Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 12/15 maq. 5-7
  • Kosepele e ka U Tsoela Molemo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kosepele e ka U Tsoela Molemo Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Ileng ba Thusoa ke Kosepele
  • Litaba tse Molemo li Bolela’ng Kajeno?
  • Matla a Kosepele Kajeno
  • Litlhohonolofatso tse sa Ntseng li tla
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ha e le Hantle Kosepele Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • A re Boleleng Litaba Tsena
    Binelang Jehova le Thabile
  • Ho na le Litaba Tse Molemo Tseo Bohle ba li Hlokang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 12/15 maq. 5-7

Kosepele e ka U Tsoela Molemo Joang?

BIBELE e hlomphuoa haholo ka baka la ho ngoloa ka tsela e bohlale—esita le ke batho ba bang ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Leha ho le joalo, ruri ke batho ba seng bakae feela ba e ballang hore ba sebelise seo e se bolelang bophelong ba bona. Ho feta moo, kaha litaba tse molemo tse ka hare ho eona li ngotsoe hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng, batho ba bangata ba bonahala ba lumela hore e lokela ho nchafatsoa e etsoe hore e be ea morao-rao, e kheme le linako. Na Kosepele e siiloe ke nako kapa ha e sa sebetsa? Ho hang ha ho joalo.

Ho na le banna le basali, ba bacha le ba hōlileng, ba limillione, ba tsebang hore Bibele ke mohloli oa bohlokoa oa thuso. Ho joalokaha selelekela sa Today’s English Version se re: “Bibele hase feela sengoliloeng se seholo se lokelang ho bohoa le ho hlomphuoa; ke Litaba tse Molemo bakeng sa batho bohle libakeng tsohle—molaetsa o lokelang ho utloisisoa le ho sebelisoa bophelong ba letsatsi le letsatsi.”

Kosepele e bolela’ng ho uena? Na u e sebelisa joaloka motataisi bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi? Hlokomela kamoo litaba tse molemo li ileng tsa tsoela ba bang molemo ba ileng ba li mamela lekholong la pele la lilemo le kamoo li ileng tsa fumantša ba bang molemo nakong ea rōna.

Batho ba Ileng ba Thusoa ke Kosepele

Nakong ea Jesu batho ba kang batšoasi ba litlhapi ba neng ba sebetsa ka thata, le bo-’mè ba malapa ba ne ba khahliloe ke litaba tse molemo ’me ba ile ba ithuta ’nete ka morero oa Molimo bakeng sa motho. Litaba tse molemo li ile tsa fetola bophelo ba bona ka ho feletseng ’me hangata li ba tlisetsa pheko e feletseng. Ka mohlala, Maria Magdalena o ile a folisoa moea oa bademona. Zakea, eo pele e neng e le molaoli oa balekhetho, o ile a tlohela tsela ea hae e meharo ea bophelo. (Luka 8:2; 19:1-10) Lifofu le balepera ba thusitsoe nakong eo ba tlang ho Jesu, ea rutang litaba tse molemo. (Luka 17:11-19; Johanne 9:1-7) Ke ka nepo Jesu a neng a ka re: “Lifofu li boetse lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera baa hloekisoa, ba thibaneng litsebe baa utloa, le bafu baa tsoha, ’me mafutsana a phatlaletsoa litaba tse molemo.”—Mattheu 11:5, NW.

Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ho feta ho folisa ha bona e ne e le tsela eo ka eona litaba tse molemo li ileng tsa fetola bophelo ba batho ba bangata ba futsanehileng. Batho ba pelo li tšepahalang ba ne ba na le tšepo bakeng sa bokamoso. Ba ile ba beha tšepo ea bona ’Musong oa Molimo—e leng ntho e molemo ho feta kosepele leha e le efe e buellang liphetoho sechabeng. (Mattheu 4:23) Lefu la Jesu ha lea ka la felisa tšepo ea bona. Ha e hlalosa litaba esita le ka mor’a ketsahalo eo, Liketso 5:42 (NW) e re ka barutuoa ba hae: “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba ile ba tsoela pele ba sa khaotse ba bile ba bolela litaba tse molemo ka Kreste, Jesu.” Lekholong la pele la lilemo, batho ba lulang linaheng tse ngata ba ile ba fumana thuso ea moea hobane ba ile ba arabela boboleling bo joalo.

’Muso e ne e le litaba tse molemohali ka nako eo. Na molaetsa oa ’Muso e ntse e le litaba tse molemo?

Litaba tse Molemo li Bolela’ng Kajeno?

Haeba u laba-labela lefatše le nang le khotso, le sireletsehileng, joale litaba tsa ’Muso ruri li molemo. Ha e le hantle, lefatšeng le nang le batho ba makholo a limillione ba sa ōtlehang le ba lapileng, ba nang le maloetse a tšosang a sokelang motho e mong le e mong, ka keketseho e tšosang ea tlōlo ea molao, le ka ho se tsitse lipolotiking ho ntseng ho ja setsi, ke tsona feela litaba tsa sebele le tse tšoarellang. Li emela tšepo feela ea ntlafatso ea ’nete.

Ke ka baka leo Jesu a ileng a profeta sena bakeng sa mehla ea rōna: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo tlang.” (Mattheu 24:14, NW) Mantsoe ana a phethahatsoa ka tsela e hlollang ha Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo linaheng tse fetang 200. Buka ea K’hatholike, Nova Evangelização 2000, ha e babatsa Lipaki tabeng ena e re: “Re fumana Lipaki tsa Jehova hokae? Menyakong ea matlo. ’Me hore motho e be Paki ea Jehova, ka ntle le ho ba oa Jehova, o tlameha hore e be paki. Kahoo, re li fumana li sebetsa, li phatlalatsa, li nehelana ka seo li se tsebang.”

Leha ho le joalo, ha ho iketsahalle feela hore motho a fumane molemo litabeng tse molemo. Li tla thusa feela ba mamelang le ho utloa. Bakeng sa ho hlakisa ntlha ena, Jesu o ile a etsa papiso ea monna ea jalang peō. Mefuta e sa tšoaneng ea mobu oo peō e oetseng ho ’ona e tšoantšetsa mefuta e sa tšoaneng ea boemo ba pelo boo batho ba utloang litaba tse molemo ba bo bontšang. Jesu o itse: “Moo e mong le e mong ea utloang lentsoe la ’muso empa a sa le utloisise ea khopo oa tla ’me o nka se jetsoeng pelong ea hae . . . Ha e le e jetsoeng mobung o motle, ke motho ea utloang lentsoe ’me a le utloisisa, a hlile a beha litholoana, e ’ngoe e hlahisa tse lekholo, e ’ngoe tse mashome a tšeletseng, e ’ngoe tse mashome a mararo.”—Mattheu 13:18-23, NW.

Joaloka lekholong la pele la lilemo, batho ba bangata kajeno ba etsa boiteko bo bonyenyane hore ba utloisise litaba tse molemo. Ha ba li utloisise, kahoo ba sitoa ho fumana melemo. Ba bang ba bontša kananelo bakeng sa litaba tse molemo ba bile ba ithuta kamoo ba ka fetolang bophelo ba bona hore bo lumellane le thato ea Molimo. Ka tsela ena ba hlohonolofalitsoe. U sehlopheng sefe?

Matla a Kosepele Kajeno

Liphihlelo li paka hore ho utloisisa litaba tse molemo ho thusa batho ba ‘neng ba se na tšepo le ba neng ba se na Molimo.’ (Ba-Efese 2:12; 4:22-24) Roberto ea tsoang Rio de Janeiro o ne a hloka ho thusoa. Ho tloha bocheng ba hae, o ile a phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng, a keneletse lithethefatsing, boitšoarong bo bobe, le bosholung. Qetellong o ile a kena teronkong. Ha a le moo Roberto o ile a ithuta Bibele le Paki e etileng. A tsoela pele hantle moeeng hoo nako ea hae ea ho ba teronkong e ileng ea fokotsoa haholo.

Ka mor’a hore a lokolloe, Roberto o ile a kopana le ngoanana e monyenyane eo a kileng a mo hlasela ka morero oa ho mo k’hothotsa a ba a mo tšosa ka sethunya. Le eena o ne a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ho ile ha etsahala joang? Se latelang ke karolo ea lengolo le phetang ketsahalo ena: “Ba ile ba kopana Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele ka mor’a tlhaselo ena. Ho kopana hona ha tšohanyetso ho ne ho ama pelo. Bobeli ba bona ba ile ba lla ka baka la ho ameha maikutlo ’me ba kopana joaloka moena le khaitseli. Hona joale motho enoa eo pele e neng e le lesholu le mohlaseluoa oa hae ba rorisa Jehova.”

Motho e mong, e leng Isabel, le eena o ne a hloka ho thusoa, hobane o ne a tumme ka ho ba sefela-peloana. O ne a keneletse ka ho teba tabeng ea ho sebelisana le meea e khopo le boloi ’me o ne a hlokofatsoa ke bademona. Ha a ntse a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a fumana hore litaba tse molemo li hlile lia thusa. Ka mor’a nako e itseng, o ile a itlhohlolla taolong ea bademona ’me a fetola botho ba hae—qetellong o ile a ithuta ho laola bohale ba hae. Hona joale ke Mokreste ea tšepahalang, ea tsebahalang ka ho ba motho ea mosa ha a sebelisana le ba bang.

E, litaba tse molemo hase khopolo feela tjee. Li na le matla a sebele a ho fetola bophelo. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Ebile li etsa ho fetang hoo. Hape li bua ka tlhohonolofatso ea nakong e tlang.

Litlhohonolofatso tse sa Ntseng li tla

Ho latela Lentsoe la Molimo, nako e tlang e tšoere litebello tse hlollang. Re tla bona phethahatso ea thapelo ea Jesu bakeng sa ’Muso oa Molimo hore o tle le bakeng sa hore thato ea Hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Mattheu 6:10) Haufinyane, tsamaiso ea joale ea lintho le tšenyeho ea eona e tepeletsang maikutlo le pefo li tla felisoa, ’me puso ea Molimo ea leholimo, ’Muso oa hae, o tla busa batho ba pelo li lokileng ba ikemiselitseng ho mamela le ho utloa litaba tse molemo.—Daniele 2:44.

Liphetoho tse khōlō li tla latela ha batho ba tšepahalang ba tataisetsoa hore ba fetole lefatše paradeise moo batho ba bonolo ba tla phela ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:11, 29) Ruri, litaba tse bolelang hore tlōlo ea molao, boloetse, tlala, tšilafalo, le lintoa li tla fela ka ho sa feleng li molemo! Na u ka nahana u se u bona uena le lelapa la hao le phela lefatšeng leo le lecha ka khotso le na le bophelo bo botle ka ho phethahetseng le se na tšabo ea ho kula kapa ho shoa?—Tšenolo 21:4.

Ke ’nete hore batho ba bangata ba nahana hore litaba tse molemo joalo ke ho feteletsa litaba kapa ke tse inahaneloang. Empa ba fositse. Litaba tse molemo li theiloe bopaking bo tiileng, ’me li se li fetotse bophelo ba batho ba limillione. Kahoo, le ka mohla u se ke ua tšoha haeba batho ba bang ba sa lumele.

Nahana feela ka motho ea bohlale ea rekang setša se leng sebakeng sa ntlafatso, a tšepile ho fumana phaello letseteng leo a le etsang. Na ho na le motho ea ka mo behang molato bakeng sa ho sebelisa chelete ea hae ka tsela eo? Che. Ho ka etsahala hore batho ba bolele hore o sebetsa ka bohlale. Ke hobane’ng he ha u sa bonele ’Muso pele ’me u etse letsete litabeng tse molemo? Kaha ho amohela litaba tse molemo ho bolela poloko, ha ho na letsete le leng le tla tlisa molemo o moholo ho feta o ka tlisoang ke leo.—Ba-Roma 1:16.

U ka etsa letsete litabeng tse molemo ka tsela efe? Taba ea pele, ikemisetse ho rutoa ke Molimo. Ebe u sebetsa tumellanong le seo u ithutang sona. Latela litlhokahalo tsa motheo, joalokaha li thathamisitsoe ke moprofeta oa boholo-holo oa Moheberu: “Ke’ng seo Jehova a se batlang ho uena haese ho sebelisa toka le ho rata mosa le ho ikokobetsa ha u tsamaea le Molimo oa hao?” (Mikea 6:8, NW) Ho ithuta ho tsamaea le Molimo ho nka nako ebile ho hloka boiteko. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova, tse ileng tsa thusa Roberto le Isabel, li tla thabela ho u thusa tabeng ena—joalokaha li ile tsa thusa ba bang ba limillione ho theosa le lilemo.

Ha u ntse u emetse ho phethahatsoa ha litšepiso tsa Molimo, lebela letsete la hao ka ho phela tumellanong le litaba tse molemo, u thabela khotso ea kelello u bile u haha kamano e haufi-ufi le Molimo. Letsete la hao le tla sireletseha—ha ho khatello ea moruo kapa phetoho ea lipolotiki e tla le sokela. ’Me qetellong, le tla kenya phaello e babatsehang. Phaello eo ke eng? Moapostola Johanne o ile a ngola: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipeō tsa litaba tse molemo li oela mefuteng e sa tšoaneng ea mobu

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela