Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 2/1 maq. 2-4
  • Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Eng se Etsang Hore re be Molemo Kapa re be Babe?
    Tsoha!—2010
  • Kamoo Botle bo Tla Hlōla Bobe Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 2/1 maq. 2-4

Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng

LIBAESEKOPONG tsa nakong e fetileng, “motho ea neng a etsa ntho e nepahetseng kapa e ntle” ka mehla o ne a hlōla tšusumetso ea bobe. Empa boemong ba sebele ha hoa ka ha ba bonolo hakaalo. Hangata lefatšeng la sebele ho bonahala hore bobe boa hlōla.

Litlaleho tse tšosang tsa liketso tse mpe li hlahella ka mehla khasong ea litaba tsa mantsiboea. Ka leboea ho United States, monna oa Momilwaukee o bolaea batho ba 11 ’me o pata litho tsa ’mele ea bona tse khaohileng ka sehatsetsing sa hae. Ho elella tlaase-tlaase boroa, molata o itšohlometsa ka lebenkeleng la lijo la Texas ’me o qala ho thunya ka sethunya sa morathatha o sa khethe motho ka metsotso e leshome, o bolaea batho ba 23, ho akarelletsa le oona. Korea mohanyetsi ea halefileng o chesa Holo ea ’Mu- so ea Lipaki tsa Jehova, a bolaea barapeli ba 14.

Hase feela liketsahalo tsena tsa pefo e mpe tse etsahalang ngope-setšoha empa ho na le bobe bo bong bo tšosang bo amang lefatše—ho felisoa ha morabe o itseng le ha litho tsa mokha o itseng oa lipolotiki. Ho hakanngoa hore Maarmenia a millione, Bajode ba limillione tse tšeletseng, le Macambodia a fetang millione a bolailoe ha ho felisoa batho ba morabe o itseng le litho tsa mokha o itseng oa lipolotiki lekholong lena la lilemo feela. Naheng eo pele e neng e le Yugoslavia ntho e bitsoang tlhoekiso ea morabe e amme ba bangata. Ha ho motho ea tsebang hore na ke limillione tse kae tsa batho ba se nang molato ba hlokofalitsoeng ka sehlōhō lefatšeng lohle.

Lihlōhō tse kang tsena li re qobella ho tobana le potso e tšoenyang, Ke hobane’ng ha batho ba itšoara ka tsela ee? Re ke ke ra tlohela liketsahalo tsena tse tšosang ka ho li nka e le lintho tse etsoang ke batho ba seng bakae ba kulang kelellong. Tekanyo e feletseng ea bobe bo etsoang lekholong la rōna ha e lumellane le tlhaloso e joalo.

Ketso e mpe e hlalosoa e le ea boitšoaro bo fosahetseng. Ke ketso e hlohlelelitsoeng ke motho e mong ea khonang ho khetha pakeng tsa ho etsa se setle le ho etsa se sebe. Ka tsela e itseng tsela eo a talimang boitšoaro ka eona e ka ba e fosahetseng ’me bobe ba hlōla. Empa ke hobane’ng ha hoo ho etsahala, hona ho etsahala joang?

Litlhaloso tsa bolumeli bakeng sa bobe hangata ha li khotsofatse. Rafilosofi oa Mok’hatholike Thomas Aquinas o ile a bolela hore “lintho tse ngata tse ntle li ne li tla tlosoa haeba Molimo a ne a sa lumella bobe hore bo be teng.” Bo-rafilosofi ba bangata ba Maprostanta ba na le pono e tšoanang. Ka mohlala, joalokaha ho boletsoe ho The Encyclopædia Britannica, Gottfried Leibniz o ne a talima bobe e le “motsoako oa botle lefatšeng, oo bo o eketsang ka baka la ho se tšoane.” Ka mantsoe a mang, o ne a lumela hore ho hlokahala hore bobe bo be teng e le hore re ka ananela botle. Ho beha mabaka ka tsela eo ho tšoana le ho bolella mokuli oa kankere hore boloetse ba hae bo tšoana feela le se hlokahalang hore motho e mong a ikutloe a phela hantle.

Merero e mebe e tlameha ebe e tsoa sebakeng se itseng. Na Molimo o molato ka tsela e sa tobang? Bibele ea arabela: “Motho ha a lekoa, a se ke a re: Ke lekoa ke Molimo. Hobane Molimo ha o lekoe ke bobe, ’me ha o leke motho ka jona.” Haeba Molimo a sa ikarabelle, ke mang ea ikarabellang? Litemana tse latelang li fana ka karabo: “Motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” (Jakobo 1:13-15) Kahoo ketso e mpe e hlaha ha takatso e mpe e hlaoleloa ho e-na le ho haneloa. Leha ho le joalo, ho ameha ho eketsehileng.

Mangolo a hlalosa hore litakatso tse mpe li hlaha hobane batho ba na le sekoli se tebileng—ho se phethahale ho futsitsoeng. Moapostola Pauluse o ngotse: “Joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Ka baka la sebe se futsitsoeng, boithati bo ka hlōla mosa monahanong oa rōna, ’me bokhopo bo ka hlōla mohau.

Ho hlakile hore ka tlhaho batho ba bangata baa tseba hore ho itšoara ka tsela e itseng ho fosahetse. Matsoalo a bona—kapa ‘molao o ngotsoeng lipelong tsa bona’ joalokaha Pauluse a o bitsa—o ba eletsa hore ba se ke ba etsa ntho e mpe. (Ba-Roma 2:15) Ho ntse ho le joalo, tikoloho e nang le bokhopo e ka hatella maikutlo a joalo, ’me letsoalo le ka shoa haeba le hlokomolohuoa khafetsa.a—Bapisa le 1 Timothea 4:2.

Na ke ho se phethahale ha motho feela ho ka hlalosang bobe bo bontšoang litšoantšisong nakong ea rōna? Rahistori Jeffrey Burton Russell o hlokometse: “Ke ’nete hore ho na le bobe ka ho e mong le e mong oa rōna, empa ho kopanya hammoho esita le manane a maholo a bobe ba motho ka mong ha ho hlalose Auschwitz . . . Bobe bo etsoang ka tekanyo ena bo bonahala bo hlalosoa ka tsela e sa tšoaneng le ho ba le tekanyo e sa tšoaneng.” Ke Jesu Kreste feela ea ileng a khetholla mohloli ona o fapaneng oa bobe ka ho o hlalosa.

Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a hlalosa hore batho ba neng ba rera ho mo bolaea ba ne ba sa etse sena ka boikhethelo ba bona. Matla a sa bonahaleng a ne a ba tataisa. Jesu a ba bolella: “Lōna le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng.” (Johanne 8:44) Diabolose, eo Jesu a mo bitsitseng “morena oa lefatše lena,” ka ho hlakileng o na le karolo e hlaheletseng tabeng ea ho ntšetsa bobe pele.—Johanne 16:11; 1 Johanne 5:19.

Ho se phethahale ha botho le tšusumetso ea bosatane li felletse ka mahlomola a maholo ka lilemo tse likete. ’Me ha ho na letšoao le bontšang hore ho tšoasa batho ha bona hoa qepha. Na bobe bo tla ba teng ka ho sa feleng? Kapa qetellong makhotla a botle a tla felisa bobe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bafuputsi ba sa tsoa bona kamano pakeng tsa pefo le tlōlo ea molao e etsoang ke bacha e bontšoang ka ho hlaka thelevisheneng. Libakeng tseo ho tsona pefo e jeleng setsi le malapa a arohaneng ke lisosa tsa ho ba hlaha. Ho Jeremane ea Bonazi likhopolo tsa bochaba tse jaloang li sa khaotse li ile tsa susumetsa batho ba bang hore ba lokafatse—esita le ho rorisa—lipolelo tse sokelang Bajode le Maslav.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover: U.S. Army photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

U.S. Army photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela