Ho Felisa Tšilafalo—Pelong le Kelellong
JEHOVA ha aa fa batho takatso ea litšila kapa ho hloka tlhophiso. Polanete eo e leng lehae la bona e ne e etselitsoe ho ba paradeise ea bohloeki, e nang le tlhophiso le botle. Molimo ha aa ka a rera hore e fetohe thotobolo e sa khahliseng.—Genese 2:8, 9.
Leha ho le joalo, ka mor’a hore batho ba hane tataiso ea Molimo, ba ile ba qala ho iketsetsa taolo ea bona ea lefatše. Ntle ho molemo oa bohlale ba Molimo le ho haelloa ke phihlelo, ba ile ba tlameha ho ithuta ho fumana tsela e molemo ka ho tlosa liphoso. Histori ea lefatše e tiisa ’nete ea Bibele ea hore batho ba ke ke ba ipusa ka ho atlehileng; hobane ka lilemo tse likete motho o ’nile a busa “motho e mong ho mo ntša kotsi.” (Moeklesia 8:9, NW; Jeremia 10:23) Bothata ba kajeno ba tšilafalo, ka mefuta ea eona eohle, ke phello ea puso e mpe ea motho.
Ho Amohela Pono ea Molimo
Batho ba lakatsang ho khahlisa Molimo ba leka ka matla ho phela tumellanong le litekanyetso tsa ’Mōpi tsa bohloeki. Ka hona, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tobana le bothata ha kopano e khōlō ea machaba e lokisetsoa ho tšoareloa Prague, Czechoslovakia, bohareng ba 1991.a Batho ba ka bang 75 000 ba ne ba tla ba teng, ’me ke letšoele le neng le ka lula hantle ka bolokolohi Lebaleng la Lipapali la Strahov. Empa e ne e le lilemo tse hlano lebala leo la lipapali le sa sebelisoe. Le ne le le boemong ba ho se lokisoe, ’me le ne le sentsoe ke maemo a leholimo. Lipaki tsa Jehova tse ka bang 1 500 li ile tsa sebetsa lihora tse fetang 65 000 li lokisa lebala lena le ho le penta hape. Ka nako ea kopano phutuho ena ea tlhoekiso e ne e se e lokisitse lebala la lipapali ho ba sebaka se tšoanelehang bakeng sa ho rapela Molimo oa ’nete, Jehova.
Ke eng se susumeletsang Lipaki tsa Jehova ho ba tse fapaneng, ha lefatše ka ho tloaelehileng le bontša kananelo e fokolang joalo bakeng sa bohloeki le tlhophiso? Ke kananelo bakeng sa keletso ea Bibele ea hore Bakreste ba lokela ho lahla litšobotsi tse fosahetseng, joaloka boithati, ho se nahanele, meharo, le ho haelloa ke lerato. Bibele e re: “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae.” O lokela ho nkeloa sebaka ke “motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mōpileng.” Botho bo khetholloang ke lerato bakeng sa bohloeki, tlhophiso, le botle ha bo na sebaka sa litšobotsi tse silafatsang.—Ba-Kolosse 3:9, 10; 2 Ba-Korinthe 7:1; Ba-Filippi 4:8; Tite 2:14.
Botho bo bocha bo hloka Bakreste hore ba amehe ka tšilafalo, eseng ho silafatsa ho sa laoleheng kapa ho hlokomoloha melao ea ’muso e thibelang tšilafalo. Bo ba thusa ho qoba ho amohela boikutlo ba ho se tsotelle, ba boithati le ba botsoa bo fellang ka tšilafalo. Ka ho hōlisa tlhompho bakeng sa thepa ea ba bang, bo thibela ho sebelisa mongolo oa leboteng e le tsela ea ho hlahisa maikutlo a hao, e le boithabiso bo se nang kotsi, kapa e le mofuta o mong oa ho tšoantša. Bo hloka hore matlo, makoloi, liaparo le ’mele li bolokoe li hloekile.—Bapisa le Jakobo 1:21.
Na Molimo a ka fumanoa a le phoso ka ho thibela batho ba sa ikemisetsang ho apara botho bona bo bocha ho fumana bophelo Paradeiseng ea hae e tlang? Le hanyenyane. E mong le e mong ea ntseng a na le litšekamelo tsa ho silafatsa tse patehileng pelong ea hae kapa kelellong a ka sokela botle ba paradeise e tsosolositsoeng polaneteng ea Lefatše, ho ka bakang masoabi ho ba lakatsang ho e boloka. Qeto ea Molimo “ea ho senya ba senyang lefatše” e lokile ebile e lerato.—Tšenolo 11:18; 21:8.
Na re Lokela ho Nka Karolo ka Mafolo-folo?
Leha ho le joalo, na hona ho bolela hore Bakreste ba lokela ho khothaletsa litekanyetso tse thibelang tšilafalo kapa tsa tlhoekiso?
Ho hlakile hore tšilafalo e kotsi bakeng sa bophelo bo botle le tšireletseho ea batho. Jehova o na le kameho e loketseng ka litaba tse joalo, joalokaha re bona melaong eo a e fileng Baiseraele. (Exoda 21:28-34; Deuteronoma 22:8; 23:12-14) Empa ha ho mohla a ileng a ba laela ho phehella batho ba bang hore ba kenelle litabeng tsa tšireletseho ea batho; kapa leha e le ho bolella Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho etsa joalo.
Kajeno, litaba tsa tikoloho habonolo li ka fetoha khang ea lipolotiki. Ha e le hantle, ho thehiloe mekhatlo e meng ea lipolotiki ka ho khethehileng bakeng sa morero oa ho rarolla mathata a tikoloho. Mokreste ea lumellang ho susumetsoa ho nka karolo litabeng tsa lipolotiki ha a sa hlola a na le boemo ba ho se nke karolo lipolotiking. Jesu o behetse balateli ba hae molao-motheo ona: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Mokreste ea sa eleng tlhokahalo eo hloko o ipeha kotsing ea ho nka karolo le “marena a lefatše lena a felang.”—Johanne 17:16; 1 Ba-Korinthe 2:6.
Jesu ha aa ka a leka ho rarolla mathata ’ohle a batho a mehleng ea hae; kapa leha e le ho bolella balateli ba hae ho etsa joalo. Taelo ea hae ho bona e ne e le ena: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse . . . , ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Ha aa ba laela ka melao ea tikoloho.—Mattheu 28:19, 20.
Ha Kreste a hlalosa se lokelang ho tla pele bophelong ba Mokreste, o ile a re: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Mattheu 6:33) Ha Jehova, ka ’Muso oa Bomessia, a tiisa melao-motheo ea hae e lokileng lefatšeng lohle, mathata a tikoloho a tla rarolloa ka ho sa feleng le ho khotsofatsa bohle.
Ka hona, Lipaki tsa Jehova li nka boemo bo leka-lekaneng. Ho ea ka Ba-Roma 13:1-7, ke tlamo hore li mamele ka kelo-hloko melao ea ’muso e laolang tikoloho. Ho phaella moo, lerato la moahisani la bomolimo le li susumeletsa ho bontša tlhompho bakeng sa thepa ea batho ba bang—ea sechaba kapa ea botho—ka ho se fetole ponahalo ea eona le ka ho se lahle lithōle li sa tsotelle. Ho hlakile hore ha li laeloe ho etella pele mehatong ea lefatše ea tlhoekiso. Ka ho loketseng li eteletsa boboleli ba molaetsa oa ’Muso oa Molimo pele, li hlokomela hore ena ke tsela ea ho etsa molemo oa ka ho sa feleng.
Tlhoekiso ea Moea
Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba lemosoa khafetsa ka liphello tsa haeba ba silafatsa lefatše ka ho tšolla mali, ka ho amohela mokhoa oa bophelo ba boitšoaro bo bobe, kapa ka ho se bontše tlhompho linthong tse halalelang. (Numere 35:33; Jeremia 3:1, 2; Malakia 1:7, 8) Habohlokoa, ba ile ba fuoa kotlo bakeng sa tšilafalo e joalo ea moea, eseng tšilafalo leha e ka ba efe ea nama eo e ka ’nang eaba ba ne ba le molato ka eona.b
Ka hona, ke tšilafalo kapa litšila tsa moea tsa kajeno tseo haholo-holo Mokreste a lokelang ho ikitlaetsa ho li qoba. O etsa sena ka ho “apara botho bo bocha,” bo felisang litšekamelo tse silafatsang pelong le kelellong. Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho limillione tse ’nè li rua molemo tlhoekisong ena ea moea, boemong ba tsona li finyella bohloeki ba bolumeli le ba boitšoaro, hammoho le bohloeki ba ’mele bo bonahalang.—Ba-Efese 4:22-24, NW.
Kajeno ke nako ea letšolo la tlhoekiso ea moea. Letšolo la tlhoekiso ea lefatše lohle le tla latela ka nako e loketseng ’me le tla pholosa lehae la rōna hore le se fetohe thotobolo ea lefatše lohle ka ho le neha tikoloho e hlokang tšilafalo eo e le tšoanelang.—Moeklesia 3:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlaleho e qaqileng letotong lena la likopano tsa Europe Bochabela, bona Tsoha! ea January 8, 1992.
b Baiseraele ba ne ba tloaelane le mokhoa oa ho qhibilihisa. Ho ile ha fumanoa mesaletsa ho e meng ea merafo ea bona ea koporo, ’me koporo e ne e qhibilihisoa ho etsa lisebelisoa tsa tempele. (Bapisa le 1 Marena 7:14-46.) Ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore mokhoa ona oa ho qhibilihisa o ne o ka etsoa ntle le ho baka tšilafalo e itseng ka mosi, manya, le molora, mohlomong le liphello tse ling tse kotsi. Leha ho le joalo, ho bonahala eka Jehova o ne a ikemiselitse ho mamella tšilafalo e seng kae sebakeng sena se nang le baahi ba qalikaneng le se ka thōko.