoko tsa moea tsa balumeli ba tšepahalang ho eona. Batho ba neng ba batla lentsoe la Molimo therong hangata ba ne ba fumana liphehisano tse amanang le melao e leng khahlanong le ho hloka toka sechabeng.”
Ho ntlafatsoa ha maemo a bophelo kapa ho fetoha ha tsamaiso ea lipolotiki e ka ’na ea ba ke litaba tse molemo ho batho ba bang. Leha ho le joalo, litaba tse joalo hase tse molemo, Kosepele. Mobishopo e mong ha a lumela hore kereke ea hae e hlōlehile ho bolela Kosepele ea sebele o itse: “Re hlokomolohile thuto ea moea ea balumeli ba rōna ba tšepahalang ho tloha lilemong tsa bo-1960 ka baka la lintho tse bonahalang tse kena-kenanang le thuto ea rōna.”
Tlaleho e leng makasineng oa litaba oa U.S. oa Time e bontša hore tlhokomelo ea Maprostanta le eona e tlositsoe Kosepeleng. Makasine ona oa hlokomela: “Lihlopha tsa lineano ha lia hlōleha ho fetisa molaetsa oa tsona ka tsela e utloahalang feela; li ntse li eketsa ho se kholisehe mabapi le hore na molaetsa oo ke ofe.” Molaetsa oa bona e tlameha ho ba ofe? Kosepele ke eng?
Ho Khetholla Kosepele
Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa “Kosepele” e le “molaetsa o mabapi le Kreste, ’muso oa Molimo le poloko.” Lentsoe “kosepele” le boetse le boleloa e le “tlhaloso ea molaetsa oa Bokreste (kosepele e buellang liphetoho sechabeng)”; “molaetsa kapa lithuto tsa tichere ea bolumeli.” Na litlhaloso tsee kaofela lia sebetsa? Che, eseng ha re bua ka Kosepele. Kosepele ea sebele e theiloe Bibeleng; kahoo, ke tlhaloso e qalang feela ho tsena tse tharo e nepahetseng. Tse peli tse qetellang li mpa feela li bontša hore na ho tlile joang hore lentsoe “kosepele” le sebelisoe kajeno.
Tumellanong le mohopolo ’ona, Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words e bolela hore Mangolong a Bakreste a Segerike (“Testamente e Ncha”), Kosepele e “bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le poloko e tlang ka Kreste, e tla fumanoa ka tumelo lefung la Hae le rekollang.” Ke habohlokoa ho utloisisa sena hobane kutloisiso e nepahetseng ea litaba tse molemo tsa ’nete e amana haholo le katleho ea rōna ea hona joale le thabo ea nako e tlang.
Molaetsa o Khethehileng
Joalokaha buka ea litšupiso e ka holimo e bontša, Kosepele e amana haufi-ufi le Jesu Kreste—haholo hoo litlaleho tse ’nè tsa Bibele tse mabapi le bophelo ba hae lefatšeng li bitsoang Likosepele tse ’nè. Ho tloha qalong ea bophelo ba hae e le motho, litaba tse buang ka Jesu e ne e le litaba tse molemo. Ha lengeloi le phatlalatsa tsoalo ea hae le itse: “Bonang! ke phatlalatsa ho lōna litaba tse molemo [kapa, kosepele] tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le tsoaletsoe ’Moloki, e leng Kreste Morena.”—Luka 2:10, 11, NW.
Jesu ea sa tsoa tsoaloa o ne a tla hōlela ho ba Kreste, Messia ea tšepisitsoeng. O ne a tla senola morero oa Molimo bakeng sa poloko, a tele bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa batho, a tsohe, ’me e be Morena ea khethiloeng oa ’Muso oa Molimo. Litaba tse molemo ka sebele! Ke ka baka leo molaetsa o buang ka eena o bitsoang Kosepele.
Nakong ea tšebeletso ea hae e khutšoanyane ea lefatšeng, Jesu o ne a cheseha haholo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. Kosepeleng ea Mattheu rea bala: “Jesu a qala ho ea metseng eohle le metsaneng, a ruta le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso masynagogeng a eona.” (Mattheu 9:35, NW) Boboleli ba hae e ne e se feela ho etsa hore batho ba ikutloe hamolemo. Mareka o tlaleha hore Jesu o itse: “Nako e behiloeng e se e phethehile, ’me ’muso oa Molimo o atametse. Bakang, ’me le be le tumelo litabeng tse molemo.” (Mareka 1:15, NW) E, ba ileng ba arabela ’me ba utloa litaba tse molemo ba ile ba hlokomela hore li fetotse bophelo ba bona.
Ka mor’a lefu la Jesu, balateli ba hae ba ile ba tsoela pele ho bolela Kosepele. Ha baa ka ba bua ka ’Muso feela empa hape ba ile ba bua ka litaba tse thabisang tsa hore Jesu o tsoselitsoe letsohong le letona la Molimo maholimong ’me o nehelane ka molemo oa bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa batho. Joaloka ea khethiloeng ke Molimo hore a buse holim’a lefatše e le Morena oa ’Muso oa Molimo, e ka ba Moemeli oa Molimo ea tla felisa lira tsa Molimo le ho tsosolosa lefatše hore e be paradeise.—Liketso 2:32-36; 2 Ba-Thessalonika 1:6-10; Ba-Heberu 9:24-28; Tšenolo 22:1-5.
Kajeno, litaba tse molemo li akareletsa karolo e ’ngoe e eketsehileng. Ho latela bopaki bohle ba ho phethahala ha boprofeta, hona joale Jesu o se a le teroneng, ’me re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. (2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:7-12) Nako ea ha ’Muso o tla sebetsa khahlanong le lira tsa Molimo e atamela ka potlako. Ke litaba life tse ka bang molemo ho feta tsee?
Re tla bona sehloohong se latelang hore na Kosepele e matla hakae. E ile ea thusa mosali e mong ea neng a tšoasitsoe ke leraba la bonohe hore a fumane tokoloho. E ile ea thusa monna ea leng teronkong ka baka la bosholu hore a fumane thabo. ’Me le uena e tla u tsoela molemo haholo—haeba u mamela u bile u utloa litaba tse molemo.