“Lumela! Na Ua Tseba Hore Lebitso la Molimo ke Mang?”
OFISI ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Brazil, e ile ea amohela lengolo le tsoang ho mafahla a lilemo li 12 a motseng oa Fortaleza le nang le litaba tse latelang:
“Ka 1990 ha re ne re le sehlopheng sa bohlano, sekolo sa rōna se ile sa lokisetsa pontšo ea lintho tsa saense, mesebetsi ea matsoho le lihlahisoa tsa temo. Re ile ra hlalosetsa tichere hore re batla hore re etse se fapaneng le seo liithuti tse ling li rerang ho se etsa. Kaha e ne e ile ea re utloa re bua ka Jehova le ka Bibele pele, ea etsa tlhahiso: ‘Le ka ngola ka Molimo oa lōna!’
“Re ile ra bona hore sena ke monyetla oa ho fana ka bopaki ’me ra etsa qeto ea ho beha lingoliloeng tsa Bibele tse lebisang tlhokomelo lebitsong la Jehova hammoho ka tsela eo li bonahalang hantle ho batho. Ra hōlisa mongolo oa mantsoe a Pesaleme ea 83:18 ’me ra a manamisa setšoantšong sa Bibele e phetliloeng. Hape, re ile ra beha liphetolelo tse fapa-fapaneng tsa Bibele tse nang le lebitso la Jehova holim’a tafole. Tafoleng eona eo, re ile ra beha lingoliloeng tse fapa-fapaneng tsa Bibele. Qetellong ea tafole, re ile ra beha VCR [videocassette recorder] le TV bakeng sa ho bontša baeti mohlala o le mong moo lebitso Jehova le ileng la sebelisoa baesekopong e tummeng.
“Nakong ea pontšo ena, ha motho a ne a tla tafoleng ea rōna, re ne re re: ‘Lumela! Na ua tseba hore lebitso la Molimo ke mang?’ Ka mor’a ho fa moeti monyetla oa ho araba, re ne re tsoela pele: ‘Bona mona! Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li bontša hore lebitso la hae ke Jehova,’ re supa lebitso leo Libibeleng tse fapa-fapaneng, tse kang ea João Ferreira de Almeida, The Jerusalem Bible, le New World Translation. Eaba re bontša pono eo ho eona motšoantšisi ea ka sehloohong oa baesekopo a phahamisang Jehova joaloka lebitso la Molimo. Ha batho ba ne ba bontša thahasello, re ne re ba fa makasine kapa pampitšana e nang le boitsebiso bo eketsehileng.
“E mong oa bacha ea ileng a tla tafoleng ea rōna o ile a kōpa buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Tichere ea rōna ea hlahloba buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ’me ea khotsa: ‘Khele! Ke buka e thahasellisang hakaakang!’ Ha pontšo e fela, re ne re tsamaisitse libuka tse 7, lipampitšana tse 18 le limakasine tse 67. Re ile ra hlaha boemong ba boraro pontšong ena. Empa ka holimo ho tsohle, seo re neng re se thabetse haholo ke tokelo ea ho tsebahatsa lebitso la Molimo, Jehova.”