Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
HOO e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, Jesu Kreste, motho ea se nang molato, o bile tekong bakeng sa bophelo ba hae. Batho ba babe ba ne ba rera ho mo bolaea hobane a ne a bua ’nete. O ile a qosoa ka bohata ka ho ba khahlanong le bolaoli, ’me matšoele a ile a phehella hore a ahloleloe lefu. ’Musi oa Moroma, ea neng a nka botumo ba hae ba lipolotiki e le ba bohlokoa bo phahameng ho feta bophelo ba ’metli ea ikokobelitseng, o ile a ahlolela Jesu lefu le sehlōhō. Ka pono ea mahlo, ho ne ho bonahala eka bobe bo ne bo hlōtse.
Leha ho le joalo, bosiung bo etellang kahlolo ea hae pele, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) O ne a bolela’ng? Ka mantsoe a mang, hore bobe bo leng lefatšeng bo ne bo sa ka ba mo etsa hore a halefe kapa a iphetetse. Lefatše le ne le sa mo hatella hore a tšoane le lona ka bobe. (Bapisa le Ba-Roma 12:2, Phillips.) Esita leha a shoa, o ile a rapella babolai ba hae: “Ntate, u ba tšoarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34.
Jesu o ile a bontša—ho fihlela a shoa—hore bobe bo ka hlōloa. U ile a phehella balateli ba hae ho loana ntoa ea bona khahlanong le bobe. Ba ka etsa seo joang? Ka ho ela hloko keletso ea Mangolo ea ho ‘se busetse bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang’ le ho ‘hlōla bobe ka botle,’ joalokaha Jesu a entse. (Ba-Roma 12:17, 21) Empa na tsela e joalo e hlile ea sebetsa?
Ho Loantša Bobe Dachau
Else ke mosali oa Mojeremane ea ileng a kena teronkong Dachau ea ileng a fa ngoanana oa Morussia ea lilemo li 14 mpho ea bohlokoa, mpho ea tumelo le tšepo.
Dachau e ne e le kampo ea mahloriso e tummeng moo ho ileng ha shoa batho ba likete ’me ba makholo, ho akareletsa le ngoanana enoa oa Morussia, ho ileng ha etsoa liphuputso tse sehlōhō tsa bongaka ka bona. Dachau e ne e bonahala e le mohlala o totobetseng oa bokhopo. Leha ho le joalo, esita le mobung o joalo o bonahalang o ke ke oa beha, ho ile ha mela botle ’me ba ata.
Else o ile a ikutloa a qenehetse ngoanana enoa ea ka tlaase ho lilemo tse 20 haholo eo le eena a ileng a qobelloa ho shebella balebeli ba SS ha ba beta ’mè oa hae ka mokhoa o hlaha. Else a beha bophelo ba hae kotsing, ’me a batla menyetla ea ho buisana le ngoanana enoa ka botle le bobe le ka tšepo ea Mangolo ea tsoho. O ile a ruta motsoalle oa hae e mocha ho rata ho e-na le ho hloea. ’Me ngoanana oa Morussia o ile a pholoha liketsahalo tse tšosang tsa Dachau, ka baka la Else.
Else o entse sena hobane o ne a batla ho latela mohlala o hlokang boithati oa Kreste. Joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a ithutile ho se busetse bobe ka bobe, ’me tumelo ea hae ea mo susumeletsa ho thusa ba bang ho etsa se tšoanang. Le hoja a ile a shoa Dachau, o ile a hlōla boitšoarong ’musong o mobe. Hase eena feela.
Paul Johnson, bukeng ea hae A History of Christianity, o ile a hlokomela hore “[Lipaki tsa Jehova] li ne li hana tšebelisano leha e le efe le naha ea Bonazi eo li ileng tsa e nyatsa ka hore ke e khopo ka ho feletseng. . . . Karolo ea 97 lekholong e ile ea hlorisoa ka litsela tse fapaneng.” Na e ne e le ntoa eo ho se nang tšepo ea hore e tla lala? Bukeng Values and Violence in Auschwitz, seithuti sa kahisano sa Poland Anna Pawelczynska ha a bua ka Lipaki o itse: “Sehlotšoana sena sa batšoaruoa se ne se na le matla a maholo ’me se hlōtse ntoa ea sona khahlanong le Bonazi.”
Leha ho le joalo, ho ba bangata ho rōna, ntoa ea sehlooho e loanoa khahlanong le bobe boo e leng tšekamelo ea motho ka mong ho e-na le ho loana khahlanong le litšusumetso tse ka ntle tsa bobe. Ke ntoa e ka hare ho rōna ka borōna.
Ho Hlōla Bobe bo ka ho Rōna
Moapostola Pauluse o hlalositse ntoa ena ka tsela ena: “Seo ke se etsang ha e le hantle hase botle boo ke batlang ho bo etsa; ke bobe boo ke sa batleng ho bo etsa boo ke tsoelang pele ho bo etsa.” (Ba-Roma 7:19, The New Testament, ea William Barclay) Joalokaha Pauluse a ne a tseba hantle, hase ka mehla ho etsa botle ho itlisang feela ka tlhaho.
Eugenioa ke mohlankana oa Spain eo, ka lilemo tse peli tse telele, a ileng a loana ntoa khahlanong le litšekamelo tsa ho etsa bobe. Oa hlalosa: “Ke ne ke tlameha ho itšoara ka thata. Ho tloha ha ke sa le monyenyane, ke ne ke e-na le tšekamelo ea ho kenella boitšoarong bo bobe. Ha ke le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ke ile ka kopanela meketeng ea basodoma e se nang taolo, ’me ka botšepehi, ke ne ke thabela mofuta o joalo oa bophelo.” Ke’ng se ileng sa etsa hore qetellong a batle ho fetoha?
Eugenio o itse: “Ke ne ke batla ho khahlisa Molimo, ’me ke ile ka ithuta Bibeleng hore ha a amohele tsela eo ke neng ke phela ka eona. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ba motho ea fapaneng, ea phelang tumellanong le litataiso tsa Molimo. Letsatsi le leng le le leng, ke ne ke tlameha ho loantša mehopolo e fosahetseng, e litšila e neng e ntse e tla ka bongata kelellong ea ka. Ke ne ke ikemiselitse ho hlōla ntoa ena, eaba ke rapella thuso ho Molimo ke sa khaotse. Ka mor’a lilemo tse peli ho hobe ka ho fetisisa ho ne ho fetile, le hoja ke ne ke ntse ke itšoere ka thata. Empa ntoa ena e ne e le molemo. Hona joale kea itlhompha, ke na le lenyalo le molemo, ’me ka holim’a tsohle, ke na le kamano e ntle le Molimo. Ke tseba ho tsoa phihlelong ea botho hore mehopolo e mebe e ka felisoa pele e beha litholoana—haeba u hlile u etsa boiteko.”
Botle bo hlōla bobe nako e ’ngoe le e ’ngoe eo monahano o mobe o haneloang, nako e ’ngoe le e ’ngoe eo ka eona re hanang ho busetsa bobe ka bobe. Empa, litlholo tse joalo, e le tsa bohlokoa hakaalo, ha li felise mehloli e ’meli e meholo ea bobe. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, re ke ke ra hlōla mefokolo e futsitsoeng ka ho feletseng, ’me Satane o ntse a sebelisa tšusumetso e mpe ho batho. Kahoo na boemo boo bo sa tla fetoha?
Ho Felisa Diabolose
Botšepehi boo Jesu a bileng le bona ho fihlela lefung e bile tsela e ka sehloohong ea ho hlōla Satane. Diabolose o ile a hlōleha boitekong ba hae ba ho senya botšepehi ba Jesu, ’me ho hlōleha ho joalo ho ile ha tšoaea qaleho ea ho felisoa ha Satane. Joalokaha Bibele e hlalosa, Jesu o ile a latsoa lefu hore “a felise ka lefu la hae ea nang le ’muso oa lefu, ke ho re, Diabolose.” (Ba-Heberu 2:14) Ka mor’a tsoho ea hae Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng.” (Mattheu 28:18) ’Me borena bona bo tla sebelisoa ho felisa mesebetsi ea Satane.
Buka ea Tšenolo e hlalosa letsatsi leo Jesu a neng a tla tlosa Satane leholimong ka lona. Moetsi e Moholo oa Bobe, hammoho le bademona ba hae, o ne a tlameha ho ba lefatšeng. Ka baka la ketsahalo ena, Bibele e hlokomelisa hore bobe bo ne bo tla ngatafala: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:7-9, 12.
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore ketsahalo ena ea histori e se e etsahetse—nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.b Sena se hlalosa keketseho e tšoailoeng ea bobe boo re bo bonang nakong ea rōna. Empa haufinyane Satane o tla tlangoa ka ho feletseng e le hore a se ke a hlola a susumetsa motho leha e le ofe.—Bona Tšenolo 20:1-3.
Sena sohle se tla bolela eng bakeng sa batho?
“Ba ke ke ba Etsa Bobe”
Joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo, haufinyane Jesu o tla sebelisa ‘matla a hae holim’a lefatše’ bakeng sa ho hlophisa lenaneo la tsosoloso ea thuto ea moea. “Baahi ba lefatše ba tla ithuta ho loka.” (Esaia 26:9, BPN) Melemo e tla totobala ho e mong le e mong. Bibele ea re tiisetsa: ‘Li ke ke tsa ntša kotsi [“li ke ke tsa etsa bobe,” Interlinear Hebrew/Greek English Bible ea Green] kapa tsa senya . . . hobane lefatše le tla be le tletse tsebo ea Jehova joalokaha metsi a tletse leoatle.’—Esaia 11:9.
Esita le hona joale, litšekamelo tsa rōna tse ngata tse mpe li ka hlōloa. Ha tšusumetso ea bodemona e se e le sieo, ho tla ba bonolo haholo ho ‘furalla bobe le ho etsa se molemo.’—1 Petrose 3:11, BPN.
Re na le mabaka a feletseng a ho kholiseha hore botle bo tla hlōla bobe hobane Molimo o molemo, ’me ka thuso ea hae ba lakatsang ho etsa botle ba ka hlōla bobe, joalokaha Jesu a pakile sena ka mohlala oa hae. (Pesaleme ea 119:68) Bao hona joale ba ikemiselitseng ho loantša bobe ba ka lebella ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng le busoang ke ’Muso oa Molimo, puso e reretsoeng ho felisa bobe ka ho sa feleng. Mopesaleme o hlalosa phello: “Mohau le ’nete li teane, ho loka le khotso li akane; ’nete e mela lefatšeng, ’me ho loka ho talimile ho le maholimong.”—Pesaleme ea 85:10, 11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la sebele.
b Bakeng sa makolopetso a eketsehileng, bona maqephe 20-2 a buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.