Paradeise Kapa Thotobolo—U Khetha Efe?
SEO a leng sona se ne se totobetse ho mang kapa mang: mohahlauli oa Europe ea neng a batla ho phomola ’me a laba-labela ho thabela khanya ea letsatsi sehleke-hlekeng se setle se kang paradeise. Ha a feta liqubung tsa lehlabathe tse arohaneng tse entseng moeli lebōpong la leoatle, o ile a khetha ka hloko moo a tsamaeang teng har’a lithōle tsa libotlolo tse lahliloeng, makotikoti, mekotlana ea polasetiki, lipampitšana tse phuthelang chapisi le lipompong, likoranta le limakasine. Ka ho hlakileng a tenehile, o ile a ipotsa haeba e le eona paradeise eo a tlileng ho eona.
Na u kile ua ba le phihlelo e tšoanang? Ke hobane’ng ha batho ba lakatsa nako ea ho phomola paradeiseng e itseng, empa hang ha ba se ba le moo, ho bonahala ho se ntho e ba thibelang ho e fetola thotobolo ea sebele?
Eseng “Paradeiseng” Feela
Ho se tsotelle hona ho hlakileng bakeng sa botle, makhethe, le bohloeki ha ho etsahale feela “liparadeiseng” tseo bahahlauli ba bangata ba eang ho tsona ka bongata. Mokhatlo oa kajeno oa batho o hlasetsoe haholo ke tšilafalo hoo e ka bang libakeng tsohle. Lifeme tse ngata li silafatsa ka tekanyo e khōlō ka ho etsa litone tsa litšila. Litšila tse nang le chefu tse sa lahloeng hantle le oli e tšolohang ka kotsi li sokela ho senya likarolo tse khōlō tsa lefatše la rōna, ho li etsang hore li se tšoanelehe bakeng sa bophelo.
Lintoa le tsona lia silafatsa. Ha lefatše le ne le phahamisitse matšoafo, ntoa ea Koung ea Persia ka 1991 e ile ea eketsa tekanyo e ncha. Mabotho a Iraq a ile a chesa liliba tse ka bang 600 tsa oli ka boomo, ha fetola Kuwait ho ba seo koranta ea Europe e ileng ea se hlalosa e le “pono e tšabehang ea lihele.” Makasine oa Jeremane Geo o ile oa bitsa sebopi seo “tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa ea tikoloho e kileng ea etsoa ke batho.”
Ha ntoa e lala, hang-hang ho ile ha qaloa ka mosebetsi oa tlhoekiso. Ho tima liliba tse tukang tsa oli ho ile ha akareletsa mosebetsi o thata o nkileng likhoeli tse ngata. World Health Organization (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle) e ile ea tlaleha hore tšilafalo e eketsehileng e bakiloeng Kuwait e ka etsa hore palo ea mafu moo e eketsehe ka karolo ea 10 lekholong.
Ha e Kotsi Haholo Empa e Tena Haholo
Bakeng sa mohlala o mong le o mong oa tšilafalo ea tikoloho o totobetseng le o hlokomelehang oa tekanyo e khōlō, ho boetse ho na le e meng e likete-kete ea tekanyo e nyenyane. Batho ba silafatsa libaka tsa sechaba ’me le “batšoantši” ba ngolang maboteng e ka ba basilafatsi ba seng kotsi haholo, empa leha ho le joalo ba thusa ho amoha polanete Lefatše matla a ho ba paradeise.
Libakeng tse ling mongolo oa leboteng o hohle hoo baahi ba fetohileng “lifofu tsa mongolo oa leboteng,” ha ba sa o hlokomela ho hang. O ka makarecheng a literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, maboteng a meaho, le libakeng tsa lithelefono. Mongolo oa leboteng ha o sa fella feela maboteng a matloana a sebelisoang ke sechaba.
Litoropo tse ling li tletse mehaho e senyehileng le e hlokang batho. Libaka tsa bolulo li tlosoa seriti ke matlo le lijarete tse bohlasoa. Mesoahla ea likoloi, mechine e lahliloeng le likotoana tsa lintho tse seng li sa sebelisoe li tletse lijareteng tsa mapolasi ao a neng a ka hohela.
Libakeng tse ling ho bonahala batho ba sa amehe ka ’mele e litšila le e bohlasoa. Ho tsamaea motho a apere ka mokhoa o bohlasoa le ho se itlhophe hantle ha ho amohelehe feela empa hape ke feshene. Batho ba ananelang makhethe le bohloeki ba talingoa joaloka ba siiloeng ke linako.
Ke Mosebetsi o Moholo Hakaakang!
Ke phutuho e khōlō hakaakang ea tlhoekiso e tla hlokahala ho fetola mabōpo a leoatle, meru le lithaba tsa lehae la rōna lefatše hore e be paradeise e tšoantšitsoeng likoahelong tsa limakasine tsa bahahlauli tse hohelang—ho sa boleloe letho le tlang ho etsoa metseng e meholo, litoropong, le mapolasing le ho batho ka bobona!
Mohahlauli ea boletsoeng ka holimo o ile a thabela ho bona sehlopha sa bahloekisi se hloekisa sebaka seo hamorao letsatsing leo ’me se tlosa likotoana tse khōloanyane tsa lintho tse seng li sa sebetse. Leha ho le joalo, ba ile ba siea likotoana tsa khalase e thubehileng, likoahelo tsa libotlolo, likoahelo tsa makotikoti, le litompi tsa lisakerete. Kahoo esita le ka mor’a tlhoekiso, ho ne ho sa ntse ho na le bopaki bo bongata ba hore karolo eo ea naha e ne e tšoana haholoanyane le thotobolo ho e-na le paradeise.
Tlhoekiso ea lefatše lohle ho pholosa polanete Lefatše hore e se fetohe thotobolo ea lefatše lohle e tla hloka ho tlosa matšoao ’ohle a bonahalang a lintho tsena tse senyang. Na ho na le litebello leha e le life tsa hore tlhoekiso e joalo e tla etsoa? Haeba ho joalo, joang? Ke mang ea tla e etsa? Neng?